Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nthuse ke Tšoarele

Nthuse ke Tšoarele
  1. 1. Ke nyahame, ke halefile.

    Ha ke lebale na o nkentse’ng,

    Joale pelo e bohloko.

    Ke nahana ka phoso ea hae.

    Empa ho thata ho mo tšoarela

    Hoba ke eena ea ntšitetsoeng.

    (PRE-CHORUS)

    Ke nako e ntle ea ho rapela.

    Jehova ke eena ea nkutloisisang

    ’Me kea tseba o tla

    (K’HORASE)

    Nthusa. O mpha matla.

    ’Na ha ke na ’ona ho hang.

    Ntate Jehova hle nthuse,

    Nthuse ke tšoarele.

    Nthuse ke lebale

    Liphoso tsa hae, ke mo tšoarele.

    Ntate Jehova hle nthuse,

    Nthuse ke’u etsise,

    Ke tšoarele.

  2. 2. Ke lekile ho e lebala,

    Empa ke utloa ho hana.

    Ebe ke lokela ho etsa’ng?

    Nka se khone ho tsoela pele

    Ha ke lula ntse ke e nahana

    Kapa ke bua ka eona.

    (PRE-CHORUS)

    Ke nako e ntle ea ho rapela.

    Jehova ke eena ea nkutloisisang

    ’Me kea tseba o tla

    (K’HORASE)

    Nthusa. O mpha matla.

    ’Na ha ke na ’ona ho hang.

    Ntate Jehova hle nthuse,

    Nthuse ke tšoarele.

    Nthuse ke lebale

    Liphoso tsa hae, ke mo tšoarele.

    Ntate Jehova hle nthuse,

    Nthuse ke’u etsise,

    Ke tšoarele.

    Ke tšoarele.

    Ke tšoarele.

    Ke tšoarele.