Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Burundi: Nolla o bontša banna ba ileng ba kōpa mashala Molula-Qhooa

HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Afrika

Afrika
  • PALO EA LINAHA 58

  • PALO EA BAAHI 1 082 464 150

  • PALO EA BAHOELETSI 1 453 694

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 3 688 959

O Paka ka Sethuthuthu

Benin: Désiré o sebelisa radio e sethuthuthung sa hae ho bolella bapalami ba hae litaba tse molemo

Batho ba bangata ba lulang litoropong tse ka boroa ho Benin ba sebelisa lithuthuthu tse bitsoang li-zem ho nka batho. Désiré, eo e leng pula-maliboho ea thusang, o kentse radio sethuthuthung sa hae, ’me o lula a bapala lingoliloeng tse rekotiloeng le litšoantšiso tsa Bibele ka eona. Ha motho a qeta ho palama sethuthuthu sena sa hae, u tla fumana a se a mametse ka hloko. Batho ba bangata ba thabela ho mamela hoo ha ba tlameha ho theoha, ba tsilatsilang e be ba kōpa ho mamela rekoto kaofela. Désiré o re: “Ke ’nete hore ke ne ke tla thabela hore ba patale ba tsamaee, e le hore ke fumane motho e mong ea palamang, empa kea tseba hore ho mamela molaetsa oa ’muso ho bohlokoa ho feta chelete. Ho feta moo, sena se mpulela monyetla oa hore ke tsamaise lingoliloeng tse ngata.”

Ngoana ea Ileng a Phehella

Nolla ke ngoanana ea lilemo li tšeletseng ea lulang le lelapa labo sebakeng se maralla sa Burundi. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba pheha ka paola ka ntle, banna ba babeli ba neng ba sebetsa ha moahelani ba ile ba kōpa leshala ba re ba il’o hotetsa mollo. Nolla, ea e-s’o ka a kena sekolo o ne a ntse a beseletsa mollo ha banna bao ba fihla. O ile a ba lumella hore ba nke mashala a seng makae. Ka mor’a nakoana, Nolla o ile feta haufi le banna bao, eaba o hlokomela hore ba sebelisitse mashala ao ho hotetsa lisakarete. Sena se ile sa mo utloisa bohloko haholo, eaba o re ho bona: “Haeba feela ke ne ke tsebile hore le tl’o hotetsa lisakarete ka mashala ao, nkabe ke sa le fa ’ona.” O ile a hopola makasine oo a ileng a o bona Holong ea ’Muso o neng o e-na le setšoantšo sa sakerete. O ile a mathela Holong ea ’Muso eaba o tla le limakasine tse peli tsa Molula-Qhooa oa June 1, 2014, tse neng li bua ka ho tsuba. Nolla o ile a khutlela ho banna bao, eaba o ba fa limakasine tseo ’me a ba qophella hore ba hle ba li bale. Hamorao o ile a kopana le bona hape, eaba o ba fa limemo tsa kopano ea Setereke. Banna bana ba ile ba makatsoa ke tsela eo ngoanana enoa a ba qopheletseng ka eona, eaba ba etsa qeto ea ho tla kopanong matsatsi a mabeli. Nakong ea khefu, Nolla o ile a ba bona eaba o ba memela ho tla ja le lelapa labo. Banna bana ba ile ba khahloa ke seo ba ileng ba se bona le ho se utloa kopanong, eaba ba qala ho ithuta Bibele.

Ho Bolela Litaba Tse Molemo Literonkong

Baholo ba Liberia ba bolela litaba tse molemo literonkong tse fapa-fapaneng tsa ’muso. Yves, ea sebeletsang e le pula-maliboho ea khethehileng motse-moholo, Monrovia, o re: “Ka March, batšoaruoa ba bararo e ile ea e-ba bahoeletsi. Hona joale, ho se ho e-na le bahoeletsi ba tšeletseng Monrovia Central Prison.” Ba etsa mosebetsi oa boboleli joang? Yves o re: “Ba ea tšimong ka Laboraro le ka Moqebelo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ba lumelloa ho kena seleng e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba bolele litaba tse molemo ho batšoaruoa-’moho le bona.” Batšoaruoa ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele ’me ba e-ba teng libokeng tse tšoareloang teronkong. Mor’abo rōna ea tsoang ofising ea lekala o ile a fana ka puo ea phatlalatsa, ’me e ne e mametsoe ke batšoaruoa ba 79. Literonkong tse ling tse tšeletseng ho ba le litlelase tsa ho ithuta Bibele kamehla ’me seo se thusa batšoaruoa hore ba etse liphetoho bophelong ba bona.

“Re Hloka Thuso”

Barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ka thata ho thusa batho ba thahasellang ba lulang mahaeng hore ba be teng Sehopotsong. Ka mohlala, Baroa ke bona batho ba pele ba ho lula karolong e ka boroa ea Afrika. Haesale e le bo-hloma-u-hlomole ba phelang ka lijo tsa naheng le ka ho tsoma. Ka 2015, mor’abo rōna Glenn, eo e leng pula maliboho ea khethehileng Namibia leboea, o ile a lokisetsa ho tšoara Sehopotso motseng oa Baroa o lik’hilomithara tse 270 ka bochabela ho Rundu. E ne e se e le lekhetlo la bobeli Sehopotso se tšoareloa moo. Makhetlong ao ka bobeli, ba boholong motseng oo ba ile ba lumella Lipaki Tsa Jehova ho sebelisa holo eo ho tšoareloang linyeoe ho eona li sa lefe letho. Batho ba 232 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong, ho sa tsotellehe pula e matla e neng e na pele ho sehopotso le ha se ntse se tsoela pele. Batho ba lulang sebakeng seo ba bua Sekhwe. Puo ea Sehopotso ile ea fanoa ka Senyesemane ’me ea fetoleloa ka Sekhwe. Kaha ha ho na Bibele ea Sekhwe, ba ile ba sebelisa mochine oa projector ho hlahisa litšoantšo tse hlalosang mangolo a kang Esaia 35:5, 6. Mor’abo rōna Glenn, ea nang le lithuto tsa Bibele tse hatelang pele sebakeng seo o re: “Ke lilemo tse peli joale ke ntse ke etela mona hanngoe ka khoeli. Ke hloma tente ebe ke lula matsatsi a seng makae. Ha ho bonolo hore batho ba moo ba hatele pele ka potlako, kaha ba lula hōle ’me le puo ea bona e thata. Re hloka thuso. Ha ke ea ho ba boholong sebakeng seo ho ea etsa litlhophiso tsa Sehopotso sa selemong sena, e mong oa bona o ile a re kōpa hore re hahe sebaka sa rōna sa borapeli motseng oo oa bona. O ile a re ba tla re fa setša ’me ba boele ba hahe ka chelete ea bona! A re seo rōna re tlamehang ho se etsa feela ke hore re tlise ‘moruti,’ kapa re koetlise e mong oa bona hore e be moruti!”

Namibia: Bahoeletsi ba babeli ba pakela mosali oa Mohimba