Kosepele ya Mareka 13:1-37

  • MATSATSI A BOFELO (1-37)

    • Dintwa, tlala, ditshisinyeho tsa lefatshe (8)

    • Ditaba tse monate di lokela ho bolelwa (10)

    • Mahlomola a maholo (19)

    • Mora motho o tla tla (26)

    • Papiso ya sefate sa feie (28-31)

    • Le dule le fadimehile (32-37)

13  Yare ha a tswa ka tempeleng e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Mosuwe, bona majwe ana le mehaho ena e metle hakaakang!”+ 2  Empa Jesu a re ho yena: “O a e bona mehaho ee e meholo? Majwe ohle a teng mona a tla heletswa. Ha ho lejwe le tla sala hodima le leng.”+ 3  Yare ha a dutse Thabeng ya Mehlwaare moo a neng a ka bona tempele, Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba mo botsa moo ba leng bang, ba re: 4  “Re bolelle, dintho tsee di tla etsahala neng? Hona re tla bona kang ha dintho tsee tsohle di tlo etsahala?”+ 5  Ka hoo, Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore ho se ke ha eba le motho ya le kgelosang.+ 6  Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke nna Kreste’ ebe ba kgelosa ba bangata. 7  Ho feta moo, ha le utlwela ka dintwa le ditlaleho tsa tsona, le se ke la tshoha. Dintho tsena di tla etsahala empa ha e eso be bofelo.+ 8  Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.+ Ho tla ba le tlala+ le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng. Dintho tsena ke qalo feela ya tlokotsi.+ 9  Le itlhokomele. Batho ba tla le isa makgotleng a dibaka,+ ba le shapele ka matlung a thapelo*+ ba be ba le ise ka pela babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le ba bolelle ka tumelo ya lona.+ 10  Hape, ditaba tse monate tsa Mmuso di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle pele.+ 11  Empa ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetswa hore le e bue ka nako eo ka ha le ke ke la bua ka bolona empa moya o halalelang o tla le thusa ho bua.+ 12  Motho o tla fana ka ngwanabo hore a bolawe le ntate a fane ka ngwana wa hae hore a bolawe. Bana le bona ba tla tsohela batswadi matla ba be ba etse hore ba bolawe.+ 13  Batho bohle ba tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka+ empa ya mameletseng ho fihlela qetellong+ ke yena ya tla pholoha.+ 14  Le ha ho le jwalo, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang+ e le moo e sa tshwanelang ho ba teng, (ya balang boprofeta bona a bo utlwisise hantle) ba leng Judea ba balehele dithabeng.+ 15  Monna ya ka hodima ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ya hae ho ya nka ntho le ha e le efe. 16  Le monna ya tshimong a se ke a kgutla ho ya nka seaparo sa hae. 17  Matsatsing ao baimana le batswetse ba tla ba madimabe.+ 18  Le nne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha 19  ka ha matsatsi ao e tla ba a mahlomola.+ A kang ona ha a eso be teng ho tloha ha Modimo a theha lefatshe ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.+ 20  Ha e le hantle, hoja Jehova* ha a ka a fokotsa matsatsi ao, ha ho motho ya neng a tla pholoha. Empa o a fokoditse ka lebaka la bakgethwa ba hae.+ 21  Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Bonang, Kreste ke enwa’ kapa ‘Bonang, ke yane,’ le se ke la mo kgolwa.+ 22  Etswe ho tla hlaha bo Kreste le baprofeta ba bohata+ mme ba tla etsa mehlolo e le hore haeba ho kgoneha ba kgelose bakgethwa. 23  Ke le boleletse dintho tsohle esale pele, jwale le fadimehe.+ 24  Empa ka mora mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi e ke ke ya kganya,+ 25  dinaledi di tla wa lehodimong le dintho tse mahodimong di sisinyehe. 26  Batho ba tla bona Mora motho+ a tla ka maru, matla a maholo le kganya.+ 27  O tla romela mangeloi mme a tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe,* ho tloha pheletsong ya lefatshe ho ya pheletsong ya lehodimo.+ 28  Ithuteng ka mohlala wa sefate sa feie.* Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala mme le hlahisa makgasi, le a tseba hore lehlabula le haufi.+ 29  Ka tsela e tshwanang le lona ha le bona dintho tsena di etsahala le tsebe hore o haufi, o eme monyako.+ 30  Ka nnete ke a le bolella hore dintho tsena tsohle di tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 31  Lehodimo le lefatshe di tla nyamela+ empa mantswe a ka ona a tla ba teng ho ya ho ile.+ 32  Ha ho ya tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a mahodimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ya le tsebang.+ 33  Le dule le hlaphohetswe le fadimehile+ ka ha ha le tsebe hore na nako e behilweng e tla fihla neng.+ 34  Ho tshwana le ha motho a etela hole ebe o siya ntlo ya hae bodiseng ba makgoba a hae.+ O fa lekgoba ka leng mosebetsi wa lona ebe o laela molebedi wa monyako hore a dule a fadimehile.+ 35  Ka hoo, le dule le fadimehile hobane ha le tsebe hore na mongantlo o tla neng,+ ebang ke mantsiboya, hara mpa ya bosiu, pele bosiu bo esa* kapa hoseng haholo+ 36  e le hore ha a fihla ka tshohanyetso, a se ke a fumana le robetse.+ 37  Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle: Le dule le fadimehile.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Segerike: “disinagogeng.”
^ Ka Segerike: “meyeng e mene.”
^ Kapa: “feiga.”
^ Ka Segerike: “ha mokoko o lla.”