Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tsebahatsa Lentsoe la Molimo Spain ea Boholo-holo

Ho Tsebahatsa Lentsoe la Molimo Spain ea Boholo-holo

“Ha ke le tseleng ho ea Spain . . . , ke tšepa ho le bona le ho felehetsoa ke lōna sebaka se itseng ho ea moo ka mor’a hore pele ke khotsofale ke ho ba le lōna ka tekanyo e itseng.”—Baroma 15:24.

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngolla Bakreste ba Roma mantsoe ao, hoo e neng e ka ba ka selemo sa 56. Ebang Pauluse o ile a ea Spain kapa che, Bibele ha e hlalose. Leha ho le joalo, litaba tse molemo tse tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele, li ile tsa finyella Spain lilemong tsa bo-100, ka lebaka la boiteko boo Pauluse kapa baromuoa ba bang ba Bakreste ba ileng ba bo etsa.

Bakreste ba ile ba ata ka potlako Spain. Ka lebaka la seo, ho ile ha hlokahala hore batho ba moo ba fetolele Bibele ka Selatine. Lebaka e ne e le hore, lilemong tseo tsa bo-100, e ne e se e le nako e telele batho ba Spain ba busoa ke Baroma ’me Selatine se ne se sebelisoa ho pholletsa le ’Muso oohle oa Roma.

LIBIBELE TSA SELATINE LI THUSA BATHO

Bakreste ba pele ba Masepanishe ba ile ba fetolela Libibele tse ’maloa ka Selatine, tseo ka kakaretso ba ileng ba li bitsa Vetus Latina Hispana. Libibele tsena tsa Selatine li ile tsa ajoa ka bongata Spain ka lilemo tse ngata pele Jerome a qeta Bibele ea Selatine ea Vulgate, mathoasong a selemo sa 405 ’me e ile ea tsebahala haholo.

Phetolelo ena eo Jerome a ileng a e qetella ha a le Bethlehema, Palestina, e ile ea fihla kapele Spain. Lucinius, eo e neng e le seithuti sa Bibele ebile e le morui, o ile a utloa hore Jerome o ntse a fetolela Bibele ka Selatine ’me a lakatsa ho fumana Bibele eo kapele kamoo ho neng ho ka khoneha. O ile a romela bangoli ba tšeletseng Bethlehema hore ba e kopitse ebe ba tla le eona Spain. Lilemong tse makholo tse latelang, butle-butle Vulgate e ile ea ’na ea nkela Libibele tsa Vetus Latina Hispana sebaka. Liphetolelo tseo tsa Selatine li ile tsa thusa batho ba Spain ho bala Bibele le ho utloisisa molaetsa oa eona. Empa ha Puso ea Roma e ntse e putlama, ho ile ha hlokahala litsebi tse ncha tsa puo.

BIBELE E NGOTSOENG MATLAPENG

Lilemong tsa bo-400, Mavisigothe le merabe e meng ea Majeremane e ile ea futuhela Spain ’me Segothe se ile sa qala ho buuoa sebakeng seo. A ile a amohela mofuta o itseng oa Bokreste o neng o tsejoa e le bolumeli ba Arius, ea neng a sa lumele thuto ea Boraro-bo-bong. A ile a ba a tla le phetolelo ea ’ona—e leng Bibele ea Segothe ea Ulfilas. Bibele ena e ile ea baloa ka Sepanishe ho fihlela lilemong tsa bo-500, ha Reccared, eo e neng e le morena oa Mavisigothe, e e-ba Mok’hatholike ’me a koenehela bolumeli ba Arius. Libuka tsohle tsa bolumeli ba Arius tseo a neng a e-na le tsona o ile a li chesa hammoho le Bibele ea Ulfilas. Ka lebaka leo, libuka tsohle tsa Segothe li ile tsa nyamela Spain.

Letlapa le nang le temana ea Bibele ea Selatine, ea lilemong tsa bo-500

Leha ho le joalo, nakong eona eo, Lentsoe la Molimo le ile la ’na la pharalla le Spain. Ntle le puo ea Segothe, Selatine se ne se ntse se buuoa ho pharalla le Spain ’me ho sona ho ile ha tsoa lipuo tse ileng tsa buuoa Hloahloeng ea Iberia. * Litokomane tsa khale-khale tse neng li ngotsoe ka Selatine sena, li tsejoa e le matlapa a Mavisigothe, kaha li ne li ngotsoe matlapeng. Litokomane tsena ke tsa lilemong tsa bo-500 ho ea ho tsa bo-600 ’me li na le litemana tse  tsoang bukeng ea Lipesaleme le Likosepeleng. Letlapa le leng le na le Pesaleme ea 16 kaofela.

Taba ea hore litemana tsa Bibele li ne li ngotsoe matlapeng, e bontša hore ka nako eo le batho ba maemo a tlaase ba ne ba bala ebile ba ikopiletsa Lentsoe la Molimo. Ho ka etsahala hore ebe matichere a ne a sebelisa litemana tseo tsa Bibele e le hore a rute batho ho bala le ho ngola. Matlapa a ne a le theko e tlaase ha a bapisoa le matlalo a ho ngolla a neng a le turu ao baitlami ba nakong eo ba neng ba a sebelisetsa ho etsa Libibele tsa bona tse khabisitsoeng ka litšoantšo.

Leqephe le hlahang Bibeleng ea León e khabisitsoeng ka litšoantšo. Le hoja Libibele tseo li le ntle, ha lia ka tsa thusa batho hakaalo ho tseba molaetsa oa Lentsoe la Molimo

Bibele e ’ngoe e khabisitsoeng ka litšoantšo, e theko e boima e behiloe kerekeng ea San Isidoro, motseng oa León, o Spain. Ke ea selemo sa 960, e na le maqephe a 516 ’me e bolelele ba lisenthimithara tse 47, bophara ba lisenthimithara tse 34 ’me e boima ba lik’hilograma tse ka bang 18. Bibele e ’ngoe ke ea Ripoll, ea selemo sa 1020, eo hona joale e leng Laebraring ea Vatican. Ke e ’ngoe ea Libibele tsa Boholo-holo tse khabisitsoeng ka ho feteletseng. E le hore moitlami a khabise Bibele ka boqhetseke joalo, e ka ’na eaba o nkile letsatsi kaofela a etsa tlhaku e le ’ngoe e qalang, kapa o nkile beke kaofela a ngola sehlooho sa buka. Le hoja Libibele tseo li le ntle, ha lia ka tsa thusa batho hakaalo ho tseba molaetsa oa Lentsoe la Molimo.

BIBELE EA SEARABIA

Lilemong tsa bo-700, puo e ’ngoe e ile ea qala ho nama ka lebaka la ho futuha ha Maislamo hloahloeng ea Spain. Likarolong tseo Mamosleme a li hapileng, batho ba bangata ba ile ba bua Searabia ho feta Selatine hoo ho ileng ha hlokahala Bibele ka puo ena e ncha.

Ho tloha lilemong tsa bo-400 ho ea ho tsa bo-700 Bibele ea Selatine le ea Searabia li ile tsa thusa Masepanishe ho bala Lentsoe la Molimo

Ha ho potang hore Libibele tse ngata tsa Searabia, haholo-holo Likosepele, li ile tsa ajoa haholo Spain ea boholo-holo. Kamoo ho bonahalang kateng, John, mobishopo oa Seville, o ile a fetolela Bibele eohle ka Searabia lilemong tsa bo-700. Ka masoabi, liphetolelo tse ngata tsa Searabia ha li sa le eo. Ho na le phetolelo e le ’ngoe ea Likosepele ka Searabia, ea bohareng ba lilemo tsa bo-900 e ntseng e bolokiloe kerekeng e khōlō ea León, e Spain.

Phetolelo ea Searabia ea Likosepele ea lilemong tsa bo-900

 LIBIBELE TSA SEPANISHE LI BA TENG

Ho ea qetellong ea lilemo tsa bo-1500, Sepanishe se ile sa qala ho ata Hloahloeng ea Iberia. Puo ena e ncha e ne e tla ba eona eo Lentsoe la Molimo le neng le tla hasoa ka eona. * Bibele ea pele e ngotsoeng ka Sepanishe e ne e bitsoa La Fazienda de Ultra Mar (Mesebetsi e Tšetseng Maoatle), ea mathoasong a lilemo tsa bo-1200. Bibele ena e bua ka tlaleho ea leeto le eang Iseraele, e akarelletsa le libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele hammoho le libuka tse ling tsa Mangolo a Seheberu haesita le Likosepele le Liepistole.

Morena Alfonso X o ile a tšehetsa phetolelo ea Bibele ka Sepanishe

Baeta-pele ba kereke ba ne ba sa rate Bibele ena. Ka selemo sa 1234, Lekhotla la Tarragona le ile la laela hore Libibele tsohle tsa Sepanishe li isoe ho moruti oa sebaka seo e le hore a li chese. Ho thabisang ke hore taelo eo ha ea ka ea etsa hore Bibele e se ke ea hlola e fetoleloa. Morena Alfonso X (1252-1284), eo ho nkoang hore ke eena ea qalileng ho ngola Sepanishe, o ile a batla hore Bibele e fetoleloe ka puo e ncha ’me o ile a tšehetsa seo. Libibele tse ileng tsa fetoleloa ka Sepanishe ka nako eo li akaretsa le e ileng ea bitsoa Bibele ea Pele ho Mehla ea Alfonso le Bibele ea Alfonso, e ileng ea e-ba teng haufinyane ka mor’a moo, e leng Bibele e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea fetoleloa ka Sepanishe.

Maqephe a lilemong tsa bo-1200, la Bibele ea Mehla ea Pele ho Alfonso (ka ho le letšehali) le la Bibele ea Alfonso (ka ho le letona)

Libibele tseo ka bobeli li ile tsa thusa hore ho matlafatsoe puo ena ea Sepanishe e neng e sa tsoa thehoa. Ha setsebi Thomas Montgomery, se bua ka Bibele ea Pele ho Mehla ea Alfonso, se ile sa re: “Mofetoleli oa Bibele ena o entse mosebetsi o tsoileng matsoho mabapi le ho nepahala ha eona hammoho le puo ea eona e hlomphehang. . . . Puo e sebelisitsoeng mona e baleha habonolo le ka ho hlaka, e leng sona se neng se hlokahala ha ho ne ho ngolloa batho ba sa tsebeng Selatine Bibele.”

Leha ho le joalo, Libibele tsa pele tsa Sepanishe, li ne li fetoletsoe ho tsoa Bibeleng ea Selatine ea Vulgate, ho e-na le hore li fetoleloe ho tsoa lipuong tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong. Ho tloha lilemong tsa bo-1300, litsebi tsa Bajuda li ile tsa fetolela Mangolo a Seheberu a ’maloa ka Sepanishe ho tsoa puong ea Seheberu ka ho toba. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata haholo Spain ho feta ba neng ba le linaheng tse ling tsa Europe ’me bafetoleli ba Bajuda ba ne ba khona ho fumana libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu e le hore ba li sebelise ha ba fetolela. *

Mohlala o ikhethang, ke Bibele ea Alba e ileng ea qetoa ho fetoleloa lilemong tsa bo-1400. Luis de Guzmán, e leng mohlomphehi oa Mosepanishe ea tummeng, o ile a laela moruti oa Mojuda, Moisés Arragel, hore a fetolele Bibele ka se-castizo, e leng Sepanishe (se phefa). O ile a fana ka mabaka a mabeli a hore na ke hobane’ng ha ho lokela hore ho etsoe phetolelo ena e ncha. La pele, o ile a re: “Libibele tse teng kajeno tse fumanoang ka lipuo tse tsoang Selatineng li fosahetse,” la bobeli, “Ho hlokahala litlhaloso tse lehlakoreng la leqephe e le hore batho ba kang rōna ba utloisise lipolelo tse thata.” Taba ea hore o ile a re Bibele e fetoleloe, e bontša hore batho ba mehleng ea hae ba ne ba hlile ba batla ho bala le ho utloisisa Bibele.  E boetse e bontša hore Bibele e ne e se e ntse e ajoa haholo Spain ka puo ea Sepanishe.

Ka lebaka la mosebetsi oa bafetoleli le bangoli ba mehleng ea boholo-holo, batho ba rutehileng ba Spain ba ne ba ka khona ho ipalla Bibele ka mokhoa o phollatsi ka puo ea habo bona. Ka lebaka leo, rahistori Juan Orts González, o hlokometse hore “Masepanishe a ne a tseba Bibele ho feta batho ba Jeremane kapa ba Engelane pele ho mehla ea Luther.”

“Masepanishe a ne a tseba Bibele ho feta batho ba Jeremane kapa ba Engelane pele ho mehla ea Luther.”—Rahistori Juan Orts González

Leha ho le joalo, ho ea qetellong ea lilemo tsa bo-1400, Lekhotla la Spain, le ile la thibela hore ho fetoleloe Libibele le hore batho ba be le tsona ka puo leha e le efe ea habo bona. Bibele e ile ea thibeloa Spain ka nako e telele. Ho ile ha feta lilemo tse makholo a mararo pele batho ba ka lumelloa ho ba le Bibele hape. Nakong eona eo e thata, bafetoleli ba seng bakae ba sebete ba ile ba fetolela Libibele tse ling tse ncha ka Sepanishe ’me ba li kenya Spain ka sekhukhu. *

Joalokaha histori ena ea Bibele ea Spain e bontša, bahanyetsi ba ile ba ikemisetsa ho thibela Lentsoe la Molimo ka litsela tse ngata. Leha ho le joalo, ha baa ka ba khona ho khutsisa lentsoe la Ea Matla ’Ohle.—Pesaleme ea 83:1; 94:20.

Ka lebaka la hore litsebi tse ngata li ile tsa ikitlaetsa ka matla, batho bangata ba ile ba amohela Bibele ’me e ile ea ata Spain ea boholo-holo. Bafetoleli ba mehleng ena le bona ba nkile mohlala ho bo-pula-maliboho bao ba ileng ba fetolela Bibele ka Selatine, Segothe, Searabia le Sepanishe. Kahoo, batho ba limilione ba Masepanishe kajeno, ba ka bala Lentsoe la Molimo ka puo e ba finyellang lipelo.

^ ser. 10 Tsena li akarelletsa Secastile, Secatalan, Segalicia le Sepotoketsi.

^ ser. 17 Kajeno, ho na le batho ba ka bang limilione tse 540 ba antseng Sepanishe letsoeleng.

^ ser. 23 Sheba sehlooho se reng “Ntoa ea Casiodoro de Reina Bakeng sa Bibele ea Sepanishe,” Molula-Qhooeng oa June 1, 1996.