Genese 11:1-32
11 Joale lefatše lohle la tsoela pele le e-na le puo e le ’ngoe le pokello e le ’ngoe ea mantsoe.
2 Eitse ha ba le leetong le eang nģ’a bochabela ba qetella ba fumane thota naheng ea Shinare,+ ’me ba lula teng.
3 Eaba ba qala ho buisana, ba re: “Tloong! A re etseng litene ’me re li bese ka ho li chesa.” Kahoo setene ea e-ba lejoe la bona, empa sekontiri se thata ea e-ba seretse sa bona.+
4 Joale ba re: “Tloong! A re ikaheleng motse le tora eo tlhōrō ea eona e leng maholimong,+ ’me re iketsetseng lebitso le tummeng,+ esere ra hasanngoa lefatšeng lohle.”+
5 Jehova a theoha ho ea bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng.+
6 Ka mor’a moo Jehova a re: “Bonang! Ke sechaba se le seng ebile bohle ba na le puo e le ’ngoe,+ ’me sena ke seo ba qalang ho se etsa. Joale ha ho letho leo ba ka hopolang ho le etsa leo ba ke keng ba le fihlela.+
7 Tloong joale! A re+ theoheng ’me re ferekanye+ puo ea bona e le hore e mong a se ke a utloa puo ea e mong.”+
8 Tumellanong le hoo Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo,+ ’me butle-butle ba tlohela ho haha motse.+
9 Ke ka lebaka leo o rehiloeng lebitso la Babele,+ kahobane Jehova o ile a ferekanya puo ea lefatše lohle moo, ’me Jehova a ba hasanya+ lefatšeng lohle ho tloha moo.
10 Ena ke histori ea Sema.+
Sema o ne a le lilemo li lekholo ha a tsoala Arpakshade+ lilemo tse peli ka mor’a moroallo.
11 Ka mor’a ho tsoala Arpakshade, Sema a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mahlano. Khabareng a tsoala bara le barali.+
12 Arpakshade a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano. Joale a tsoala Shela.+
13 Ka mor’a ho tsoala Shela, Arpakshade a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mane a metso e meraro. Khabareng a tsoala bara le barali.
14 Shela a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo. Joale a tsoala Ebere.+
15 Ka mor’a ho tsoala Ebere, Shela a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mane a metso e meraro. Khabareng a tsoala bara le barali.
16 Ebere a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo a metso e mene. Joale a tsoala Pelege.+
17 Ka mor’a ho tsoala Pelege, Ebere a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo. Khabareng a tsoala bara le barali.
18 Pelege a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo. Joale a tsoala Reu.+
19 Ka mor’a ho tsoala Reu, Pelege a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mabeli a metso e robong. Khabareng a tsoala bara le barali.
20 Reu a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo a metso e ’meli. Joale a tsoala Seruge.+
21 Ka mor’a ho tsoala Seruge, Reu a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mabeli a metso e supileng. Khabareng a tsoala bara le barali.
22 Seruge a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo. Joale a tsoala Nakore.+
23 Ka mor’a ho tsoala Nakore, Seruge a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mabeli. Khabareng a tsoala bara le barali.
24 Nakore a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Joale a tsoala Tera.+
25 Ka mor’a ho tsoala Tera, Nakore a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le leshome le metso e robong. Khabareng a tsoala bara le barali.
26 Tera a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a supileng, ka mor’a moo a tsoala Abrame,+ Nakore+ le Harane.
27 Ena ke histori ea Tera.
Tera o ile a tsoala Abrame, Nakore le Harane; ’me Harane a tsoala Lota.+
28 Hamorao Harane a shoa a ntse a e-na le ntat’ae Tera naheng eo a tsoaletsoeng ho eona, Ure+ ea Bakalde.+
29 Eaba Abrame le Nakore ba inkela basali. Lebitso la mosali oa Abrame e ne e le Sarai,+ ha lebitso la mosali oa Nakore e ne e le Milka,+ morali oa Harane, ntat’a Milka le ntat’a Iska.
30 Empa Sarai a tsoela pele e le nyopa;+ a se na ngoana.
31 Ka mor’a moo Tera a nka mora oa hae Abrame le Lota, mora oa Harane, setloholo sa hae,+ le ngoetsi ea hae Sarai+, mosali oa mora oa hae Abrame, ’me ba tsamaea le eena ba tloha Ure ea Bakalde ba ea naheng ea Kanana.+ Ka mor’a nako ba fihla Harane+ eaba ba lula teng.
32 Matsatsi a Tera ea e-ba lilemo tse makholo a mabeli a metso e mehlano. Joale Tera a shoela Harane.

