Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’MUSO O TLA FELISA MATHATA

O Tla “Tlisa Khotso e sa Feleng”

O Tla “Tlisa Khotso e sa Feleng”

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o batla hore batho kaofela ba nahanelane ho sa tsotellehe hore na ba lula naheng efe. Ba sebelisane, ba hlomphe litokelo tsa ba bang ba be ba hlokomele lefatše. Ntate Maher Nasser o ile a ngola ho UN Chronicle a re lebaka leo mokhatlo ona o batlang ho be joalo ke hobane lintho tse kang “ho fetoha ha maemo a leholimo, tlolo ea molao, ho hloka teka-tekano, ho qabana, ho baleha sebakeng seo motho a lulang ho sona, bokhukhuni, mafu a tšoaetsanoang le mathata a mang ke ngoetsi ea malapa ’ohle. “

Batho ba bang ba ile ba leka hore ho be le ’muso o tla busa lefatše lohle. E mong oa bona ke Dante oa Motaliana (ea phetseng pakeng tsa 1265 le 1321) eo e neng e le seroki le ralipolotiki ea hlaheletseng. E mong hape ke Albert Einstein (ea phetseng pakeng tsa 1879 le 1955) eo e neng e le rasaense. Dante o ne a lumela hore ha feela ho e-na le mebuso e mengata lefatšeng, ho ke ke ha e-ba le khotso. O ile a qotsa mantsoe a Jesu Kreste a re: “ ’Muso o mong le o mong o arohaneng [oa oa].”​—Luka 11:17.

Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše ho ile ha qhoma libomo tse peli tsa athomo. Nakoana ka mor’a eona, Albert Einstein o ile a ngola lengolo le eang Sebokeng se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng le neng le ka baloa ke motho e mong le e mong. O ile a re: “Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o lokela ho potlakela ho etsa hore ho be le ’muso o le mong o tla busa lefatše lohle.”

Empa na bo-ralipolotiki ba ka khona ho etsa hore ho be le ’muso o matla o se nang bobolu, o ka rarollang bothata bo bong le bo bong le o sa hatelleng bafo ba oona? Kapa e tla ba taba feela ea hore phokojoe e sola boea ha e sole mekhoa? Lipotso tsena li tšoana le mantsoe a ileng a buuoa ke rahistori oa Brithani ea bitsoang Lord Acton a reng: “Matla a na le ho mathela motho hloohong ’me matla a feletseng a mathela motho hloohong ka ho feletseng.”

Le haeba ’muso oo o ne o ka ba teng, batho ba hloka ho ba le bonngoe e le hore lefatšeng ho be le khotso. Ebe ho ka etsoa joang hore ’muso o joalo o be teng? Kapa ke toro feela? Bibele e re o tla feela o be teng, empa joang? Ha se o tšoanang le e teng hona joale ea bo-ralipolotiki ba tletseng bobolu. Empa ke o tla hlongoa ke Molimo. O tla sebelisa ’Muso ona ho bontša hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho busa batho. ’Muso oo ke ofe? Bibele e re ke “ ’Muso oa Molimo.”​—Luka 4:43.

“ ’MUSO OA HAO O KE O TLE”

Ha Jesu Kreste a ne a etsa Thapelo ea Morena o ile a bua ka ’Muso oa Molimo a re: “ ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.” (Matheu 6:​9, 10) ’Muso oo o tla etsa hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng ho fapana le mebuso ena ea batho ba meharo ba sa etseng thato ea Molimo.

’Muso oo oa Molimo o boetse o bitsoa “Muso oa maholimo.” (Matheu 5:3) Hobane’ng? Ke hobane o tla busa lefatše o le leholimong. Taba ena e bolela hore ’Musong oo batho ba ke ke ba lefa lekhetho. Kannete batho ba tla ke ba utloe le litsebeng.

Molimo o entse hore ’Muso ona oa hae o be le morena e leng Jesu Kreste. Bibele e re ka Jesu:

  • “Borena bo beiloe lehetleng la hae, . . . hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”​—Esaia 9:​6, 7, Bibele ea Sesotho.

  • “A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.”​—Daniele 7:14.

  • “ ’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rona le oa Kreste oa hae.”​—Tšenolo 11:15.

Molimo o tla phethahatsa mantsoe a thapelong ea Morena ka ho etsa hore ’Muso oa hae o buse lefatše. ’Musong oo, batho ba tla ithuta ho hlokomela lefatše hore e be sebaka se setle seo ba ka phelang ho sona.

’Musong oa Molimo batho kaofela ba tla ruteha ’me ba phele ka tsela e nepahetseng. Ha ho n’o ba le batho ba phahametseng ba bang. Esaia 11:9 e re ho ke ke ha e-ba le kotsi leha e le efe kapa ha e-ba le tšenyo “hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”

Ka nako eo, lefatšeng ho tla rena khotso, e leng ntho eo Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng esale o e labalabela. Pesaleme ea 37:​11 e re batho “ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Lintho tse kang “tlolo ea molao,” “tšilafalo ea tikoloho,” “bofutsana” le “ntoa” e tla ba pale ea maobane. Ebe lintho tsee li tla etsahala neng? ’Muso oa Molimo o tla busa lefatšeng neng? O tla le busa joang? Re tla fumana melemo efe ’Musong oo? A re ke re boneng.