Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 34

Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi

(Pesaleme ea 26)

  1. 1. Nkahlole hle, Morena Jehova.

    Ntate kea u tšepa ’me kea tšepahala.

    Ea ntlhahlobang ha e be uena Jah

    ’Me le ea ntlhoekisang pelong e be uena.

    (K’HORASE)

    Ha e le ’na, ke’i kemiselitse

    Ho u tšepahalla phelo bohle ba ka.

  2. 2. Ke hloile batho ba leshano.

    Ke nyatsa ho lula le ba bolotsana.

    Ha u timetsa batho ba khopo le ba ratang tjotjo,

    Mpoloke hle Ntate.

    (K’HORASE)

    Ha e le ’na, ke’i kemiselitse

    Ho u tšepahalla phelo bohle ba ka.

  3. 3. Ke ratile ntlo ea hao Jehova.

    Ke ba teng kamehla har’a ba’u rapelang.

    Aletareng ea hao ha ke hlokoe.

    Ke moo ke’u rorisang teng kamehla eohle.

    (K’HORASE)

    Ha e le ’na, ke’i kemiselitse

    Ho u tšepahalla phelo bohle ba ka.

(Sheba le Pes. 25:2.)