Kosepele ya Mareka 7:1-37

  • Meetlo ya batho e a senolwa (1-13)

  • Motho o silafatswa ke dintho tse tswang ka ho yena (14-23)

  • Mosadi wa Foenisia e Siria ya nang le tumelo (24-30)

  • Monna ya sa utlweng ditsebeng o a fodiswa (31-37)

7  Bafarisi le ba bang ba bangodi ba neng ba tswa Jerusalema ba kgobokana pela Jesu,+  ba bona ba bang ba barutuwa ba hae ba ja dijo ba sa hlapa matsoho ka tsela ya moetlo wa Sejuda.  (Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape matsoho ho fihlela ditsweng. Ba ne ba kgomaretse meetlo ya baholoholo ba bona.  Ha ba kgutla mmarakeng ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape. Ho na le meetlo e meng e mengata eo ba neng ba e kgomaretse e kang ho ina dikopi, dijeke le dijana tsa koporo metsing.)+  Ka hoo, Bafarisi le bangodi bao ba re: “Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo ba rona, ba ja dijo ka matsoho a ditshila?”+  A re ho bona: “Esaia o profetile hantle ka lona ha a re: ‘Batho bana ba ntlhompha ka melomo feela empa dipelo tsa bona di suthetse hole le nna.+  Ha ho na thuso ya hore ebe ba ntse ba nthapela hobane ba ruta ditaelo tsa batho jwalo ka ha eka ke dithuto tsa Modimo.’+  Le tlohela taelo ya Modimo le kgomarela ya batho.”+  A boela a re ho bona: “Ka masene le batla ditsela tsa hore le se ke la mamela melao ya Modimo e le hore le tle le boloke moetlo ya lona.+ 10  Mohlala, Moshe o ile a re: ‘Hlompha ntate wa hao le mme wa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.’+ 11  Empa lona le re: ‘Haeba motho a re ho ntate wa hae kapa mme wa hae: “Ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng nka o thusa ka yona ke korbane (e leng hore ke se ke e file Modimo e le mpho),”’ 12  lona le mo dumella hore a se ke a hlola a thusa ntate wa hae kapa mme wa hae.+ 13  Ka tsela eo, le entse lentswe la Modimo ntho e se nang thuso+ ka lebaka la moetlo wa lona. Le etsa dintho tse ngata tse kang tsena.”+ 14  A boela a bitsetsa letshwele ho yena yaba o re: “Mmameleng kaofela ha lona, le utlwisise hore na ke reng.+ 15  Motho ha a silafatswe ke ntho eo a e kenyang ka hanong empa o silafatswa ke dintho tse tswang ka ho yena.”+ 16  *—— 17  Jesu a tloha letshweleng a kena ka tlung yaba barutuwa ba hae ba mo botsa ka papiso eo.+ 18  Ka hoo, a re ho bona: “Na le lona le tshwana le bona ha le utlwisise? Na ha le tsebe hore ha ho na ntho e ka kenang ka ho motho yaba ya mo silafatsa 19  ka ha ha e ye pelong empa e ya ka mpeng ebe e fetela sekoting sa dikgwerekgwere?” Ka ho tjho jwalo a bolela hore dijo tsohle di hlwekile. 20  Ho feta moo a re: “Dintho tse tswang pelong ya motho ke tsona tse mo silafatsang+ 21  hobane ka dipelong tsa batho+ ho hlaha menahano e fosahetseng e etsang hore ho be le boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* boshodu, dipolao, 22  bofebe, meharo, bokgopo, bolotsana, boitshwaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa swabe,* mona, dipuo tse mpe, boikgohomoso le ho hloka kelello. 23  Dintho tsena kaofela tse fosahetseng di tswa pelong ya motho mme dia mo silafatsa.” 24  A ema a ya dibakeng tse haufi le Tire le Sidone.+ A kena ka tlung e nngwe a sa batle hore batho ba tsebe hore o fihlile empa ba tseba. 25  Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a kenwe ke modemona a utlwela ka yena yaba o a tla o itihela maotong a hae.+ 26  Mosadi eo e ne e le Mogerike ya tswang* Foenisia e Siria. A kopa Jesu ka makgetlo hore a ntshe modemona ho moradi wa hae. 27  Empa a re ho yena: “Tlohela bana ba kgore pele ka ha ha ho a nepahala ho nka bohobe ba bana ebe bo akgellwa madinyane a dintja.”+ 28  Mosadi eo a re ho yena: “E, mohlomphehi empa le ona madinyane a dintja a ka tlasa tafole a ja makumane a bana.” 29  Yaba Jesu o re ho yena: “Ka ha o arabile ka tsela ena, tsamaya, modemona o tswile ho moradi wa hao.”+ 30  Ka hoo a tloha a ya hae, ha a fihla a fumana moradinyana a robetse betheng modemona a tswile.+ 31  Ha Jesu a tswa Tire, a ya Lewatleng la Galilea a tswa ka tsela ya Sidone le Dekapolise.*+ 32  Ba mo tlisetsa monna ya sa utlweng ditsebeng a bile a sa kgone ho bua hantle+ yaba ba mo kopa hore a mo behe matsoho. 33  A mo nkela lekunutung, a kenya menwana ka ditsebeng tsa hae yaba o tshwela mathe o thetsa leleme la hae.+ 34  A sheba lehodimong, a hemela hodimo mme a re ho yena: “Effatha” e bolelang, “Buleha.” 35  Ditsebe tsa hae tsa buleha,+ hape a qala ho bua hantle. 36  Yaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka yena+ empa ha a ne a ba thiba ba ne ba bua le ho feta.+ 37  Ba tsota+ mme ba re: “O entse dintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utlweng ditsebeng ba utlwe le ba sa kgoneng ho bua ba bue.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ya ba lakaletsang bomadimabe.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boitshwaro bo hlabisang dihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ya hlahetseng.”
Kapa: “metse e leshome.”