Kosepele ya Mareka 16:1-8

  • Jesu o a tsoswa (1-8)

16  Ha Sabatha+ e fetile, Salome, Maria Magdalena le Maria+ mme wa Jakobo, ba reka dioli tse nkgang ha monate e le hore ba tlotse setopo sa Jesu.+  Ka letsatsi la pele la beke, ba tla lebitleng hoseng haholo ha letsatsi le qeta ho tjhaba.+  Ba ne ba buisana ba re: “Ebe ke mang ya tla re tlosetsa lejwe monyako wa lebitla?”  Empa ha ba sheba lebitla ba bona lejwe leo le tlositswe le hoja le ne le le leholo haholo.+  Eitse ha ba kena ka lebitleng, ba tshoha haholo hobane ba ile ba bona mohlankana e mong ya apereng diaparo tse telele tse tshweu a dutse ka lehlakoreng le letona.  Mohlankana eo a re ho bona: “Le se ke la tshoha,+ ke a tseba hore le batla Jesu wa Monazaretha ya ileng a kgokgothelwa palong. O tsositswe,+ ha a yo mona. Bonang moo a neng a robetse teng.+  Eyang ho Petrose le barutuwa ba bang ba Jesu le re ho bona: ‘O se a ntse a le tseleng e yang Galilea.+ Le tla mo fumana moo feela jwalo ka ha a ile a le bolella.’”+  Ka hoo, ba tswa lebitleng ba matha, ba thothomela ba bile ba maketse. Ha ba a ka ba re letho ho mang kapa mang hobane ba ne ba tshohile.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho ya ka dibuka tsa kgale tse tsheptjwang, Kosepele ya Mareka e fella ka mantswe a temana ya borobedi. Sheba Ntlha ya A3.