Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boprofeta ba 2. Tlala ea Boja-likata

Boprofeta ba 2. Tlala ea Boja-likata

Boprofeta ba 2. Tlala ea Boja-likata

“Ho tla ba le likhaello tsa lijo.”—MAREKA 13:8.

● Ntate e mong o balehela motseng oa Quaratadji, Niger. Bo-motsoal’ae, barab’abo le likhaitseli tsa hae le bona ba balehile tlala mahaeng ’me ba tlile mona. Empa ntate enoa o lutse a le mong mosemeng. Ke hobane’ng ha a le mong? Morena oa motse oo, ea bitsoang Sidi, o re: “Ke hobane o se a sitoa ho shebana le [ba lelapa] mahlong kaha ha a na mokhoa oa ho ba fepa.”

BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Lefatšeng ka bophara, ho batho ba supileng, hoo e ka bang a le mong ha a na lijo tse lekaneng bakeng sa letsatsi le leng le le leng. Lipalo tsena li phahama le ho feta linaheng tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara, moo motho a le mong ho ba bararo a hlokang lijo letsatsi le leng le le leng. Ho etsa hore taba ena e hlake haholoanyane, nahana ka lelapa le nang le ntate, ’mè le ngoana. Haeba ho e-na le lijo tse ka jeoang ke batho ba babeli feela, ke mang ea sa tl’o ja? Ke ntate? ’mè kapa ngoana? Ena ke khetho eo malapa a joalo a lokelang ho e etsa letsatsi le letsatsi.

KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Lefatše le hlahisa lijo tse ka lekanang motho e mong le e mong. Ntho e lokelang ho etsoa feela ke hore li laoloe hantle.

NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Ke ’nete hore hona joale lihoai li ka hlahisa tsa ba tsa tsamaisa lijo tse ngata ho feta leha e le neng pele. Ha e le hantle, mebuso ea batho e lokela ho laola kabo ea lijo tsa lefatše e le ho rarolla mathata a tlala. Leha ho le joalo, esita le ka mor’a lilemo tse mashome e leka ho etsa seo, ha ea atleha.

U NAHANA’NG? Na Mareka 13:8 ea phethahala? Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e teng theknolojing, na khaello ea lijo ha e ame bohle lefatšeng ka bophara?

Litšisinyeho tsa lefatše le tlala ea boja-likata hangata li baka lintho tse ling tseo e leng karolo ea pontšo ea hore re phela matsatsing a ho qetela.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Bana ba fetang karolo ea boraro ba bolaoang ke nyumonia, letšollo le mafu a mang ba ka be ba sa shoe hoja ba ne ba sa haelloe ke phepo.”—ANN M. VENEMAN, EO E NENG E LE MOOKAMELI EA KA HOLIMO-LIMO OA LETLŌLE LA MACHABA A KOPANENG LA THUSO EA BANA.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

© Paul Lowe/Panos Pictures