Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke ’Nete Hore Banna ba Bararo ba Bohlale ba Ile ba Etela Jesu e sa le Lesea?

Na ke ’Nete Hore Banna ba Bararo ba Bohlale ba Ile ba Etela Jesu e sa le Lesea?

Babali ba Batla ho Tseba

Na ke ’Nete Hore Banna ba Bararo ba Bohlale ba Ile ba Etela Jesu e sa le Lesea?

Lefatšeng ka bophara lipale tsa Keresemese li hlalosa hore ha Jesu a tsoaloa, marena a mararo, kapa banna ba bohlale, ba ile ba mo tlisetsa limpho tsa bohlokoa. Na pale ee ke ’nete? Na e lumellana le se ileng sa etsahala? A re ke re hlahlobeng taba ena.

Likosepele tse peli, e leng ea Matheu le ea Luka, li lokolisa liketsahalo tsa ha Jesu a tsoaloa. Litlaleho tsena li bontša hore ke feela balisa ba maemong a tlaase, ba neng ba le naheng haufi le moo Jesu a hlahetseng teng, ba ileng ba mo etela ha a qeta ho hlaha. Batho bao ho thoeng ke marena, kapa banna ba bohlale, ha e le hantle e ne e le linohe tsa linaleli, eseng marena, ebile ha hoa boleloa palo ea bona. Linohe tsa linaleli ha lia ka tsa fihla moo lesea le sa le ka sejelong empa li fihlile Jesu e se e le ngoana e moholo—eseng lesea—le hona a se a lula ka tlung. Boteng ba tsona ha e le hantle bo ne bo bile bo beha bophelo ba Jesu kotsing!

Ha u hlahlobisisa tlaleho ea Bibele ea tsoalo ea Jesu e ngotsoeng ke Luka, u tla fumana hore e re: “Ho ne ho boetse ho e-na le balisa ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu. Ka tšohanyetso lengeloi la Jehova la ema haufi le bona, ’me . . . la re ho bona: . . . ‘Le tla fumana lesea le thatetsoeng ka masela ’me le robetse ka sejelong’ . . . Eaba ba tsamaea ka potlako ’me ba fumana Maria hammoho le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.”—Luka 2:8-16.

Jesu eo e neng e le lesea o ne a e-na le Josefa, Maria le balisa bana feela. Tlaleho ea Luka ha e bolele hore ho ne ho e-na le batho ba bang.

Joale tlaleho e ho Matheu 2:1-11 Bibeleng ea Sesotho, e re: “Jesu eitse ha a tsoaletsoe Bethlehema oa Judea, mehleng ea morena Heroda, bonang, ba-bohlale ba Bochabela ba fihla Jerusalema . . . Ha ba kena tlung, ba fumana ngoana le ’m’ae, Maria.”

Hlokomela hore tlaleho ena e bua feela ka “ba-bohlale,” ha e bue ka banna ba “bararo ba bohlale,” ebile e bontša hore ba ile ba tloha bochabela ba ea Jerusalema, eseng motseng oo Jesu a tsoaletsoeng ho oona, e leng Bethlehema. Ha ba qetella ba fihlile Bethlehema, Jesu e ne e se e se lesea, empa e ne e le “ngoana” ea hōla-hōlileng ea seng a lula ka tlung eseng sejelong.

Taba e ’ngoe ke hore le hoja Bibele ea Sesotho e sebelisa “ba-bohlale” ha e hlalosa baeti bana, Libibele tse ling li sebelisa “linohe tsa linaleli.” Ho latela A Handbook on the Gospel of Matthew, poleloana “banna ba bohlale” e fetolela “lereho la Segerike leo qalong le neng le sebelisoa ha ho buuoa ka baprista ba Persia bao e neng e le litsebi ho noheng linaleli.” The Expanded Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words eona e hlalosa hore poleloana ena e bolela “moloi, senohe, ea iketsang eka o na le matla a boselamose, nkhekhe ea boloi.”

Le hoja bonohe ba linaleli le boloi e ntse e le lintho tse atileng kajeno, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba li sebelisa. (Esaia 47:13-15) Ke mekhoa e meng ea ho sebelisana le meea ebile Jehova Molimo o e hloile. (Deuteronoma 18:10-12) Ke lona lebaka le entseng hore ebe ha ho lengeloi la Molimo le ileng la joetsa linohe tsa linaleli hore Jesu o tsoetsoe. Leha ho le joalo, Molimo o ile a li lemosa ka toro hore li se ke tsa khutlela ho Morena Heroda ea khopo, kaha o ne a batla ho bolaea Jesu. Kahoo, “tsa tloha tsa ea naheng ea habo tsona ka tsela e ’ngoe.”—Matheu 2:11-16.

Na Bakreste ba ’nete ba ka rata ho pheta pale eo ho nang le moo e sa bueng ’nete ka tsoalo ea Jesu? Ka sebele ba ke ke ba rata ho etsa joalo.