Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 117

Jehova o Molemo

Jehova o Molemo

(2 Likronike 6:41)

  1. 1. Jehova Ntate oa rona,

    U molemo hakaakang!

    Ebile oa halalela.

    Re ka u tšepa, Ntate.

    U molemo linthong tsohle,

    Hape oa re hauhela.

    Re tla lula re’u rapela

    Re be re u rorise.

  2. 2. Re etsa lintho tse bontšang

    Kamoo u leng molemo.

    Re ruta batho Bibele

    ’Me re itšoara hantle.

    Ntho tseo u re rutang tsona

    Li thusa batho bohle.

    Re rapella moea oa hao

    Hore re be molemo.

  3. 3. Ka kopo hlo’nolofatsa

    Ntho tseo re li etsetsang

    Bakreste-’moho le rona.

    U re fe moea oa hao

    ’Me re ’ne re etse lintho

    Tse molemo ho bohle

    Ka lapeng le ka phuthehong

    Le hohle moo re leng teng.