Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batla!

Batla!

Daonlouda:

  1. 1. Re utloile ho thoe batla

    ’Me u tla fumana ’nete.

    Re ne re se na tšepo ho Molimo,

    Ra thusoa ke ho batla.

    (PELE HO K’HORASE)

    Ra tsoela pele re batla ’nete.

    Joaloka perela ea bohlokoa ra’e batla.

    (K’HORASE)

    Batla! Batla karabo tsa potso tseo tsohle,

    Re lokela ho li tseba.

    Ho ba teng ha motho,

    Hobane’ng re hloka ’Muso oa Molimo?

    U batle ’nete.

  2. 2. Eaba re rutoa ka lebitso

    La Molimo e leng, Jehova.

    Ha re bontšoa ra fumana

    Seo re neng re se batla.

    (PELE HO K’HORASE)

    Ra tsoela pele ka ho ithuta.

    Ra thola likarabo ka bophelo le ’Mopi.

    (K’HORASE)

    Batla! Batla Karabo tsa potso tseo tsohle,

    Re lokela ho li tseba.

    Ho phela ha batho paradeiseng

    Haufinyane ’Musong oa Molimo.

    U batle ’nete.

    (BOROKHO)

    Re ikemiselitse ho bolella ba bang

    ’Nete e ka Bibeleng.

    Ho bolela taba tse monate,

    Ho ba ruta ka ’nete

    Eo re ithutileng eona.

    (K’HORASE)

    Batla! Batla karabo tsa potso tseo tsohle.

    Re lokela ho li tseba.

    Ho phela re sa shoe lefatšeng le lecha

    ’Musong oa Molimo.

    U batle ’nete.