Kosepele ya Mareka 12:1-44
12 A ba etsetsa dipapiso a re: “Motho e mong o ne a lemme tshimo ya morara.+ A e kampela yaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tshimo eo yaba o etela hole.+
2 Ha nako ya ho kotula e fihla, a roma lekgoba la hae ho balemi ho ya lata morara o mong ho bona.
3 Empa ba le kgakgatha yaba ba le kgutlisa le se na letho.
4 A roma lekgoba le leng hape, lona ba le otla hloohong mme ba le rohaka.+
5 Yaba o roma le leng, lona ba le bolaya. A roma le a mang a mangata, ba kgakgatha a mang, a mang ba a bolaya.
6 Qetellong a roma mora wa hae eo a mo ratang+ a nahana hore ba tla hlompha mora wa hae.
7 Empa balemi bao ba buisana ba re: ‘Enwa ke yena mojalefa.+ A re mo bolayeng ebe re nka lefa la hae.’
8 Ka hoo, ba mo tshwara, ba mo bolaya yaba ba mo lahlela ka ntle ho tshimo.+
9 Monga tshimo eo o tla ba etsang? O tla ba bolaya ebe o hirisetsa balemi ba bang tshimo eo ya morara.+
10 Na ha le eso bale Lengolo lee le reng: ‘Lejwe leo dihahi di le lahlileng le fetohile lejwe la sekgutlo la sehlooho.*+
11 Lejwe lena le tswa ho Jehova* mme le letle haholo ho rona’?”+
12 Ba ne ba batla ho mo tshwara empa ba tshaba letshwele hobane ba ne ba tseba hore o bua ka bona ha a etsa papiso eo. Ka hoo, ba tsamaya.+
13 Ka mora moo, ba roma ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho yena hore ba mo tshware ka dipuo tsa hae.+
14 Ha ba fihla ba re ho yena: “Mosuwe, re a tseba hore o na le nnete le hore ha o reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha o shebe ponahalo ya batho empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ka molao* motho o lokela ho patala lekgetho ho Sesare kapa tjhe?
15 Re lefe kapa re se ke ra lefa?” Ha a lemoha boikaketsi ba bona a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng denari* ke e bone.”
16 Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.”
17 Jwale Jesu a re: “Le fe Sesare dintho tsa hae+ le Modimo le mo fe tsa hae.”+ Yaba ba qala ho mo tsota.
18 Basaduse ba reng ha ho na tsoho ya bafu,+ ba tla ho yena ba re:+
19 “Mosuwe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shwa a se na ngwana, ngwanabo o tla nyala mosadi wa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+
20 Ho ne ho ena le bana ba motho ba supileng. Yaba wa pele o a nyala empa a shwa a se na bana.
21 Wa bobedi a mo kenela empa le yena a shwa a se na bana. Wa boraro le yena ka tsela e tshwanang.
22 Banna bao ba supileng kaofela ba ile ba shwa ba se na bana. Qetellong le mosadi eo a shwa.
23 Ha ba se ba tsositswe, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”
24 Jesu a re ho bona: “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Modimo o matla hakae.+
25 Ha batho ba se ba tsositswe bafung, ba ke ke ba nyala kapa ba nyalwa empa ba tla tshwana le mangeloi lehodimong.+
26 Empa tabeng ya ho tsoswa ha bafu, na ha le a ka la bala bukeng ya Moshe moo ho buuwang ka sehlahla se meutlwa, hore Modimo o ile a re ho yena: ‘Ke nna Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+
27 Yena ke Modimo wa ba phelang eseng wa bafu. Le fositse haholo.”+
28 E mong wa bangodi o ne a le teng a mametse ha ba ntse ba phehile kgang. Ka ha o ne a utlwile hore Jesu o ba arabile hantle, a re ho yena: “Taelo ya pele* ho tsohle ke efe?”+
29 Jesu a re: “Ya pele ke ena: ‘Mamelang lona Baiseraele, Jehova* Modimo wa rona ke Jehova* a le mong.
30 O rate Jehova* Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya* wa hao wohle, ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.’+
31 Ya bobedi ke ena: ‘O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.’+ Ha ho taelo e kgolo ho feta tsena.”
32 Mongodi eo a re ho yena: “Ke hantle Mosuwe, o bua nnete: ‘O Mong mme ha ho e mong ntle le yena.’+
33 Hore motho a mo rate ka pelo yohle, ka kelello* yohle le ka matla ohle le hore a rate moahisani wa hae jwalo ka ha a ithata, ho bohlokwa haholo ho feta dinyehelo tsohle tsa setjheso le mahlabelo ohle.”+
34 Ha Jesu a lemoha hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Empa ha ho motho ya ileng a hlola a eba le sebete sa ho mo botsa potso e nngwe.+
35 Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, a re: “Ke hobaneng ha bangodi ba re Kreste ke mora wa Davida?+
36 Moya o halalelang+ o ile wa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Morenaka: “Dula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha dira tsa hao tlasa maoto a hao.”’+
37 Jwale Kreste ke mora wa Davida jwang+ empa Davida a mo bitsa Morena?”
Letshwele le leholo le ne le thabetse ho mo mamela.
38 Ha a ntse a ruta, a re: “Le hlokomele hore ho na le bangodi ba ratang ho dumediswa dimmarakeng le ho tsamaya ba apere diaparo tse telele.+
39 Ba rata ho dula ditulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le ditulong tsa bahlomphehi meketeng.+
40 Ba ikgapela matlo* a bahlolohadi hape ka boikaketsi ba etsa dithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”
41 Yaba o dula fatshe moo a neng a ka bona mabokose* a tjhelete.+ A bona batho ba ntse ba tshela tjhelete ka moo, barui ba bangata ba ne ba tshela tjhelete e ngata ya tshepe.+
42 Jwale ha tla mohlolohadi e mong ya futsanehileng. A tshela ditjheletana tse pedi tsa tshepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+
43 Jesu a bitsa barutuwa ba hae a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona mohlolohadi enwa wa mofutsana o tshetse tjhelete e fetang ya bohle ka mabokoseng.*+
44 Etswe kaofela ba tshetse ho tswa tjheleteng ya bona e setseng empa yena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a nang le sona, sohle seo a neng a ka phela ka sona.”+
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa: “la bohlokwa.” Ka Segerike: “hlooho ya sekgutlo.”
^ Sheba Ntlha ya A5.
^ Kapa: “nepo.”
^ Sheba Ntlha ya B14.
^ Kapa: “e bohlokwa haholo.”
^ Sheba Ntlha ya A5.
^ Sheba Ntlha ya A5.
^ Sheba Ntlha ya A5.
^ Ka Segerike: “kutlwisiso.”
^ Sheba Ntlha ya A5.
^ Kapa: “tse hlomphehang.”
^ Ka Segerike: “disinagogeng.”
^ Kapa: “thepa.”
^ Kapa: “matlole a polokelo.”
^ Ka Segerike: “dileptone tse pedi. Di lekana le kwaterane.” Sheba Ntlha ya B14.
^ Kapa: “ka matloleng a polokelo.”

