Joele 3:1-21

3  “Etsoe, bonang! matsatsing ao le nakong+ eo, ha ke khutlisa baholehuoa ba Juda le Jerusalema,+ 2  ke tla boela ke phuthe lichaba+ tsohle ’me ke li theolele khohlong ea Josafate;+ ’me ke tla kena kahlolong le tsona moo ka lebaka la batho ba ka le lefa la ka la Iseraele,+ eo li e hasantseng har’a lichaba; ’me li arotse naha+ ea ka. 3  Ka lebaka la batho ba ka li ’nile tsa lahla lotho;+ ’me li ne li fana ka ngoana e motona bakeng sa letekatse,+ ’me ngoana e motšehali li mo rekisa bakeng sa veine, e le hore li tle li noe. 4  “Hape, taba ea lōna le ’na ke efe, Lōna Tyre le Sidone+ le lōna libaka tsohle tsa Filistia?+ Na ke eona tšoaro eo le ’nehang eona e le moputso? Haeba le ntšoara ka tšoaro e joalo, kapele, ka potlako ke tla busetsa tšoaro ea lōna lihloohong+ tsa lōna. 5  Hobane le nkile silevera ea ka le khauta+ ea ka, ’me le tlisitse lintho tsa ka tse lakatsehang tse ntle litempeleng+ tsa lōna; 6  ’me bara ba Juda le bara ba Jerusalema le ba rekiselitse+ bara ba Bagerike,+ ka morero oa ho ba suthisetsa hōle le naha ea habo bona;+ 7  bonang! ke ba tsosa hore ba tsoe sebakeng seo le ba rekisitseng+ ho sona, ’me ke tla busetsa tšoaro ea lōna lihloohong tsa lōna.+ 8  Ke tla rekisa bara ba lōna le barali ba lōna matsohong a bara ba Juda,+ ’me ba tla ba rekisetsa banna ba Sheba,+ sechabeng se hōle haholo;+ kaha Jehova o ho boletse. 9  “Phatlalatsang sena har’a lichaba,+ ‘Halaletsang ntoa! Tsosang banna ba matla!+ Ba ke ba atamele! Ba ke ba nyolohe, banna bohle ba ntoa!+ 10  Teang mehoma ea lōna hore e be lisabole le likere tsa lōna tse faolang limela+ e be marumo. Ha e le ea fokolang, a ke a re: “Ke ’na monna ea matla.”+ 11  Fanang ka thuso ’me le tle, lōna lichaba tsohle ho potoloha,+ ’me le phuthehe.’”+ Jehova, theolela ba matla ba hao sebakeng seo.+ 12  “Lichaba li ke li tsosoe ’me li nyolohele khohlong ea Josafate;+ kaha ke moo ke tla lula e le hore ke ahlole lichaba tsohle tse pota-potileng.+ 13  “Akhelang sekele,+ kaha lijalo li butsoitse.+ Tloong, theohang, kaha sehatelo sa veine se tletse.+ Likhakeletsi tsa lihatelo lia khaphatseha; kaha bobe ba bona bo bongata.+ 14  Bongata, bongata bo khohlong ea qeto,+ kaha letsatsi la Jehova le haufi khohlong ea qeto.+ 15  Ka sebele letsatsi le khoeli li tla fifala, ’me linaleli li tla honyetsa khanya ea tsona.+ 16  Jehova o tla puruma a le Sione, ’me o tla ntša lentsoe+ la hae a le Jerusalema. Ka sebele leholimo le lefatše li tla reketla;+ empa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae,+ le qhobosheane ho bara ba Iseraele.+ 17  Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna,+ ea lulang Sione thabeng ea ka e halalelang.+ Jerusalema e tla fetoha sebaka se halalelang;+ ha e le basele, ba ke ke ba hlola ba feta ho eona.+ 18  “Ka letsatsi leo lithaba li tla rotha veine e monate,+ le maralla a tla phalla lebese, le tsona likotopo tsa Juda kaofela li tla phalla metsi. Ntlong ea Jehova ho tla tsoa seliba,+ ’me se tla nosetsa phula ea molapo o phoroselang ea Lifate tsa Leoka.+ 19  Ha e le Egepeta, e tla fetoha lesupi;+ ha e le Edomo, e tla fetoha lefeella la lesupi,+ ka lebaka la pefo ho bara ba Juda, bao naheng ea bona ba tšolotseng mali a ba hlokang molato.+ 20  Empa ha e le Juda, e tla ba le baahi ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ le Jerusalema ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+ 21  Mali a bona ao ke neng ke sa a talime a hloka molato ke tla a talima e le a hlokang molato;+ ’me Jehova o tla be a lula Sione.”+

Linaletsana