Fetela boitsebisong

BIBELE E FETOLA BATHO

“Ke ne ke le Bohale bo Tšosang”

“Ke ne ke le Bohale bo Tšosang”
  • Ke Hlahile ka: 1975

  • Naha ea Heso: Mexico

  • Pele: Bohale bo tšosang; motšoaruoa

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Ke hlahetse San Juan Chancalaito torotsoaneng e profinseng ea Chiapas Mexico. Lapeng heso re Machol ba oelang morabeng oa Bamaya. Re ne re le 12 lapeng, bashanyana ba robeli le banana ba bane ’na ke le oa bohlano. Ha ke sa le monyane, ’na le bana beso re ne re ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha kea ka ka phela ho latela lintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng.

Ha ke le lilemo li 13, ke ne ke se ke sebelisa lithethefatsi ke bile ke utsoa. Ke ile ka boela ka tloha lapeng ka lula libakeng tse fapakaneng. Ha ke le lilemo li 16 ke ile ka qala ho sebetsa moo ho lengoang matekoane. Hoo e ka bang selemo feela ke le moo, ke ha bosiung bo bong ha re ntse re tsamaisa matekoane a mangata ka seketsoana, banna ba hlometseng ba mokhatlo o mong o mokolang matekoane oa lireng ba re hlasela. Ke ile ka phonyoha lithunya tsa bona ka ho qoelela ka metsing eaba ke il’o hlaha tlase ho noka. Ka mor’a moo ke ile ka balehela United States.

Ha ke le United States ke ile ka tsoela pele ke mokola lithethefatsi le ho kena likhathatsong le ho feta. Ha ke le lilemo li 19 ke ile ka tšoaroa ka lebaka la bosholu ba boqhobane le teko ea polao. Ha ke ntse ke le teronkong ke ile kenela kenke ’me ka tsoela pele ho loana. Ke ile ka qetella ke isitsoe teronkong e Lewisburg, Pennsylvania e neng e sirelelitsoe ka thata ’me ho ne ho koalloa batho ba entseng litlolo tsa molao tse kotsi haholo.

Ha ke le teronkong e Lewisburg, boitšoaro ba ka bo ile ba mpefala le ho feta. Kaha ke ne ke se ntse ke itakile (tattoos), ho ne ho le bonolo hore ke kenele kenke e tšoanang. Ke ile ka rata ntoa le ho feta ke bile ke lula ke tjolietsa batho. Ke hopola ka letsatsi le leng ke le kenkeng e neng e loana lebaleng la teronko. Ha re ne re loana re ne re sebelisa melangoana e sebelisoang ha ho bapaloa baseball le litšepe tsa ho ikoetlisa. Ha e se e kupa tjena, balebeli ba teronko ba ne ba lokela ho sebelisa khase e llisang mahlo ho re namola. Ka mor’a ketsahalo eo, balaoli ba teronko ba ile ba laela hore ke koalloe phaposing e khethehileng ea teronko, ka moo ho koalloang batho ba kotsi haholo. Ke ne ke le bohale bo tšosang ke bile ke tella. Ke le ntoa lumela ke natefeloa ke ho otla batho ebile ke sa ho soabele.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ka phaposing eo e khethehileng ea teronko, ke ne ke lula ke koalletsoe boholo ba nako kahoo ka qala ho bala Bibele e le hore ke khanne nako. Hamorao molebeli e mong oa teronko o ile a mpha buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. a Ha ke ntse ke bala buka ena, ke ile ka hopola lintho tse ngata tseo ke ileng ka ithuta tsona le Lipaki Tsa Jehova ha ke sa le ngoana. Ka mor’a moo ke ile ka nahana kamoo ke neng ke se ke etsa lintho tse tsoileng tseleng ka lebaka la ho rata ntoa. Ke ile ka boela ka nahana ka lelapa leso. Kaha khaitseli tsa ka tse peli e ne e se e le Lipaki Tsa Jehova, ho ile ha tla mohopolong oa ka hore ba il’o phela ka ho sa feleng. Kahoo ka ipotsa hore na ke eng e ntšitisang ho il’o phela ka ho sa feleng le ’na. Ka mor’a moo ka ikemisetsa ho fetoha.

Leha ho le joalo, ke ne ke tseba hore ke hloka thuso e le hore ke fetohe. Ke ile ka qala ho rapela Jehova ka mo kopa hore a nthuse. Eaba ke ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States ’me ka kopa ho rutoa Bibele. Ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa hore phutheho e haufinyane e kopane le ’na. Ka nako eo ke ne ke sa lumelloe ho ba le baeti bao e seng ba lelapa, joale mor’abo rona oa phuthehong eo, o ile a qalella ho ’ngolla mangolo a nkhothatsang a ba a mpha lingoloa tsa Bibele tse ileng tsa matlafatsa boikemisetso ba ka ba ho batla ho fetoha.

Ke ile ka nka mohato oa bohlokoa nakong eo ke etsang qeto ea ho tsoa kenke eo ke neng ke le setho sa eona ka lilemo lemo. ’Mampoli oa kenke le eena o ne a le ka phaposing e khethehileng ea teronko, eaba ke ea ho eena ka nako ea rona ea boithapollo ke il’o mo bolella hore ke se ke batla ho ba paki ea Jehova. Ka makala haholo ha a re ho ’na “haeba u tiile u batla ho ba paki, e-ba eona. Nke ke ka kena kenana le Molimo. Haeba o mpa feela o batla ho tsoa Kenke o tseba litla-morao.”

Nakong ea lilemo tse peli, basebetsi ba teronko ba ile ba bona hore ke se ke fetohile. Ka hona ba qala ho ’nahanela. Ka mohlala, ba ne ba se ba sa ntlame ka lihanaboi ha ba ntša ka seleng ke il’o hlapa. E mong oa balebeli o ile a ba a nkatamela a nkhothalletsa hore ke tsoele pele ke fetoha. Selemong sa ho qetela ba ile ba nkisa teronkong e ’ngoe e nyane e sa lebeloeng ka thata haufi le e kholo. Ka 2004, ka mor’a ho ba teronkong lilemo tse leshome, ke ile ka lokolloa ka isoa haeso Mexico ka bese ea teronko.

Hang ha ke fihla Mexico ke ile ka fumana holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Ka lekhetlo la pele ha ke e-ea libokeng ke ne ke apere junifomo ea teronkong kaha e ne e le eona feela ntho e betere eo nka e tenang liphahlong tsa ka. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa nkamohela ka mofuthu ho sa tsotellehe chebahalo eaka. Ha ke bona tsela eo ba leng mosa ka eona ke ile utloa hore ke har’a Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:​35) Sebokeng seo baholo ba phutheho ba ile ba lokisetsa hore ke rutoe Bibele. Selemo hamorao ka li 3 September 2005 ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba Paki ea Jehova.

Ka January 2007 ke ile ka ba mosebeletsi oa nako e tletseng (eo hona joale a bitsoang Pula-maliboho), ke qeta lihora tse 70 ka khoeli ke ruta batho ba bang Bibele. Ka 2011, ke ile ka qeta thupelo eaka Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rona ba Masoha (seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso). Sekolo sena se ile sa nthusa haholo hore ke phete boikarabelo boo ke bo fuoeng ka phuthehong.

I now enjoy teaching others to be peaceable

Ka 2013, ke ile ka nyalana le lehakoe la pelo eaka Pilar. O bua a soasoa a re ho thata ho lumela lintho tseo ke mo bolellang tsona ka bophelo baka ba nako e fetileng. Ha ke e-so khutlele mekhoeng eaka. ’Na le mosali oa ka rea lumela hore motho eo ke leng eena kajeno ke bopaki bo totobetseng ba hore Bibele e na le matla a ho fetola batho.​—Baroma 12:2.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ke utloa eka mantsoe a Jesu a ho Luka 19:​10 a sebetsa ho ’na, moo a reng “[Ke] tletse ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.” Ha ke sa ikutloa ke lahlehile bophelong ebile ha ke sa tsamaea ke utloisa batho bohloko. Ke thabela hore e be Bibele e nthusitse hore ke tsebe na ke phelela’ng, le hore ke se sebelisana ka khotso le batho ba bang ’me ha bohlokoa le ho feta ke hore e be ke na le kamano e ntle le ’Mopi oa ka Jehova.

[MONGOLO O BOTLAASENG BA LEQEPHE]

a Buka ena e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa. Hona joale li se li sebelisa buka ea Re Ka Ithuta Eng Bibeleng? ho ithuta Bibele le batho.