Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Letsatsi la Kahlolo ke’ng?

Ke hobane’ng ha letsatsi la kahlolo e lokela ho ba le thabisang?

Mehleng ea Bibele Molimo o ne a sebelisa baahloli ho sireletsa batho ba hae hore ba se ke ba ahloloa ka leeme. (Baahloli 2:18) Bibele e hlalosa Letsatsi la Kahlolo le tlang e le nako e thabisang eo ka eona Jehova e leng Moahloli oa batho bohle a tla ba sireletsa khahlanong le ho hloka toka.—Bala Pesaleme ea 96:12, 13; Esaia 26:9.

Molimo o khethile Jesu ho tiisa hore batho bohle, ba phelang le ba shoeleng ba tšoaroa ka toka. (Liketso 10:42; 17:31) Batho ba bangata ba shoele ba sa tsebe Molimo. Ka Letsatsi la Kahlolo, Jesu o tla ba tsosa e le hore mohlomong ba tsebe Molimo oa ’nete ba be ba mo rate.—Bala Liketso 24:15.

Ke Hobane’ng ha Letsatsi la Kahlolo le tla nka lilemo tse sekete?

Bafu ba tla tsosoa nakong ea lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:4, 12) Ho tla hlokahala nako e le hore ba ithute melao ea Molimo le ho e boloka. Ho fapana le seo batho ba bangata ba se nahanang, Bibele e re batho ba tla ahloloa ho ea ka seo ba se etsang ka mor’a hore ba tsosoe.—Bala Baroma 6:7.

Bibele e boetse e bua ka letsatsi la kahlolo le tla fihla ka tšohanyetso pele lilemo tse sekete li qala. Letsatsi leo le boetse le bitsoa bofelo ba lefatše joalokaha ho bontšitsoe lihloohong tse qalang tsa makasine ena. Ka letsatsi leo, Molimo o tla timetsa batho bohle ba sa mo mameleng le ba khopo. (2 Petrose 3:7) Ka hona, re lokela ho leka kahohle ho bontša Molimo hore rea mo rata.—Bala 2 Petrose 3:9, 13.