Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MOQOQO LE MOAHELANI

’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 1)

’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 1)

Ena ke tsela e tloaelehileng eo ka eona Paki ea Jehova e ka qoqang le moahelani. A re nke hore Paki e bitsoang Cameron e etetse Jon.

U ’NE U BATLE KUTLOISISO

Cameron: Jon, ke thabela hore ebe re qoqa ka Bibele khafetsa. * Ha re ne re qetelana, u ile ua mpotsa potso e mabapi le ’Muso oa Molimo. U ile ua mpotsa hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914.

Jon: E, ho joalo. E ’ngoe ea libuka tsa lōna eo ke e balileng e re ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914. Ke ile ka thahasella taba ena haholo hobane le re lithuto tsa lōna kaofela li thehiloe Bibeleng.

Cameron: U boletse teng.

Jon: Le ’na ke balile Bibele eohle. Empa ha ho mohla nkileng ka bona moo e buang ka 1914. Kahoo, ke ile ka batla “1914” Bibeleng e Inthaneteng. Leha ho le joalo, ha kea ka ka e fumana.

Cameron: Ho na le mabaka a mabeli ao ke u babatsang ka ’ona, Jon. La pele ke hore ebe u balile Bibele eohle. Sena se bontša hore u rata Lentsoe la Molimo.

Jon: E, kea le rata. Ha ho buka e tšoanang le Bibele.

Cameron: Kea lumela. Hape ke u babatsa ka hore ebe u ile ua batla karabo ka Bibeleng. U entse sona seo Bibele e re khothalletsang hore re se etse ha e re re ’ne re batle kutloisiso. * U etsa hantle.

Jon: Kea leboha. Ke batla ho tsoela pele ho ithuta. Ha e le hantle, ke ile ka batlisisa taba ena haholo eaba ke fumana moo ho buuoang ka 1914 bukeng ena eo re e balang. Ho buuoa ka toro ea morena e mong e mabapi le sefate se seholo se ileng sa rengoa eaba sea hlomela.

Cameron: Kea hopola joale. Ke boprofeta bo hlahang khaolong ea bone ea Daniele. Bo bua ka toro ea Morena Nebukadnezare oa Babylona.

Jon: E, bona boo. Ke balile boprofeta boo ka makhetlo a mangata. Empa ho bua ’nete, ha ke bone hore na bo amana joang le ’Muso oa Molimo kapa 1914.

Cameron: Ha e le hantle, esita le moprofeta Daniele o ne a sa utloisise ka ho feletseng seo a neng a se ngola!

Jon: Kannete?

Cameron: E. Mona lengolong la Daniele 12:8 o re: “Joale ha e le ’na, ke ile ka utloa, empa ha kea ka ka utloisisa.”

Jon: Ho cho hore ha se ’na feela ea sa bo utloisiseng. Ha ba ha re kokololo!

Cameron: Ha e le hantle, Daniele o ne a sa bo utloisise hobane e ne e e-s’o be nako ea hore Molimo a senolele batho seo boprofeta boo bo se bolelang. Empa kajeno re ka bo utloisisa ka ho feletseng.

Jon: U bolela’ng?

Cameron: Hlokomela seo temana e latelang e se buang. Daniele 12:9 e re: “Hobane mantsoe ao a entsoe sephiri ’me a tiisitsoe ho fihlela nakong ea bofelo.” Kahoo, batho ba ne ba tla utloisisa boprofeta bona “nakong ea bofelo.” Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta Bibele, re tla hlokomela hore ho na le bopaki bo feletseng ba hore re phela nakong eo. *

Jon: Ke kōpa u ntlhalosetse boprofeta ba Daniele.

Cameron: Ke tla leka.

TORO EA NEBUKADNEZARE

Cameron: E-re ke qale ka ho u bolella ka bokhutšoanyane hore na Morena Nebukadnezare o ile a bona eng torong. Ka mor’a moo, ke tla u hlalosetsa hore na e bolela’ng.

Jon: Ho lokile.

Cameron: Nebukadnezare o ile a bona sefate se seholo se fihlang leholimong. Eaba moromuoa oa Molimo o laela hore se rengoe. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re kutu ea sona e siuoe fatše. Sefate seo se ne se tla hlōmela ka mor’a “linako tse supileng.” * Qalong boprofeta bona bo ile ba phethahala ho Morena Nebukadnezare. Le hoja e ne e le morena ea tummeng, joalokaha sefate seo se ne se fihla leholimong, o ile a tlosoa boreneng ka “linako tse supileng.” Na u sa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng?

Jon: Ha ke sa hopola.

Cameron: Kea bona. Bibele e re Nebukadnezare o ile a lahleheloa ke kelello ka lilemo tse supileng. O ne a sa khone ho busa ka nako eo. Leha ho le joalo, ha linako tse supileng li fela, o ile a hlaphoheloa eaba o qala ho busa hape. *

Jon: Kea utloa ho fihlela mona. Empa lintho tsee li amana joang le ’Muso oa Molimo le 1914?

Cameron: Ka bokhutšoanyane nka re boprofeta bona bo phethahala ka litsela tse peli. Ea pele, bo ile ba phethahala nakong eo puso ea Morena Nebukadnezare e khinnoeng. Ea bobeli e mabapi le ho sitisoa ha puso ea Molimo. Kahoo, ke tsela ena ea bobeli e amanang le ’Muso oa Molimo.

Jon: U tseba joang hore tsela ee ea bobeli eo boprofeta boo bo phethahetseng ka eona e amana le ’Muso oa Molimo?

Cameron: Re ka fumana karabo ea potso ea hao hona boprofeteng bona. Ho ea ka Daniele 4:17, Molimo o ile a fana ka boprofeta bona “hore batho ba phelang ba tsebe hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho le hore o fana ka oona ho eo a batlang ho mo fa oona.” Na u bone mantsoe a reng “’musong oa moloko oa batho”?

Jon: E, e re “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho.”

Cameron: U nepile. U nahana hore “Ea Phahameng ka ho Fetisisa” ke mang?

Jon: Ke nahana hore ke Molimo.

Cameron: Ho joalo. Kahoo sena se re bontša hore boprofeta bona ha bo amane le Nebukadnezare feela. Bo boetse bo amana le ‘’muso oa moloko oa batho’, e leng ’Muso oa Molimo. Sena sea utloahala ha re hlahloba moko-taba oa boprofeta bona.

Jon: U bolela’ng?

MOKO-TABA OA LENGOLO LA DANIELE

Cameron: Ho na le ntlha e le ’ngoe e hlahellang khafetsa lengolong la Daniele. Ntlha eo ke ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo o taolong ea Mora oa hae Jesu. A re ke re khutlele likhaolong tse seng kae tse fetileng. Ke kōpa u bale Daniele 2:44.

Jon: E re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”

Cameron: Kea leboha. Na u ka re temana ee e bua ka ’Muso oa Molimo?

Jon: Ha ke tsebe hantle.

Cameron: Hlokomela hore e re ’Muso oo “o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” ’Muso oa Molimo o ka busa ka ho sa feleng, empa mebuso ea batho e ke ea khona ho busa ka ho sa feleng, na ha ho joalo?

Jon: Ho joalo.

Cameron: E re ke u bontše boprofeta bo bong bo bukeng ea Daniele bo buang ka ’Muso oa Molimo. Bo hlaha ho Daniele 7:13, 14. Ha bo bua ka Morena oa ’Muso oa Molimo bo re: “A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.” Na temaneng ee ho na le mantsoe a u hopotsang litemana tse ling tseo re li balileng?

Jon: E bua ka ’muso.

Cameron: U nepile. Ha e bue ka ’muso feela tje. Hlokomela hore e re ’Muso ona o tla ba le matla holim’a “batho, lichaba le lipuo kaofela.” Ka mantsoe a mang, ’Muso ona o tla busa lefatše lohle.

Jon: Ke ne ke sa e nahana joalo, empa u nepile. Ehlile e cho joalo.

Cameron: Hlokomela hore na boprofeta bona bo boetse bo re’ng: “Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.” Bo tšoana le boprofeta boo re sa tsoa bo bala bo ho Daniele 2:44, na ha ho joalo?

Jon: E, ho joalo.

Cameron: A re ke re ikhopotse lintlha tseo re ithutileng tsona. Molimo o ile a fana ka boprofeta bona hore batho ba tsebe hore “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho.” Sena se bontša hore boprofeta bona ha boa ka ba phethahala ho Nebukadnezare feela. Bukeng ea Daniele re fumana boprofeta bo mabapi le ho thehoa ha ’Muso oa Molimo o taolong ea Mora oa hae. Na u nahana hore hoa utloahala ho etsa qeto ea hore boprofeta bo khaolong ea bone ea Daniele bo amana le ’Muso oa Molimo?

Jon: Ke nahana joalo. Empa ha ke bone hore na 1914 e kena joang.

“LINAKO TSE SUPILENG LI FETE”

Cameron: A re khutlele tabeng ea Morena Nebukadnezare. O ne a tšoantšetsoa ke sefate seo re buileng ka sona pejana. Bobusi ba hae bo ile ba emisa ha sefate se rengoa ’me se sa hlomele ho fihlela ho feta linako tse supileng, e leng nakong eo a neng a lahlehetsoe ke kelello. Linako tseo tse supileng li ile tsa fela ha Nebukadnezare a hlaphoheloa kelellong ’me a boela a busa. Ha boprofeta bona bo phethahala ka lekhetlo la bobeli, puso ea Molimo e ile ea sitisoa ka nakoana, empa eseng hobane Molimo a hlōlehile.

Jon: U bolela’ng?

Cameron: Mehleng ea Bibele, ha morena oa Iseraele a busa Jerusalema ho ne ho thoe o lula “teroneng ea Jehova.” * E ne e le baemeli ba Molimo. Ha e le hantle, puso ea marena ao e ne e emela bobusi ba Molimo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea marena a mangata ha aa ka a mamela Molimo ’me sechaba le sona se ile sa ba etsisa. Molimo o ile a lumella hore Baiseraele ba haptjoe ke Bababylona ka 607 B.C.E. ka lebaka la ho se mamele. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ha hoa ka ha e-ba le marena a emelang bobusi ba Jehova Jerusalema. Ka lebaka leo, bobusi ba Molimo bo ile ba sitisoa kapa ba khinoa. Na re ntse re le ’moho?

Jon: Ho joalo.

Cameron: Kahoo linako tse supileng kapa nako eo bobusi ba Molimo bo ileng ba sitisoa e qalile ka 607 B.C.E. Qetellong ea linako tse supileng Molimo o ne a tla beha ’Musi e mocha leholimong hore ebe moemeli oa Hae. Joale e ne e tla ba hona boprofeta bo bong bo lengolong la Daniele bo phethahalang. Joale potso ea bohlokoa ke hore na linako tse supileng li ile tsa fela neng? Haeba re ka khona ho araba potso eo, re tla tseba hore na ’Muso oa Molimo o qalile neng ho busa.

Jon: Kea bona! E re ke bone—linako tse supileng li felile ka 1914?

Cameron: U e otlile botsekeng.

Jon: Empa re tseba seo joang?

Cameron: Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a bontša hore linako tse supileng ha li e-s’o fele. * Ka hona, hoa bonahala hore e bile nako e telele. Linako tse supileng li qalile lilemo tse makholo pele Jesu a tla lefatšeng, ’me li ile tsa tsoela pele le ha a se a khutletse leholimong. U hopole hore moelelo oa boprofeta ba Daniele o ne o ke ke oa hlaka ho fihlela “nakong ea bofelo.” * Hoa thahasellisa hore ebe qetellong ea lilemo tsa bo-1800 liithuti tsa Bibele li ile tsa susumelletseha ho hlahlobisisa boprofeta bona hammoho le bo bong. Ba ile ba lemoha hore linako tse supileng li ne li tla fela ka 1914. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ka bophara ka 1914, li ile tsa tiisa hore ruri ’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong. Matsatsi a ho qetela kapa mehla ea bofelo e qalile ka sona selemo seo. Kea kholoa ke buile lintho tse ngata haholo . . .

Jon: E. Ke tla lokela ho nahana ka taba ena hantle e le hore ke e utloisise.

Cameron: U se ke ua khathatseha. Le ’na ho nkukile nako hore ke utloisise boprofeta bona le tsela eo bo ileng ba phethahala ka eona. Bonyane ke lumela hore puisano ena e u thusitse ho bona hore tumelo ea Lipaki Tsa Jehova e mabapi le ’Muso e thehiloe Bibeleng.

Jon: Ho joalo. Ke khahloa ke hore seo le se lumelang se thehiloe Bibeleng.

Cameron: Kea bona hore le uena u motho ea ratang Bibele. Joalokaha ke u boleletse, ho thata hore u utloisise boitsebiso bo bongata hakana ka nako le motsotso. Mohlomong u sa ntse u e-na le lipotso tse ling. Ka mohlala, re ithutile hore linako tse supileng li amana le ’Muso oa Molimo le hore li qalile ka 607 B.C.E. Empa, re ka tiisa joang hore linako tse supileng li felile ka 1914? *

Jon: E, ke eona ntho eo ke hlileng ke ipotsang eona.

Cameron: Bibele e re thusa ho tseba hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae. Na u ka rata hore re bue ka taba eo ha ke u etela hape? *

Jon: Ho lokile.

Na u na le potso e amanang le Bibele? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, u se ke ua ba leqe ho botsa e mong oa Lipaki Tsa Jehova. A ka thabela ho u araba.

^ ser. 5 Lipaki Tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele le batho li sa ba lefise.

^ ser. 21 Sheba khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st.

^ ser. 63 Boprofeteng ba hae bo mabapi le matsatsi a ho qetela, Jesu o ile a re: “Jerusalema [e emelang bobusi ba Molimo] e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.” (Luka 21:24) Kahoo, bobusi ba Molimo bo ne bo ntse bo khinnoe mehleng ea Jesu ’me bo ne bo tla khinoa joalo ho fihlela matsatsing a ho qetela.

^ ser. 67 Sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 215-218. E boetse e fumaneha ho www.jw.org/st.

^ ser. 69 Karolo ea 2 ea sehlooho sena e tla bua ka litemana tsa Bibele tse bolelang hore na linako tse supileng ke lilemo tse kae.