Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsebiso e Mabapi le Molula-Qhooa oa Senyesemane se Nolofalitsoeng

Tsebiso e Mabapi le Molula-Qhooa oa Senyesemane se Nolofalitsoeng

Tsebiso e Mabapi le Molula-Qhooa oa Senyesemane se Nolofalitsoeng

RE THABELA ho le tsebisa hore ho tloha ka khatiso ena e ithutoang, re tla hatisa Molula-Qhooa oa Senyesemane se nolofalitsoeng ka nako e etsang selemo e le hore ho bonoe hore na o tsamaea joang. O tla hatisoa khoeli le khoeli ka nako e le ’ngoe le Molula-Qhooa oa Senyesemane o tloaelehileng. O tla ba le lihlooho tse ithutoang, ’me haeba ho e-na le sebaka, ho tla kenngoa lihlooho tse ling. Re lumela hore sena se tla etsa hore Lipaki Tsa Jehova tse ngata li fumane lijo tsa bohlokoa tsa moea. Hobane’ng?

Senyesemane se buuoa ke barab’abo rōna ba bangata linaheng tse kang Fiji, Ghana, Kenya, Liberia, Nigeria, Papua New Guinea le Solomon Islands. Le hoja e ka ’na eaba barab’abo rōna ba linaheng tseo ba bua lipuo tsa libaka tseo kapa lipuo tsa habo bona, ba atisa ho bua Senyesemane ha ba buisana letsatsi le letsatsi libokeng le tšimong. Leha ho le joalo, Senyesemane seo ba se buang se bonolo ho feta sa lingoliloeng tsa rōna. Hape, batho ba bang ba Jehova ba falletse linaheng tseo ho tsona ba tlamehang ho buisana le batho ka Senyesemane le hoja ba sa se tsebe hantle. Ho feta moo, ha ho na liboka tse tšoaroang ka lipuo tsa habo bona.

Lihlooho tseo re li tšohlang beke le beke Thutong ea Molula-Qhooa ke tsona tse ka sehloohong tse re fang lijo tsa moea tse nakong. Ka lebaka leo, Molula-Qhooa oa Senyesemane se nolofalitsoeng o sebelisa mantsoe le lipolelo tse bonolo e le ho thusa bohle ba bang teng libokeng hore ba rue molemo o feletseng lihloohong tsena. Khatiso ena e ncha e tla ba le sekoahelo se e khethollang ho tse ling. Lihloohoana, lirapa, lipotso tsa tlhahlobo le litšoantšo tse lihloohong tse ithutoang li tla tsamaisana le tsa khatiso e tloaelehileng. Kahoo bohle ba ka tsamaisana le se ithutoang ba be ba arabe ho sa tsotellehe hore na ba sebelisa Molula-Qhooa ofe. Hore u bone phapang ea kamoo taba e behiloeng kateng likhatisong tsena tse peli, sheba mohlala o ka tlaase mona o nkiloeng serapeng sa 2 sa sehlooho sa pele se ithutoang khatisong ena.

Re tšepa hore tokisetso ena e ncha e tla ba tsela ea ho araba lithapelo tsa batho ba bangata ba ’nileng ba re ho Jehova: “Etsa hore ke utloisise, e le hore nka ithuta litaelo tsa hao.” (Pes. 119:73) Re kholisehile hore sena se tla thusa ba sa tsebeng Senyesemane hantle, hammoho le bana ba bang ba buang Senyesemane hore ba lokisetse Thuto ea Molula-Qhooa hantle beke le beke. Re leboha Jehova kahohle-hohle hore ebe ka “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna,” o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le fane ka lijo tsa moea ka bongata.—1 Pet. 2:17; Mat. 24:45.

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova