Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Khutlela ho Batho ba Itseng ha ba Batle ho Qoqa le Tsona?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Khutlela ho Batho ba Itseng ha ba Batle ho Qoqa le Tsona?

 Lipaki Tsa Jehova li rata Molimo le baahisane ba tsona, kahoo li thabela ho bolella batho bohle molaetsa oa Bibele ho akareletsa le batho ba itseng ha ba batle ho qoqa le tsona. (Matheu 22:37-39) Lerato leo re ratang Molimo ka lona le re susumeletsa hore re mamele taelo ea Mora oa hae ea hore ‘re fane ka bopaki bo hlakileng.’ (Liketso 10:42; 1 Johanne 5:3) E le ho etsa sena, re boela ho batho ka makhetlo-khetlo e le ho ba ruta molaetsa oa Molimo feela joalokaha baprofeta ba Molimo ba ile ba etsa nakong e fetileng. (Jeremia 25:4) Kaha re rata batho, re etsa sohle ho buisana le bona ka litaba tse pholosang bophelo “tse monate tsa ’Muso” ho akareletsa le bao lekhetlong la pele ba ileng ba re ha ba li thabele.​—Matheu 24:14.

 Hangata ha re khutlela moo batho ba ileng ba re ha ba thabele molaetsa oa rona re fumana batho ba seng ba e-na le thahasello. Nahana ka mabaka ana a mararo:

  •   Batho baa falla.

  •   Ba bang ka lapeng ba ba le thahasello ea molaetsa oa rona.

  •   Batho baa fetoha. Maemo a bophelo aa fetoha ’me a etsa hore batho ba bang ba hlokomele “hore ba hloka Molimo” ebe ba mamela molaetsa oa Bibele. (Matheu 5:3) Le batho ba sa batleng ho re mamela ba ka fetoha joaloka moapostola Pauluse.​—1 Timothea 1:13.

 Leha ho le joalo, ha re qobelle batho ho re mamela. (1 Petrose 3:15) Re lumela hore motho e mong le mong o na le tokelo ea ho ikhethela bolumeli.​—Deuteronoma 30:19, 20.