Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Moapostola Pauluse o ile a rua molemo joang ka ho ba moahi oa Roma?

Pauluse o ile a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!”

Ho ba moahi oa Roma ho ne ho etsa hore motho a be le litokelo tse itseng ha a le linaheng tsohle tse tlas’a puso ea Roma. Moahi oa Roma o ne a laoloa ke molao oa Roma, eseng oa linaha tse ling tse busoang ke Roma. Haeba a tlōla molao naheng e ’ngoe o ne a ka lumela hore nyeoe ea hae e sebetsoe ho latela molao oa naha eo, leha ho le joalo o ne a e-na le tokelo ea hore nyeoe eo e mameloe lekhotleng la Roma. Haeba a ahloleloa lefu, o ne a e-na le tokelo ea ho ipiletsa ho moemphera.

Ha ralipolotiki oa Moroma e leng Cicero ea phetseng lilemong tsa bo-99 B.C.E., a hlalosa litokelo tseo, o ile a re: “Ke tlōlo ea molao ho koalla moahi oa Roma, ho mo otla teng ke bokhopo; athe ha e le ho mo bolaea ho tšoana le ha motho a bolaea batsoali ba hae kapa mong ka eena ea haufi.”

Moapostola Pauluse o ile a bolela litaba tse molemo linaheng tse ngata tse tlas’a puso ea Roma. Bibele e tlalehile liketsahalo tse tharo tsa moo a ileng a sebelisa litokelo tsa hae e le moahi oa Roma: (1) O ile a bolella bo-mastrata ba Filipi hore litokelo tsa hae li hataketsoe ka hore a otloe. (2) O ile a totobatsa hore ke moahi oa Roma ha a le Jerusalema e le hore a se ke a shapuoa. (3) O ile a ipiletsa ho moemphera oa Roma e leng Cesare e le hore nyeoe ea hae e ka sebetsoa ke eena.—Liketso 16:37-39; 22:25-28; 25:10-12.

Balisa ba ne ba lefshoa joang mehleng ea Bibele?

Konteraka ea ho reka linku le lipōli e ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform ea hoo e ka bang ka 2050 B.C.E.

Jakobo o ile a lisa mehlape ea malom’ae Labane ka lilemo tse 20. O ile a lisetsa Labane ka lilemo tse 14 e le hore a nyale barali ba hae ba babeli. Eaba ka lilemo tse latelang tse 6 o lefshoa ka mohlape. (Genese 30:25-33) Makasine oa Biblical Archaeology Review o re: “Tumellano e kang e ileng ea etsoa ke Jakobo le Labane e ne e tloaelehile mehleng ea Bibele.”

Mehlala e meng ea litumellano tseo e fumanoe sebakeng sa ho epolla lintho tsa khale sa Nuzi e motseng oa Larsa le libakeng tse ling tsa Iraq. Hangata tumellano e ne e qala ha linku li kutoa ’me e fela selemong se latelang ha li boetse li kutoa. Molisa o ne a itlama hore o tla hlokomela palo e itseng ea liphoofolo tsa mong’a hae tse ngotsoeng tokomaneng ea tumellano. Ha selemo se fela, mong’a mohlape o ne a bolela hore na o batla boea bo bokae, lebese le lekae, le likonyana tse kae. Molisa o ne a inkela ho setseng.

Ho ata ha mohlape ho ne ho itšetleha ka hore na ho na le linku tse kae tse tšehali. Haeba molisa a e-na le linku tse tšehali tse lekholo mohlapeng oa hae, ho ne ho lebeletsoe hore bonyane li tsoale likonyana tse 80. Molisa o ne a lokela ho lefa haeba li sa fihle palong eo e behiloeng. Sena se ne se etsoa ka morero oa hore molisa a khothalle ho hlokomela mohlape hantle.