Daniele 12:1-13

  • ‘Nako ea bofelo’ le ka mor’a eona (1-13)

    • Mikaele o tla ema (1)

    • Batho ba bohlale ba tla khanya (3)

    • Tsebo ea ’nete e tla ba ngata (4)

    • Daniele o tla tsoha e le hore a fumane lefa la hae (13)

12  Ka nako eo, Mikaele*+ o tla ema,* khosana e kholo+ e emelang batho ba heno.* Ho tla ba le nako ea mahlomola e e-s’o ka e e-ba teng ho tloha ha ho ne ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo. Ka nako eo, batho bohle ba heno ba fumanoang ba ngotsoe bukeng+ ba tla phonyoha.+ 2  Bafu ba bangata* ba tla tsoha. Ba bang ba tla tsoha hore ba phele ka ho sa feleng ’me ba bang ba tla tsohela hore ba hlajoe ke lihlong ka ho sa feleng. 3  Batho ba bohlale ba tla khanya joaloka sepaka-paka ’me ba thusang ba bangata hore ba etse lintho tse lokileng, ba tla khanya joaloka linaleli ka ho sa feleng. 4  Daniele, u boloke mantsoe ana e le sephiri ’me u koale buka ena ho fihlela nakong ea bofelo.+ Ba bangata ba tla hlahlobisisa* buka eo ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”+ 5  Ke ile ka bona ba bang ba babeli ba eme haufi le noka, e mong a eme ka lehlakoreng lena la noka ’me e mong a eme ka lehlakoreng lane.+ 6  E mong oa bona a bua le monna ea apereng liaparo tsa line+ ea neng a le holim’a metsi a noka, a re: “Lintho tsee tse hlollang li tla nka nako e kae?” 7  Monna ea neng a apere liaparo tsa line a le holim’a metsi a noka, o ile a phahamisetsa letsoho la hae le letona le le letšehali leholimong eaba ke utloa a ikana ka Molimo ea phelang ka ho sa feleng+ a re: “Li tla nka linako tse tharo le halofo.* Lintho tsena tsohle li tla fela hang ha a qetile ho robakanya matla a batho ba halalelang.”+ 8  Ke ile ka utloa empa ke ne ke sa utloisise+ eaba ke re: “Moren’a ka, lintho tsee li tla fella joang?” 9  A re ho ’na: “Tsamaea Daniele, u koale buka ena ’me u boloke mantsoe a eona e le sephiri ho fihlela nakong ea bofelo.+ 10  Batho ba bangata ba tla itlhoekisa, ba etse lintho tse lokileng ’me ba phele bophelo bo hloekileng.+ Ba khopo ba tla etsa lintho tse khopo ebile ha ho na le ea mong oa bona ea tla utloisisa lintho tsena. Ba bohlale ke bona ba tla li utloisisa.+ 11  Ho tla feta matsatsi a 1 290 ho tloha ha ho khaotsoa ho etsoa sehlabelo se nyeheloang kamehla+ ’me ho hlonngoa ntho e nyonyehang le e senyang.+ 12  Ho thaba ea tla mamella* ho fihlela matsatsi a 1 335 a fela. 13  Daniele, u mamelle ho fihlela qetellong. U tla shoa* empa u tla tsoha qetellong ea matsatsi hore u fuoe lefa la hao.”+

Linaletsana

^ E bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”
^ Kapa: “raoha.”
^ Ka Seheberu: “bara ba sechaba sa heno.”
^ Ka Seheberu: “Ba bangata ba robetseng leroleng la lefatše.”
^ Kapa: “ba tla phenya.”
^ Ka Seheberu: “nako, linako tse peli le halofo ea nako.”
^ Kapa: “ea lulang a lebelletse.”
^ Ka Seheberu: “o tla phomola.”