Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kereke le ’Muso Byzantium

Kereke le ’Muso Byzantium

Kereke le ’Muso Byzantium

MOTHEHI oa Bokreste o ne a sa qeaqee ka phapang e lokelang ho ba teng pakeng tsa balateli ba hae le moloko oa batho ba ikarohantseng le Molimo. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.” (Johanne 15:19) Jesu o ile a bolella Pilato, moemeli oa ’muso oa bopolotiki oa mehleng ea hae sena: “Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”—Johanne 18:36.

E le hore ba phethahatse boikarabelo ba bona ba ho bolela “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” Bakreste ba ne ba lokela ho qoba ho khelosoa ke litaba tsa lefatše.

(Liketso 1:8) Joaloka Jesu, Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba kena-kenana le lipolotiki. (Johanne 6:15) Ho ne ho hlokomeleha hore Bakreste ba tšepahalang ba ne ba sa sebetse mesebetsi ea sechaba kapa ea puso. Sena se ile sa fetoha qetellong.

“Karolo ea Lefatše”

Nakoana ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ithaopela ho qala ho fetola pono ea bona ka lefatše. Ba ile ba qala ho ba le pono ea “’muso” o lefatšeng le oo hape e leng karolo ea lona. Re tla ithuta ho hong ka ho hlahloba hore na bolumeli le lipolotiki li ile tsa lohellana joang ’Musong oa Byzantium—e leng ’Muso oa Bochabela oa Roma, oo motse-moholo oa oona o neng o le Byzantium (hona joale ke Istanbul).

Sechabeng seo ho sona ka tloaelo bolumeli bo neng bo phetha karolo e khōlō, Kereke ea Byzantium, eo setsi sa eona se neng se le Byzantium, e ne e e-na le matla a maholo. Rahistori oa kereke Panayotis Christou o kile a re: “Batho ba Byzantium ba ne ba lumela hore ’muso oa bona oa lefatšeng ke setšoantšo sa ’Muso oa Molimo.” Leha ho le joalo, hase kamehla moemphera a neng a e-na le pono eo. Ka lebaka leo, kamano pakeng tsa Kereke le ’Muso e ne e hlobaetsa ka linako tse ling. The Oxford Dictionary of Byzantium e re: “Babishopo ba Constantinople [kapa Byzantium] ba ne ba itšoara ka mekhoa e fapa-fapaneng haholo, e akarelletsang ka bokoala ho iketsa bahlanka ba ’musi ea nang le tšusumetso . . . , ho sebelisana ka katleho le moemphera . . . le ho hanyetsa ka sebete thato ea moemphera.”

Mopatriareka oa Constantinople, e leng hlooho ea Kereke ea Bochabela, o ne a e-na le tšusumetso e matla haholo. Ke eena ea neng a beha moemphera boreneng, ka hona a mo lebelletse hore e be mosireletsi ea matla oa bolumeli ba Orthodox. Hape, mopatriareka o ne a ruile haholo, kaha o ne a laola boholo ba mehloli ea matlotlo a kereke. Matla a hae a maholo a ne a tsoa bolaoling boo a neng a e-na le bona holim’a baitlami ba bangata ba banna le tšusumetsong eo a neng a e-na le eona lithong tsa kereke.

Hangata mopatriareka o ne a le boemong ba ho hlompholla moemphera. O ne a ka mo sokela ka ho khaoloa kerekeng—a mo hatella ka lebitso la Molimo—kapa ka mekhoa e meng feela eo baemphera ba neng ba ka tlosoa ka eona.

Kaha puso ea sechaba e ne e oa butle-butle ka ntle ho motse-moholo, hangata babishopo ba ne ba e-ba matla ka ho fetisisa metseng ea habo bona, ba lekana ka matla le babusi ba liprofinse, ba neng ba thusitse ho ba khetha. Babishopo ba ne ba sebetsa linyeoe le litaba tsa lefatše neng le neng ha kereke e ameha—’me ka linako tse ling leha e ne e sa amehe. Lebaka la sena e ne e le hore baprista le baitlami ba banna, ba neng ba le pusong ea babishopo kaofela ha bona, ba ne ba le mashome a likete.

Lipolotiki le Bosimone

Joalokaha re bona ka holimo, mosebetsi oa boruti o ile oa lohellana ka ho feletseng le lipolotiki. Ho feta moo, palo e khōlō ea baruti le mesebetsi ea bona ea bolumeli e ne e ama chelete e ngata haholo. Baruti ba bangata ba boemo bo phahameng ba ne ba phela mabothobothong. Ha kereke e ntse e fumana matla le leruo, bofutsana le bohloeki ba mehleng ea baapostola li ile tsa fela. Baprista le babishopo ba bang ba ile ba reka hore ba khethoe. Bosimone bo ne bo tloaelehile ho tloha boemong bo tlaase-tlaase ho ea ho bo phahameng ka ho fetisisa ba baruti. Baruti ba tšehetsoang ke babuelli ba barui ba ne ba hlōlisana bakeng sa litulo tsa boruti ka pel’a moemphera.

Baeta-pele ba baholo ba bolumeli ba ne ba boetse ba susumetsoa ka tjotjo. Ha Moemphera oa Mosali ea bitsoang Zoe (oa hoo e ka bang ka 978-1050 C.E.) a bolaea monna oa hae Romanus III ’me a batla ho nyalana le nyatsi ea hae eo e neng e tla ba Moemphera Michael IV, o ile a bitsetsa Mopatriareka Alexius ka potlako tlung ea borena. Ke hona moo mopatriareka a ileng a tsebisoa ka lefu la Romanus le tšebeletso eo a neng a lebelletsoe hore a e etse. Taba ea hore kereke e ne e keteka Labohlano le Halalelang mantsiboeeng ao ha ea ka ea nolofalletsa Alexius litaba. Leha ho le joalo, o ile a amohela limpho tsa moemphera oa mosali tse fanoang ka seatla se bulehileng eaba o phethahatsa kōpo ea hae.

Ho ba Mohlanka oa Moemphera

Ka linako tse ling historing ea ’Muso oa Byzantium, ha ho ne ho khethoa mopatriareka oa Constantinople, moemphera o ne a sebelisa tokelo eo a nang le eona ea ho khetha. Linakong tse joalo, ha ho eo e neng e ka ba mopatriareka khahlanong le thato ea moemphera kapa ea e-ba eena ka nako e telele.

Moemphera Andronicus II (1260-1332) o ile a fumana ho hlokahala ho fetola bapatriareka ka makhetlo a robong. Hangata maemong a joalo, sepheo e ne e le ho beha mopatriareka ea ka lebisoang koana le koana habonolo. Ho latela buka ea The Byzantines, mopatriareka e mong o bile a etsa tšepiso e ngotsoeng fatše ho moemphera hore o tla “etsa eng kapa eng eo [moemphera] a e batlang, ho sa tsotellehe hore na ha e molaong hakae, le hore ha a na ho etsa eng kapa eng e mo halefisang.” Baemphera ba ile ba leka ka makhetlo a mabeli ho phetha thato ea bona kerekeng ka ho hlomamisa khosana e ’ngoe hore e be mopatriareka. Moemphera Romanus I o ile a phahamisetsa mora oa hae Theophylact, ea neng a e-na le lilemo li 16 feela, setulong sa mopatriareka.

Haeba mopatriareka a ne a hlōleha ho khahlisa morena, o ne a ka ’na a mo qobella hore a theohe setulong kapa a laela sinoto hore e mo theole. Buka ea Byzantium e re: “Ha histori ea Byzantium e ntse e tsoela pele, balaoli ba phahameng esita le tšusumetso e tobileng ea Moemphera, ba ile ba ba le karolo e hlahelletseng khethong ea babishopo.”

Ho feta moo, moemphera o ne a okamela liboka tsa baruti kahobane mopatriareka a ne a ema le eena. O ne a tsamaisa lipuisano, a qapa melao ea tumelo le ho ngangisana le babishopo hammoho le bakhelohi, bao a neng a khaola khang ea hae le bona ka ho ba bolaela thupeng. Moemphera o ne a boetse a tiisa le ho kenya tšebetsong melao e amohetsoeng ke seboka. Ba neng ba mo hanyetsa o ne a sa ba qose feela ka ho hlanohela morena empa o ne a ba qosa le ka hore ke lira tsa tumelo le Molimo. Mopatriareka e mong oa lekholong la botšelela la lilemo o ile a re: “Ha ho letho le lokelang ho etsoa ka Kerekeng le hananang le thato le litaelo tsa Moemphera.” Babishopo ba ka lekhotleng—e leng banna ba bonolo, ba susumetsoang habonolo, ba tšoasoang ka liketso tse mosa le ba qekisoang ka bohlale—ka tloaelo ba tšoana le baokameli ba bona ka ho se ipelaetse.

Ka mohlala, ha Mopatriareka Ignatius (oa hoo e ka bang 799-878 C.E.) a hana ho amohelisa Letona le Leholo Bardas, letona le ile la iphetetsa. Bardas o ile a neta Ignatius ka morero oa bolotsana le ka ho hlanohela naha. Mopatriareka enoa o ile a tšoaroa ’me a lelekeloa ka ntle ho naha. Sebakeng sa hae letona lena le ile la etsa hore ho khethoe Photius, e leng motho feela eo ka mor’a matsatsi a tšeletseng a ileng a ba setulong se phahametseng mabotho ’ohle a baruti, qetellong a fihla boemong ba mopatriareka. Na Photius o ne a tšoaneleha bakeng sa setulo seo sa bomoea? O ’nile a hlalosoa e le motho “ea ratang botumo ka mokhoa o feteletseng, ea bohale bo sa tloaelehang le ea ipabolang lipolotiking.”

Thuto ea Bolumeli e Sebeletsa Lipolotiki

Hangata ho hanyetsana lipolotiking ho ne ho koaheloa ka ho ngangisana ka lithuto tsa neano le tsa bokhelohi, ’me baemphera ba bangata ba ne ba susumetsoa ke mabaka a bopolotiki ho e-na le ho susumetsoa ke takatso ea ho kenya lithuto tse ncha. Ha e le hantle, moemphera o ne a ipoloketse tokelo ea ho fana ka litaelo tsa thuto le ho hatella kereke hore e mamele thato ea hae.

Ka mohlala, Moemphera Heraclius (575-641 C.E.) o ile a leka ka thata ho felisa karohano e neng e arola ’muso oa hae o fokolang le o tetemang e neng e amana le sebōpeho sa Kreste. Ha a leka ho sekisetsa, o ile a kenya thuto e ncha ea Bonngoe ba Thato ea Kreste. * Ka mor’a moo, e le hore Heraclius a kholisehe ka botšepehi ba liprofinse tse ka boroa tsa ’muso oa hae, o ile a khetha mopatriareka e mocha oa Alexandria, e leng Cyrus oa Phasis, ea ileng a thoholetsa thuto eo moemphera a neng a e tšehetsa. Moemphera ha aa ka a etsa Cyrus mopatriareka feela empa hape o ile a mo etsa letona la Egepeta, a e-na le matla a ho busa babusi ba eona. Ka khatello ea mahloriso a manyenyane, Cyrus o ile a etsa hore boholo ba kereke ea Egepeta bo lumellane le eena.

Litholoana Tse Babang

Liketsahalo tsee li ne li ka bonahatsa mantsoe a Jesu le moea oa thapelo ea hae joang moo a itseng balateli ba hae e ne e sa tl’o ba “karolo ea lefatše”?—Johanne 17:14-16.

Baeta-pele ba mehleng ea Byzantium le ka mor’a eona ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, ba kotutse litholoana tse babang ka ho kena-kenana le litaba tsa lefatše tsa lipolotiki le tsa ntoa. Tlhahlobo ena e khutšoanyane ea histori e u bolella’ng? Na baeta-pele ba Kereke ea Byzantium ba ile ba amoheleha ho Molimo le Jesu Kreste?—Jakobo 4:4.

Baeta-pele bao ba bolumeli ba ratang botumo le batlatsi ba bona ha baa sebeletsa Bokreste ba ’nete. Motsoako ona o silafetseng oa bolumeli le lipolotiki o emetse hampe bolumeli bo hloekileng bo rutiloeng ke Jesu. E se eka re ka ithuta ka histori ’me ra lula re ‘se karolo ea lefatše.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 22 Thuto ea Bonngoe ba Thato ea Kreste e bolela hore le hoja Kreste a e-na le libōpeho tse peli e le Molimo-motho, o na le thato e le ’ngoe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

“JOALOKA MOLIMO EA IKONKANG MAHOLIMONG”

Liketsahalo tse pota-potileng Mopatriareka Michael Cerularius (oa hoo e ka bang 1000-1059) ke mohlala o motle oa karolo eo hlooho ea kereke e neng e ka e phetha litabeng tsa ’Muso le ho rata botumo ho neng ho ameha. Ha a fumane bopatriareka, Cerularius o ile a ipatla holimo. Ho hlalosoa hore o ne a le bohale, a iketelletsa pele, ’me a sa sekisetse—“boitšoarong ba hae o ne a bonahala joaloka molimo ea ikonkang maholimong.”

Ka lebaka la takatso ea hae ea ho iphahamisa, Cerularius o ile a hlohlelletsa ho arohana le mopapa oa Roma ka 1054, ’me a qobella moemphera hore a amohele karohano eo. Cerularius o ile a thabisoa ke tlhōlo ena ’me a lokisetsa ho beha Michael VI boreneng ’me a mo thusa ho tiisa ’muso oa hae. Selemo hamorao, Cerularius o ile a qobella moemphera hore a theohe setulong eaba o beha Isaac Comnenus (oa hoo e ka bang 1005-1061) boreneng.

Khohlano pakeng tsa bapatriareka le ’muso e ile ea hōla. Kaha Cerularius o ne a kholisehile hore sechaba se tla mo tšehetsa, o ile a tšosa, a batla lintho ka khang, a ba a sebelisa pefo. Rahistori oa nakong eo o ile a re: “Ka puo feela e eisehang le e se nang tlhompho, o ile a bolela esale pele ka ho oa ha Moemphera a re: ‘Uena tseketseke tooe, ke u phahamisitse; empa ke tla u liha.’” Leha ho le joalo, Isaac Comnenus o ile a laela hore a tšoaroe, a kenngoe chankaneng le ho lelekeloa Imbros.

Mehlala ena e bontša khathatso eo mopatriareka oa Constantinople a neng a ka e baka le kamoo a neng a ka hanyetsa moemphera ka matla kateng. Hangata moemphera o ne a tlameha ho sebetsana le banna ba joalo, bao e neng e le bo-ralipolotiki ba masene, ba tsebang ho nyelisa moemphera le sesole.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Boholo ba ’Muso oa Byzantium

Ravenna

Roma

MACEDONIA

Constantinople

Leoatle le Letšo

Nicaea

Efese

Antioke

Jerusalema

Alexandria

Leoatle la Mediterranean

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Map: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]

Comnenus

Romanus III (ka ho le letšehali)

Michael IV

Moemphera oa mosali Zoe

Romanus I (ka ho le letšehali)

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Comnenus, Romanus III, and Michael IV: Courtesy Classical Numismatic Group, Inc.; Empress Zoe: Hagia Sophia; Romanus I: Photo courtesy Harlan J. Berk, Ltd.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Photius

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Heraclius le mora

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Heraclius and son: Photo courtesy Harlan J. Berk, Ltd.; all design elements, pages 8-12: From the book L’Art Byzantin III Ravenne Et Pompose