Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na u Lemoha Makhabane a Molimo?

Na u Lemoha Makhabane a Molimo?

Na oa hlolloa ha u bona lintho tseo ’Mopi a li entseng tse kang palesa e ntle, leholimo le tletseng linaleli le phororo e ntle? Popo e bonahatsa makhabane a Jehova a ikhethang. (Bar 1:​20) Ha re nahanisisa ka seo popo e leng sona, re ka hlokomela makhabane a Molimo a kang matla, lerato, bohlale, toka le hore o seatla se bulehileng.​—⁠Pes 104:⁠24.

Ke lintho life tseo Jehova a li bopileng tseo u li bonang letsatsi le letsatsi? Le haeba u lula metseng ea litoropo, u ntse u ka khona ho bona linonyana le lifate. Ho ipha nako ea ho boha popo ea Jehova, ho re thusa ho sebetsana le khatello ea maikutlo le ho tsoela pele re behile lintho tsa bohlokoa sebakeng sa pele ho e-⁠na le ho tšoenyeha ho tlola ka mathata a rona. Hape ho matlafatsa tumelo ea rona tabeng ea hore ehlile Jehova o tla lula a re hlokomela. (Mat 6:​25-32) Haeba u na le bana, ba thuse ho lemoha makhabane a tsotehang a Jehova. Ho rata popo ho etsa hore setsoalle sa rona le Jehova se tiee le ho feta.​—⁠Pes 8:​3, 4.

SHEBELLANG VIDEO EA POPO E ETSA HORE RE TLOTLISE MOLIMO​—⁠MEBALA. EBE KA MOR’A TENG LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng e re thusang ho bona mebala e fapa-fapaneng?

  • Ke eng e etsang hore ho be le mookoli?

  • Ke eng e etsang hore ho be le mebala e fapa-fapaneng leholimong?

  • Ke mebala efe eo u kileng oa e bona linthong tseo Molimo a li bopileng?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho ipha nako ea ho boha popo?

Khanya le mebala e fapaneng li bonahatsa makhabane a Jehova joang?