Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Linaleli le Lipolanete li re Ruta’ng?

Linaleli le Lipolanete li re Ruta’ng?

Sepakapaka se lula se makatsa litsebi tsa linaleli ’me li ntse li tsoela pele ho etsa lithulusi tse ka li thusang hore li ithute ka sepakapaka haholoanyane. Ho fihlela hona joale, li se li ithutile eng?

Linaleli le lipolanete li hlophisehile. Sehlooho se seng se hlahang makasineng oa Astronomy se re: “Lihlopha tsa linaleli ha lia hasana feela sepakapakeng, ho e-na le hoo, li hlophisehile.” Ntho e ikhethang tjee e ka etsahala joang? Bo-rasaense ba lumela hore ho na le ntho e ’ngoe e sa bonahaleng e sepakapakeng e tšoereng lihlopha tsa linaleli hore li lule li le sebakeng sa tsona.

Ho tlile joang hore linaleli le lipolanete li hlophisehe ka tsela ee? Na ho ka khoneha hore ntho e hlophisehileng tjee ebe e iketsahaletse feela? Hlokomela mantsoe a ileng a buuoa ke Allan Sandage. E ne e le setsebi sa linaleli se hlomphuoang haholo ebile a lumela ho Molimo.

O ile a re: “Ke utloa e le ntho e sa utloahaleng hore lintho tse hlophisehileng tjena li ile tsa qhoma feela ’me tsa e-ba teng. E tlameha ebe ho na le ea li hlophisitseng.”

Lintho tsohle tse sepakapakeng li thusa hore ho be le bophelo. Ak’u nahane ka mocheso oa letsatsi. Haeba matla a etsang hore letsatsi le lule le le teng a ne a fokola, le ka be le sa ka la e-ba teng ho tloha qalong. Ka lehlakoreng le leng, haeba matla ao a ne a ka ba mangata haholo, letsatsi le ne le tla chesa ho feta tekano ho isa boholeng ba hore le lona ka bolona le che ebe ha le sa hlola le e-ba teng.

Ho ntse ho e-na le lintho tse ling tse ngata tse laolang lipolanete le linaleli tse etsang hore bophelo bo be teng. Mongoli e mong oa tsa saense ea bitsoang Anil Ananthaswamy o re haeba lintho tsena li ne li se ka tsela eo li leng ka eona hona joale, “linaleli, lipolanete le lihlopha tsa linaleli li ka be li sa ka tsa e-ba teng. Bophelo bo ne bo ke ke ba khona ho ba teng.”

Lefatše ke polanete e loketseng hore e be lehae la batho. Le na le tikoloho e khahlehang, metsi a lekaneng le khoeli e etsang hore le tsitse. Makasine oa National Geographic o re lefatše ke lona feela polanete eo bo-rasaense ba fumaneng hore batho ba ka phela ho eona. *

Mongoli e mong o re potoloho ea lipolanete le letsatsi e hole haholo le linaleli tse ling le lihlopha tsa tsona. Sena ke sona se etsang hore ho be le bophelo mona lefatšeng. Haeba lefatše le ne le atamelane haholo le linaleli, mahlaseli a tsona a ne a tla beha bophelo ba rona kotsing. Empa lefatše le lutse sebakeng se nepahetseng.

Setsebi sa saense se bitsoang Paul Davies se re sea lumela hore bophelo ha boa itlhahela feela empa bo bile teng ka morero. Davies o ne a sa rute hore Molimo ke eena ea bopileng lintho tsohle empa uena u nahana’ng? Leholimo le lefatše li entsoe ka tsela eo ho khonehang hore ho be le bophelo ho tsona. Na see ha se u kholise hore li bopiloe?

^ Makasine ona oa National Geographic o ne o sa rereloa ho hlakisa hore Molimo ke eena ea bopileng batho le lefatše. O ne o mpa feela o hlakisa hore lefatše le loketse hore batho ba ka phela ho lona.