Joele 2:1-32

2  “Letsang lenaka Sione,+ ’me le tlerole mohoo oa ntoa+ thabeng ea ka e halalelang.+ Baahi bohle ba naha ba ke ba ferekane;+ kaha letsatsi la Jehova lea tla,+ etsoe le haufi!  Ke letsatsi la lefifi le botšo,+ letsatsi la maru le botšo bo boholo, joaloka khanya ea mafube ha e aliloe holim ’a lithaba.+ “Ho na le batho ba bangata le ba matla;+ ba joaloka bona ha baa etsoa hore ba be teng ho tloha nakong e fetileng e sa lekanyetsoang,+ ’me ka mor’a bona ho ke ke ha e-ba le ba bang hape ho isa lilemong tsa moloko o mong ka mor’a o mong.  Ka pel’a bona mollo o chesitse,+ ’me ka mor’a bona lelakabe lea chesa.+ Naha ka pel’a bona e joaloka serapa sa Edene;+ empa ka mor’a bona ke lefeella la lesupi, ’me ha ho letho ho tsoa moo le phonyohang.  “Ponahalo ea bona e joaloka ponahalo ea lipere, ’me ba ntse ba matha joaloka lipere tsa ntoa.+  Joaloka molumo oa likoloi litlhōrōng tsa lithaba ba ntse ba tlōla-tlōla,+ joaloka molumo oa mollo o tukang o chesang litlhaka.+ Ba joaloka batho ba matla, ba entseng thekō ea ntoa.+  Ka lebaka la bona, lichaba li tla utloa bohloko bo boholo.+ Ha e le lifahleho tsohle, ka sebele li tla bokella ho phatsima ha ho feha matšoafo.+  “Ba matha joaloka banna ba matla.+ Ba hloa lerako joaloka banna ba ntoa. E mong le e mong o ea ka tsela ea hae, ’me ha ba fetole litsela+ tsa bona.  E mong ha a sutumetse e mong. Joaloka monna ea phetseng hantle ’meleng tseleng ea hae, ba ntse ba e-ea; ’me haeba ba bang ba oa har’a metsu, ba bang ha ba khelohe tsela.  “Ba potlakela motseng. Ba matha lerakong. Ba hloella matlong. Ba kena ka lifensetere joaloka lesholu. 10  Ka pel’a bona naha e tsukutlehile, maholimo a reketlile. Letsatsi le khoeli li fifetse,+ ’me linaleli li honyelitse khanya+ ea tsona. 11  Ka sebele Jehova o tla fana ka lentsoe+ la hae ka pel’a lebotho la hae la sesole,+ etsoe lebotho la hae le lengata haholo.+ Kaha ea phethang lentsoe la hae o matla; etsoe letsatsi la Jehova le leholo+ ’me le tšosa haholo, ’me ke mang ea ka tiisetsang tlas’a lona?”+ 12  “Joale hape,” ho bolela Jehova, “khutlelang ho ’na ka lipelo+ tsohle tsa lōna, le ka ho itima lijo+ le ka ho lla le ka ho bokolla.+ 13  Le hahole lipelo+ tsa lōna, eseng liaparo+ tsa lōna; ’me le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, kaha o mosa ’me o mohau,+ o lieha ho halefa+ ’me o tletse mosa o lerato,+ ’me ka sebele o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi.+ 14  Ke mang ea tsebang hore na o tla khutla ’me a ikutloe a soabile+ ’me a siee tlhohonolofatso ka mor’a bona,+ nyehelo ea lijo-thollo le nyehelo ea seno bakeng sa Jehova Molimo oa lōna? 15  “Letsang lenaka Sione, Lōna banna.+ Halaletsang nako ea ho itima lijo.+ Bitsang seboka se hlomphehang.+ 16  Bokellang batho. Halaletsang phutheho.+ Phuthang banna-baholo. Bokellang bana le ba anyang matsoele.+ Monyali a tsoe kamoreng ea hae e ka hare, le monyaluoa leqatheng la hae. 17  “Pakeng tsa mathule le aletare+ baprista, basebeletsi ba Jehova, ba ke ba lle ’me ba re, ‘Jehova, utloela batho ba hao bohloko, ’me u se ke ua etsa lefa la hao nyeliso,+ hore lichaba li ba buse. Ke hobane’ng ha ba lokela ho re har’a lichaba: “Molimo oa bona o hokae?”’+ 18  Jehova o tla chesehela naha+ ea hae ’me o tla bontša qenehelo ho batho ba hae.+ 19  Jehova o tla araba ’me a re ho batho ba hae, ‘Bonang! ke le romela lijo-thollo le veine e ncha le oli, ’me ka sebele le tla e khora;+ nke ke ka hlola ke le etsa nyeliso har’a lichaba.+ 20  Ke tla suthisetsa oa leboea+ hōle le lōna, ’me ke tla mo qhalakanyetsa naheng e se nang metsi le e lesupi, sefahleho sa hae se lebile leoatleng le ka bochabela+ ’me karolo ea hae e ka morao e lebile leoatleng le ka bophirimela.+ Ka sebele monko o mobe o tsoang ho eena o tla nyoloha,+ ’me seputa se tsoang ho eena se tla ’ne se nyolohe; hobane O tla etsa ntho e khōlō ho seo A se etsang.’ 21  “U se ke ua tšoha, Uena mobu. Thaba ’me u nyakalle; kaha Jehova o tla etsa ntho e khōlō ho seo A se etsang.+ 22  Le se ke la tšoha, lōna liphoofolo tsa naha e sabaletseng,+ kaha ka sebele makhulo a lefeella a tla ba matala.+ Etsoe sefate se tla fana ka litholoana+ tsa sona. Sefate sa feiga le sefate sa morara li tla fana ka mafolofolo a tsona.+ 23  Lōna bara ba Sione, thabang ’me le nyakalle ho Jehova Molimo oa lōna;+ kaha o tla tlameha ho le neha pula ea lehoetla ka tekanyo e nepahetseng,+ ’me o tla theolela holim ’a lōna pula ea litloebelele, pula ea lehoetla le pula ea selemo, joaloka pele.+ 24  Liotlo li tla tlala ka lijo-thollo tse hloekisitsoeng, ’me likhakeletsi tsa lihatelo li tla khaphatseha ka veine e ncha le oli.+ 25  Ke tla le buseletsa bakeng sa lilemo tseo ka tsona tsie, tsie e hahabang, e se nang mapheo, le lephele le pōpane li jeleng, lebotho la ka le leholo la sesole leo ke le rometseng har’a lōna.+ 26  Ka sebele le tla ja, le je ’me le khore,+ ’me le tla tlameha ho rorisa lebitso la Jehova Molimo oa lōna,+ ea le entseng ka ho hlollang hakana;+ ’me batho ba ka ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 27  Le tla lokela ho tseba hore ’na ke har’a Iseraele,+ le hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna ’me ha ho e mong.+ Batho ba ka ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 28  “Ka mor’a moo ke tla tšollela moea+ oa ka holim ’a nama ea mofuta o mong le o mong,+ ’me ka sebele bara ba lōna le barali+ ba lōna ba tla profeta. Ha e le banna-baholo ba lōna, ba tla lora litoro. Ha e le bahlankana ba lōna, ba tla bona lipono. 29  Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim ’a bahlanka le holim ’a makhabunyane matsatsing ao.+ 30  “Ke tla etsa limakatso maholimong+ le lefatšeng, mali le mollo le topallo ea mosi.+ 31  Letsatsi le tla fetoha lefifi,+ le khoeli e fetohe mali,+ pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla.+ 32  E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha;+ kaha Thabeng ea Sione le Jerusalema ho tla ba le baphonyohi,+ feela joalokaha Jehova a boletse, le har’a ba setseng, bao Jehova a ba bitsang.”+

Linaletsana