Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | LIPAKI TSA JEHOVA KE BO-MANG?

Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Joang?

Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Joang?

Re mokhatlo oa lefatše lohle oa batho ba arohileng lihlopheng tse ling tsa bolumeli. Le hoja ntlo-khōlō ea rōna e le United States, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li lula linaheng tse ling. Ha e le hantle, ho na le Lipaki tse ka bang limilione tse robeli tse rutang batho Bibele linaheng tse fetang 230. Li etsa seo hobane li mamela mantsoe a Jesu a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.”—Matheu 24:14.

Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, re ikitlaelletsa ho boloka molao. Leha ho le joalo, ha re kenelle litabeng tsa lipolotiki, hobane re boloka taelo ea Jesu e reng Bakreste “hase karolo ea lefatše.” Kahoo ha re kene litabeng tsa lipolotiki ebile ha re tšehetse ntoa. (Johanne 15:19; 17:16) Ha e le hantle, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kenngoa literonkong, tsa hlokofatsoa tsa ba tsa tšoaroa hampe haholo hobane li sa koenehele tumelo ea tsona. Mobishopo oa mehleng oa Mojeremane o ile a re: “Li tla be li nepile ha li re ke tsona tse neng li le ngata har’a batho bao matsoalo a bona a neng a ba hanela ho nka lihlomo Pusong ea Bonazi.”

“[Lipaki Tsa Jehova] li itšoere hantle ka tsela e tsotehang. Ho ne ho ka ba hotle hore re sebelise batho bana ba itetseng litulong tse ka holimo-limo lipolotiking, empa ba ke ke ba lumela. . . . Ba hlompha babusi empa ba lumela hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o ka rarollang mathata ’ohle a batho.”—Koranta ea Nová Svoboda ea Czech Republic.

Leha ho le joalo, ha re itšehle thajana. Jesu o ile a rapella balateli ba hae a re: “Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng.” (Johanne 17:15) Kahoo, re etsa lintho tse tloaelehileng tse kang ho ea mesebetsing, mabenkeleng le likolong.