SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFU LA JESU LE RE TSOELA MOLEMO—JOANG?

Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla Tšoareloa Hokae Hona Neng?

Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla Tšoareloa Hokae Hona Neng?

Bosiung ba pele Jesu a shoa, o ile a laela barutuoa ba hae ho ikhopotsa lefu la hae. O ile a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”—Luka 22:19.

Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla ba ka Labohlano la la 3 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Lipaki Tsa Jehova lia u mema hore u be teng sehopotsong le lelapa la hao le tl’o mamela puo e tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha lefu la Jesu e le la bohlokoa le hore na le ka le tsoela molemo joang.