Genese 4:1-26
4 Joale Adama a kopanela liphate le mosali oa hae Eva eaba oa ima.+ Ka mor’a nako a tsoala Kaine+ ’me a re: “Ke hlahisitse monna ka thuso ea Jehova.”+
2 Hamorao a boela a tsoala moen ’ae Abele.+
Abele ea e-ba molisa oa linku,+ empa Kaine ea e-ba molemi oa mobu.+
3 Eitse ha ho fetile nako e itseng Kaine a tlisa tse ling tsa litholoana tsa naha+ e le nyehelo ho Jehova.+
4 Empa ha e le Abele, le eena a tlisa a mang a matsibolo+ a mohlape oa hae, esita le likarolo tsa ’ona tse nonneng.+ Joale le hoja Jehova a ile a talima Abele le nyehelo ea hae ka mokhoa o bontšang kamohelo,+
5 ha aa ka a talima Kaine le nyehelo ea hae ka mokhoa leha e le ofe o bontšang kamohelo.+ Kaine a tuka ke bohale,+ ’me sefahleho sa hae sa qala ho sosobana.
6 Eaba Jehova o re ho Kaine: “Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane?
7 Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng?+ Empa haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile sea u lakatsa;+ na u tla se laola?”+
8 Ka mor’a moo Kaine a re ho moen ’ae Abele: [“A re ee naheng.”] Kahoo eitse ha ba ntse ba le naheng Kaine a hlasela moen ’ae Abele ’me a mo bolaea.+
9 Hamorao Jehova a re ho Kaine: “Moen ’ao Abele o hokae?”+ eaba o re: “Ha ke tsebe. Na ke ’na mohlokomeli oa moen ’a ka?”+
10 Eaba o re: “U entse’ng? Mamela! Mali a moen ’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.+
11 Joale u rohakiloe ka ho lelekoa lefatšeng,+ le ahlamisitseng molomo oa lona ho amohela mali a moen ’ao letsohong la hao.+
12 Ha u lema mobu, o ke ke oa u khutlisetsa matla a oona.+ U tla ba moleleri le ’malehi lefatšeng.”+
13 Eaba Kaine o re ho Jehova: “Kotlo ea ka bakeng sa phoso e khōlō haholo hore nka e jara.
14 Bona! ha e le hantle letsatsing lena u nteleka holim ’a lefatše, ’me ke tla pateloa sefahleho sa hao;+ ke tla ba moleleri+ le ’malehi lefatšeng, ’me ka sebele mang kapa mang ea mphumanang o tla mpolaea.”+
15 Eaba Jehova o re ho eena: “Ka lebaka leo mang kapa mang ea bolaeang Kaine ho tla phetetsoa ho eena ka makhetlo a supileng.”+
Jehova a hloma pontšo bakeng sa Kaine e le hore ho se ke ha e-ba le ea mo fumanang ea tlang ho mo bolaea.+
16 Eaba Kaine o tloha pel’a sefahleho sa Jehova+ ’me o lula naheng ea Bobalehi ka nģ’a bochabela ho Edene.
17 Ka mor’a moo Kaine a kopanela liphate le mosali oa hae+ eaba oa ima ’me o tsoala Enoke. Eaba o haha motse ’me o rehella motse ka lebitso la mora oa hae Enoke.+
18 Hamorao Enoke a tsoalloa Irade. Irade a tsoala Mehujaele, Mehujaele a tsoala Methushaele, ’me Methushaele a tsoala Lameke.
19 Lameke a inkela basali ba babeli. Lebitso la oa pele e ne e le Ada ’me lebitso la oa bobeli e ne e le Tsilla.
20 Ka mor’a nako Ada a tsoala Jabale. Ea e-ba mothehi oa ba lulang litenteng+ le ba nang le liphoofolo tse ruiloeng.+
21 Lebitso la mor’abo e ne e le Jubale. Ea e-ba mothehi oa bohle ba tšoarang harepa+ le phala.+
22 Ha e le Tsilla, le eena o ile a tsoala Tubale-kaine, setei sa mofuta o mong le o mong oa sesebelisoa sa koporo le tšepe.+ Khaitseli ea Tubale-kaine e ne e le Naama.
23 Ka lebaka leo Lameke a hlophisa mantsoe ana bakeng sa basali ba hae Ada le Tsilla:
“Utloang lentsoe la ka, lōna basali ba Lameke;Mamelang polelo ea ka:Ke bolaile monna ka lebaka la ho ’ntša leqeba,E, ka bolaea mohlankana ka lebaka la ho nkotla.
24 Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng,+Joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.”
25 Adama a boela a kopanela liphate le mosali oa hae kahoo a tsoala mora eaba o mo reha lebitso la Setha,+ hobane, joalokaha a boletse: “Molimo o mpehetse peō e ’ngoe sebakeng sa Abele, hobane Kaine o mo bolaile.”+
26 Setha le eena a tsoalloa mora ’me a mo reha lebitso la Enoshe.+ Ka nako eo ho ile ha qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.+

