Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Phoso ho Sebelisa Lebitso la Molimo?

Na ke Phoso ho Sebelisa Lebitso la Molimo?

Na ke Phoso ho Sebelisa Lebitso la Molimo?

KA Mangolong a Seheberu, ao hangata ho thoeng ke “Testamente ea Khale,” lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 e le יהוה (e baloang ho tloha ka ho le letona ho ea ka ho le letšehali). Ka mantsoe a mang, lebitso la Molimo le emeloa ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu, e leng Yohdh, He, Waw, le He, tseo ho tloaelehileng hore li fetoleloe e le YHWH.

Khale-khale, Bajuda ba ne ba latela tumela-khoela ea hore ke phoso ho sebelisa lebitso la Molimo. Ka lebaka leo, ba ile ba hana ho le bitsa, ’me ba ngola mantsoe a mang bakeng sa lona. Leha ho le joalo, bafetoleli ba bangata ba Bibele ba fetoletse lebitso leo e le “Yahweh,” kapa “Jehova.” E ’ngoe ea Libibele tseo ke Jerusalem Bible ea K’hatholike. Bibele ena e re ha Moshe a botsa Molimo hore na a reng haeba Baiseraele ba ka mo botsa hore na o romiloe ke mang, Molimo o ile a re: “U tla re ho bara ba Iseraele: ‘Yahweh, Molimo oa bo-ntat’a lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka, le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna.’ Lena ke lebitso la ka, la ka ho sa feleng; ke tla rapeloa ka lebitso lena melokong eohle e tlang.”​—Exoda 3:15.

Ha Jesu a rapela o ile a bua mantsoe ana a bontšang hore o ne a sebelisa lebitso la Molimo, a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.” Ho seo batho ba bangata ba reng ke Thapelo ea Morena, Jesu o ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”​—Johanne 17:26; Matheu 6:9.

Kahoo, u ka ’na ua makala ha u utloa hore bukeng ea morao-rao ea Mopapa Benedict XVI, e bitsoang Jesus of Nazareth, Mopapa o ile a re mabapi le ho sebelisa lebitso la Molimo: “Baiseraele ba ne ba . . . nepile ka ho feletseng ha ba hana ho bitsa lebitso lena leo Molimo a ipitsang ka lona la YHWH, e le hore ba qobe ho le theolela boemong bo tlaase ba mabitso a melimo ea bohetene. Ka lebaka leo Libibele tsa morao tjena li fositse ka hore ebe li ile tsa ngola lebitso lena joalokaha eka ke lebitso feela le tloaelehileng​—e leng lebitso leo Baiseraele ba neng ba le nka e le sephiri le bile le sa lokela ho bitsoa.”

Uena u re’ng? Na ho nepahetse kapa ho fosahetse ho sebelisa lebitso la Molimo? Haeba Jehova a re: “Lena ke lebitso la ka, la ka ho sa feleng; ke tla rapeloa ka lebitso lena melokong eohle e tlang,” na ho na le motho ea ka itetang sefuba ho mo hanyetsa?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Jesu o ile a sebelisa lebitso la Molimo ha a rapela