Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TSOHA! No. 3 2021 | Na u na le Bopaki ba Hore Lintho Tsohle li Bopiloe ke Molimo?

Batho ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na bophelo bo bile teng joang mona lefatšeng. Makasine ena ea Tsoha! e tla u thusa hore u hlahlobe bopaki ’me u iketsetse qeto ea hore na ke’ng seo e leng ’nete. Na lintho tsohle li bile teng ka mohlolo kapa li entsoe ke Molimo? Ho tseba karabo ea potso ena ho ka u tsoela molemo.

 

U ka Iketsetsa Qeto Joang?

Batho ba bangata baa ipotsa hore na bophelo bo qalile joang empa ha ba fumane likarabo.

Linaleli le Lipolanete li re Ruta’ng?

Bophelo bo teng ka lebaka la tsela eo maholimo le lefatše li leng ka eona. Na ebe li ka tsela ee hobane ho e-⁠na le ea li entseng?

Re ka Ithuta’ng ho Lintho Tse Phelang?

Lintho tse phelang li etsa hore polanete ea rona e khahlehe haholo. Na lintho tse phelang li ka re thusa ho utloisisa hore na bophelo bo qalile joang?

Seo bo-rasaense ba sa se tsebeng

Na saense e fana ka bopaki ba hore na bophelo bo qalile joang?

Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng

Na e lumellana ke seo saense e se buang?

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore re Tsebe Hore na ho na le ’Mopi?

Haeba bopaki bo u kholisa hore Molimo ea Matla ’Ohle o teng, seo se tla u tsoela molemo hona joale esita le nakong e tlang.

Hlahloba bopaki

Na hona le bopaki bo lekaneng ba hore u iketsetse qeto ea hore na ’Mopo o teng?