Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke ne ke Tšaba Lefu Empa Joale ke Lebeletse ‘Bophelo bo Bongata’

Ke ne ke Tšaba Lefu Empa Joale ke Lebeletse ‘Bophelo bo Bongata’

Ke ne ke Tšaba Lefu Empa Joale ke Lebeletse ‘Bophelo bo Bongata’

Joalokaha ho boletse Piero Gatti

MOLUMO oa ntho e rorelang tlaase o ile oa phahama hanyane ka hanyane ho fihlela o e-ba matla. Oa nt’o lateloa ke mokhosi oa liphala tse lemosang batho hore ba ipate. Ka mor’a moo, ha utloahala molumo oa libomo le oa ho ripitloa ha thepa hammoho le lerata le tšosang le thibang litsebe.

Sena se etsahetse Milan, Italy, ka 1943/1944. Kaha ke ne ke le lesole le lenyenyane le sebetsang moo, hangata ke ne ke laeloa hore ha sesole sa moeeng se lihetse libomo sebakeng seo batho ba itšireletsang ho sona, ke phuthe litopo tse tsekolohileng, le tse se nang sebōpeho moo li tšoasitsoeng teng. Ke ile ka bona ha batho ba bang ba shoella haufi le ’na. Empa ha hoa ka ha fella moo, kaha ka linako tse ling ke ne ke pholoha lefu ke le bona ka mahlo. Linakong tseo, ke ne ke rapela, ke tšepisa Molimo hore haeba nka pholoha polao ena e sehlōhō, ke tla etsa thato ea hae.

Ke Khaotsa ho Tšaba Lefu

Ke hōletse motseng o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang leshome ho tloha toropong ea Como, Italy, haufi le moeli oa Switzerland. Ke ile ka tobana le mahlomola ke sa le monyenyane ’me ke ne ke tšaba lefu. Likhaitseli tsa ka tse peli li ile tsa bolaoa ke mokakallane oa Spain. Eaba ka 1930, ha ke le lilemo li tšeletseng, ’Mè oa hlokahala; lebitso la hae e ne e le Luigia. Kaha ke hōtse ke le Mok’hatholike, ke ne ke boloka melao ea kereke ’me ke ea ’Miseng beke le beke. Empa lilemo hamorao ha ke le sebakeng seo ho kutoang moriri ho sona, eseng kerekeng, motho e mong o ile a mpontša hore ke tšaba moru o se na nkoe.

Ka 1944, batho ba ne ba bolaoa larita Ntoeng ea II ea Lefatše. Ke ne ke le har’a masole a Mataliana a likete-kete a balehileng ntoeng ’me a ea Switzerland e neng e sa jele paate ntoeng. Ha re fihla re ile ra isoa likampong tse ’maloa tsa baphaphathehi. Ka isoa ho e haufi le motse oa Steinach, karolong e ka leboea-bochabela ea naha. Ha re le moo, re ile ra fuoa tokoloho e itseng. Motho e mong oa Steinach ea kutang moriri o ne a hloka thuso ka nakoana. Kahoo, ka qeta khoeli e le ’ngoe feela ke lula le eena ke bile ke sebetsa le eena, empa nakong eo e khutšoanyane ke ile ka tseba motho e mong ea ileng a fetola bophelo ba ka.

E mong oa batho ba neng ba kuta moo ke Motaliana ea bitsoang Adolfo Tellini, ea neng a lula Switzerland. E ne e le Paki ea Jehova. Ke ne ke e-s’o utloele ka batho bana ’me ha ho makatse hobane ka nako eo Lipaki li ne li sa fete 150 Italy eohle. Adolfo o ile a mpolella linnete tse hlollang tsa Bibele, tšepiso ea hore ho tla ba le khotso le ‘bophelo bo bongata.’ (Joh. 10:10; Tšen. 21:3, 4) Ke ile ka hlolloa ke molaetsa oa hore nakong e tlang ho ke ke ha hlola ho e-ba le ntoa le lefu. Ha ke fihla kampong ea baphaphathehi, ke ile ka bolella mohlankana e mong oa Motaliana ea bitsoang Giuseppe Tubini litšepiso tsena, ’me le eena o ile a khahloa. Adolfo le Lipaki tse ling ba ne ba re etela nako le nako kampong.

Adolfo o ile a nkisa Arbon, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang leshome ho tloha Steinach, moo ho neng ho e-na le sehlotšoana sa Lipaki se tšoarang liboka ka Setaliana. Seo ke ileng ka se utloa se ile sa nthabisa haholo hoo ke ileng ka ea moo ka maoto bekeng e latelang. Hamorao, ke ile ka ea kopanong ea Lipaki holong e ’ngoe ea likopano motseng oa Zurich. Ke ile ka angoa ka ho khetheha ke pontšo ea li-slide e bontšang liqubu tsa litopo likampong tseo batho ba neng ba bolaeloa ho tsona. Ke ile ka bona hore Lipaki tse ngata tsa Majeremane li ne li bolailoe ka lebaka la tumelo ea tsona. Kopanong eo, ke ile ka kopana le Maria Pizzato. Babusi ba Bofasista ba Italy ba ne ba mo ahloletse ho hlola chankaneng ka lilemo tse 11 hobane e ne e le Paki e mafolofolo.

Ka mor’a hore ntoa e lale, ke ile ka khutlela Italy ’me ka kopanela le phutheho e nyenyane ea Como. Ke ne ke sa khanneloa thuto ea Bibele ea kamehla, empa ke ne ke utloisisa linnete tsa motheo ka ho hlakileng. Maria Pizzato le eena o ne a kopanela phuthehong eo. O ile a mpolella hore ke habohlokoa hore Mokreste a kolobetsoe eaba o nkhothalletsa hore ke ee ho Marcello Martinelli, ea lulang Castione Andevenno, profinseng ea Sondrio. Marcello e ne e le mor’abo rōna ea tšepahalang oa motlotsuoa eo ’muso oa bohatelli o neng o ile oa mo ahlolela ho hlola chankaneng ka lilemo tse 11. Ke ile ka tlameha ho tsamaea ka baesekele sebaka sa lik’hilomithara tse 80 hore ke e’o fihla motseng oa habo.

Marcello o ile a sebelisa Bibele ha a hlalosa hore na ho hlokahala eng hore motho a kolobetsoe, ka mor’a moo a rapela eaba re ea Nōkeng ea Adda, moo ke ileng ka kolobetsoa teng. E ne e le ka September 1946. Ka sebele letsatsi leo e bile la bohlokoa ho ’na! Ka lebaka la qeto eo ke neng ke e entse ea ho sebeletsa Jehova le tšepo e tiileng eo ke neng ke e-na le eona ka bokamoso, thabo ea ka e ne e khaphatseha hoo ha shoalane e tšoara ke sa kang ka hlokomela hore letsatsing leo, ke palame baesekele sebaka sa lik’hilomithara tse 160!

Ka May 1947, ho ile ha tšoaroa kopano ea pele ea ka mor’a ntoa Milan, Italy. Ho ne ho e-na le batho ba ka bang 700, ba akarelletsang ba bangata ba pholohileng mahlorisong a Bofasista. Kopanong ena ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Giuseppe Tubini, eo ke ileng ka mo pakela kampong ea baphaphathehi, o ile a fana ka puo ea kolobetso—ka mor’a moo eena ka boeena a kolobetsoa!

Kopanong eo, ke ile ka ba le tlotla ea ho kopana le Mor’abo rōna Nathan Knorr, ea neng a tsoa Bethele ea Brooklyn ke e-na le Giuseppe. O ile a re khothalletsa hore re sebeletse Molimo bophelong ba rōna. Ke ile ka etsa qeto ea ho qala tšebeletso ea nako e tletseng pele khoeli e fela. Ha ke fihla lapeng, ke ile ka tsebisa lelapa leso qeto ea ka, empa kaofela ba ile ba leka ho ’nyahamisa. Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse. Kahoo, khoeli hamorao ke ile ka qala tšebeletso ea Bethele, Milan. Ho ne ho e-na le baromuoa ba bane ba neng ba sebetsa moo, e leng Giuseppe (Joseph) Romano le mosali oa hae, Angelina; Carlo Benanti le mosali oa hae, Costanza. Setho sa bohlano sa lelapa lena e ne e le Giuseppe Tubini, eo e neng e se khale a fihlile, ’me ke ile ka ba setho sa botšelela.

Ka mor’a khoeli ke le Bethele, ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa potoloho oa pele eo e leng letsoalloa la Italy. Mor’abo rōna George Fredianelli, e leng moromuoa oa pele ea tlileng Italy a tsoa United States ka 1946, o ne a se a ntse a etsa mosebetsi oa ho etela liphutheho. O ile a nkoetlisa ka libeke tse seng kae, eaba ke tsoela pele ka mosebetsi ona ke le mong le hoja ke ne ke sa tsebe se larileng ka pel’a ka. Ke hopola ka ho khetheha phutheho ea pele eo ke ileng ka e etela, e leng phutheho ea Faenza. Ak’u inahanele feela! Ho tla fihlela ka nako eo, ho ne ho se mohla nkileng ka fana ka puo phuthehong! Leha ho le joalo, ke ile ka khothatsa batho ba tlileng libokeng ba neng ba akha bacha ba bangata, hore ba nahane ka ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Hamorao, ba bang ba bacha bao ba ile ba fuoa boikarabelo bo boholo tšimong ea Italy.

Ke ne ke qalile mosebetsi o monate oa ho ba molebeli oa potoloho. Mosebetsing ona ke ne ke kopana le lintho tse sa lebelloang, ke lula ke etsa liphetoho, ke kopana le maemo a boima le a thabisang, hape bara le barali babo rōna ba ne ba mpontša lerato le leholo.

Boemo ba Bolumeli Italy ka Mor’a Ntoa

E-re ke u phetele hore na boemo ba bolumeli bo ne bo le joang Italy ka nako eo. Seeta ho ne ho lla sa Kereke e K’hatholike. Le hoja molao oa motheo o mocha o ile oa qala ho sebetsa ka 1948, melao ea Bofasista e thibelang Lipaki ho bolela ka bolokolohi e ile ea hlakoloa ka 1956. Likopano tsa potoloho li ne li sitisoa hangata ka lebaka la khatello e etsoang ke baruti. Empa ka linako tse ling boiteko ba baruti bo ne bo hlōleha habohloko, e leng se ileng sa etsahala ka 1948 motsaneng oa Sulmona, o Italy bohareng.

Kopano e ne e tšoaretsoe moo ho shebelloang lifilimi teng. Sontaha hoseng, ke ne ke le molula-setulo, ’me Giuseppe Romano a fana ka puo ea phatlalatsa. Ho latela hore na re ne re le bakae ka nako eo, bamameli ba ne ba le bangata haholo. Batho ba 2 000 ba ne ba petetsane ka holong ea ho shebella lifilimi nakong eo ka eona palo ea bahoeletsi ba Italy e neng e sa fihle le ho 500. Ha puo e fela, mohlankana e mong ea hlohluoeng moea ke baprista ba babeli ba neng ba le har’a bamameli, o ile a raoha a leba sethaleng. Kaha o ne a rerile ho tsosa moferefere, o ile a tleroha. Hang-hang ke ile ka re ho eena, “Haeba ho na le seo u batlang ho se bua, hira holo, ’me u tla bua eng kapa eng eo u e ratang.” Bamameli ba ile ba teneha eaba ba mo tlatsetsa lerata. Mohlankana eo o ile a jethema sethaleng eaba oa nyamela.

Mehleng eo, ho nka leeto e ne e se ntho e bonolo. Ka linako tse ling ke ne ke tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ke tsamaea ka maoto, ke palame baesekele, ke tsamaea ka libese tsa mekeretla tse tletseng ho tlōla, kapa ke tsamaea ka terene. Ka makhetlo a mang, ke ne ke robala litaleng kapa moo ho bolokoang lithulusi. Ntoa e ne e sa tsoa lala, ’me batho ba bangata e le mafutsana Italy. Barab’abo rōna ba ne ba le ’maloa, ’me ba le kojoana li mahetleng. Leha ho le joalo, bophelo ba ho sebeletsa Jehova bo ne bo le monate.

Sekolong sa Gileade

Ka 1950, ’na le Giuseppe Tubini re ile ra mengoa hore re e’o ba sehlopheng sa bo16 sa sekolo sa baromuoa sa Gileade. Ho tloha qalong feela ke ile ka hlokomela hore ke tla thatafalloa ho ithuta Senyesemane. Ke ile ka ikitlaetsa kahohle, empa ka sebele ho ne ho le thata. Re ne re tlameha ho bala Bibele eohle ka Senyesemane. E le hore ke etse seo, ka linako tse ling ke ne ke sa ee lijong tsa motšehare hore ke itloaetse ho balla holimo. Qetellong, nako ea hore ke fane ka puo e ile ea fihla. Ke sa hopola mantsoe a morupeli oa rōna joalokaha eka o a buile maobane, ha a re: “U itšisinya hantle haholo le cheseho ea hao ea babatseha, empa Senyesemane seo u se buang ha se utloahale!” Ho sa tsotellehe seo, ke ile ka pasa thupelo eo. Ka mor’a moo, ’na le Giuseppe re ile ra khutlisetsoa Italy. Koetliso ena e eketsehileng eo bobeli ba rōna re ileng ra e fumana, e ile ea re hlomella hamolemo hore re sebeletse barab’abo rōna.

Ka 1955, ke ile ka nyala Lidia, eo ke neng ke fane ka puo ha a kolobetsoa lilemong tse supileng pele ho moo. Ntate oa hae, e leng, Domenico, e ne e le mor’abo rōna ea ratoang ea thusitseng bana bohle ba hae ba supileng hore ba amohele ’nete, le hoja ’muso oa Bofasista o ile oa mo hlorisa a ba a isoa botlamuoeng ka lilemo tse tharo. Lidia le eena e ne e le moloaneli oa sebele oa ’nete. O ile a qosoa ka lekhotleng ka makhetlo a mararo pele Lipaki li qetella li lumeletsoe ka molao hore li bolele litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Mora oa rōna oa letsibolo, e leng Beniamino, o ile a hlaha ka mor’a lilemo tse tšeletseng re nyalane. Ka 1972 re ile ra ba le mora e mong, e leng Marco. Kea thaba hore ebe ka bobeli ba sebeletsa Jehova ka mafolofolo hammoho le malapa a bona.

Ke Lula ke le Mafolofolo Tšebeletsong ea Jehova

Bophelong ba ka bo monate boo ke bo qetileng ke sebeletsa ba bang, ke bile le liphihlelo tse ngata tseo nke keng ka li lebala. Ka mohlala, mathoasong a bo-1980, mohoe oa ka o ile a ngolla eo e neng e le mopresidente oa Italy ka nako eo, e leng Sandro Pertini lengolo. Pusong ea khatello ea Bofasista o ne a bile botlamuoeng le mopresidente eo sehlekehlekeng sa Ventotene, moo ho neng ho koalloa bao ho nahanoang hore ke lira tsa ’muso. Mohoe oa ka o ile a kōpa ho buisana le mopresidente eo ka morero oa ho mo pakela. Kōpo ea hae e ile ea amoheloa eaba ke tsamaea le eena. Re ile ra amoheloa ka liatla tse peli—e leng ntho eo re neng re sa e tloaela ho hang. Mopresidente o ile a amohela mohoe oa ka ka mofuthu ka ho mo haka. Ka mor’a moo re ile ra bua ka tumelo ea rōna eaba re mo fa lingoliloeng.

Ka 1991, ka mor’a lilemo tse 44 ke le molebeli ea tsamaeang, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ho potoloha, ke se ke haotse le Italy eohle ke etela liphutheho. Ka mor’a moo, ke ile ka qeta lilemo tse ’nè ke le molebeli oa Holo ea Kopano, ho fihlela ke tlameha ho fokotsa boikarabelo ka lebaka la ho kula haholo. Leha ho le joalo, ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke etsa sohle se matleng a ka hore ke bolelle batho litaba tse molemo ke be ke ba rute, ’me hona joale ke khanna lithuto tsa Bibele tse ’maloa. Le hona joale, barab’abo rōna ba ntse ba bolela hore ke fana ka lipuo ka cheseho e “tukang.” Ke leboha Jehova hore ebe mahlahahlaha a ka ha aa fokotseha ka lebaka la ho hōla.

Lilemong tsa bocha ke ne ke laoloa ka ho feletseng ke ho tšaba lefu, empa ho rua tsebo e nepahetseng ea Bibele ho mphile tšepo e tiileng ea ho phela ka ho sa feleng—e leng bophelo boo Jesu a itseng ke bophelo ‘bo bongata.’ (Joh. 10:10) Ke sona seo ke se lebeletseng hona joale—e leng bophelo ba khotso, tšireletseho le thabo, bo nang le mahlohonolo a mangata a tsoang ho Jehova. Tlhompho eohle e ke e isoe ho ’Mōpi oa rōna ea lerato eo re filoeng tlotla ea ho bitsoa ka lebitso la hae.—Pes. 83:18.

[’Mapa o maqepheng a 22, 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SWITZERLAND

BERN

Zurich

Arbon

Steinach

ITALY

ROMA

Como

Milan

Nōka ea Adda

Castione Andevenno

Faenza

Sulmona

Ventotene

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Re ea Gileade

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

’Na le Giuseppe ha re le Gileade

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mohla re chatang

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Moratuoa oa ka ea ntšehelitseng ka lilemo tse fetang 55