Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Re Fumane “Perela . . . e Theko e Phahameng”

Re Fumane “Perela . . . e Theko e Phahameng”

MOR’ABO RONA WINSTON le mohats’ae Pamela (Pam) Payne ba sebeletsa ofising ea lekala ea Australasia. Le hoja ba thabile, ba ile ba thulana le liphephetso bophelong tse kang ho lahleheloa ke lesea le e-s’o hlahe le mathata a ho phela meetlong e fapakaneng. Empa ba ile ba lula ba rata tšebeletso ea bona, Jehova le batho ba hae. Puisanong e latelang, ba re phetela pale ea bona.

Mor’abo rona Payne, re kopa u re bolelle ka leeto la hao la ho batla ho tseba Molimo.

Ke holetse polasing e ’ngoe e Queensland, Australia ’me lapeng re ne re sa rate bolumeli. Kaha re ne re lula hole le toropo, re ne re sa kopane le batho hangata, kahoo lelapa leso e ne e le lona feela le haufi le ’na. Ke ile ka batla ho tseba ka Molimo ha ke le lilemo li ka bang 12. Ka rapela eaba ke kopa Molimo hore a nthuse ke mo tsebe. Hamorao ke ile ka fumana mosebetsi toropong ea Adelaide, karolong e ka Boroa ea Australia. Ha ke le lilemo li 21, ke ile ka kopana le Pamela ha ke etetse Sydney eaba o mpolella ka mokhatlo o mong oa bolumeli oa Mabrithani a neng a lumela hore a tsoa lesikeng la Baiseraele. Mokhatlo ona o lumela hore o tsoa lesikeng la meloko e leshome ea Baiseraele e neng e le ka leboea e ileng ea isoa kholehong lilemong tsa bo800 pele ho mehla ea Kreste. Ha ke khutlela Adelaide, ke ile ka bolella mosebetsi-’moho le ’na ka taba ena ’me eena o ne a se a ithuta Bibele le Lipaki. Ka mor’a ho bua le eena lihora tse seng kae ka bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka utloa eka thapelo ea ka e arabetsoe. Ke ile ka ithuta ka Jehova le ka ’Muso oa hae. Ke ne ke fumane “perela . . . e theko e phahameng.”​—Mat. 13:​45, 46.

Morali’abo rona Payne, uena u thusitsoe ke’ng hore u batle ho tseba ka Molimo u sa le monyane lilemong?

Ke holetse toropong ea Coffs Harbour, e New South Wales ’me ke holisitsoe ke batsoali ba ratang bolumeli. Batsoali ba ka le batsoali ba ’mè oa ka ba ile ba lumela lithuto tsa mokhatlo oa bolumeli oa Mabrithani. ’Na le banab’eso ba babeli le batsoala ba rona, re holisitsoe ho thoe Molimo o rata batho bao baholo-holo ba bona e leng Mabrithani feela. Leha ho le joalo, ke ne ke sa lumele lithuto tseo ’me ke utloa ke se na kamano e ntle le Molimo. Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka chakela likereke tse fapaneng tse akarelletsang, ea Chache, ea Baptiste le ea Sabatha. Empa kaofela ha tsona ha li ea ka tsa nthusa ho tseba Molimo.

Hamorao lelapa leso le ile la fallela Sydney moo ke ileng ka kopana le Winston ha a le phomolong. Kaha re ne re buisana ka litaba tsa bolumeli hangata le Winston, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Ka mor’a moo, mangolo ao a neng a nthomella ’ona a ne a se a tletse litemana tsa Bibele feela. Ho bua ’nete, qalong ke ne ke tšoenyehile ebile ke halefile. Empa butle-butle ke ile ka hlokomela hore litemana tseo a neng a ’ngolla tsona li bua ’nete ka Molimo.

Ka 1962, ke ile ka fallela Adelaide e le hore ke be haufi le Winston. O ile a nkopela bolulo lelapeng le leng la baromuoa ba neng ba sebeletsa Papua New Guinea, e leng Mor’abo rona Thomas le mohats’ae Janice Sloman. Ba ne ba le mosa haholo ho ’na ’me kaha ke ne ke le lilemo li 18 feela, ba ile ba nthusa hore ke tsebe Jehova haholoanyane. Kahoo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele ’me ka kholiseha hore ke fumane ’nete. Hang ka mor’a hore re nyalane, re ile ra kenela tšebeletso ea nako e tletseng e ileng ea re thusa ho baballa perela ea bohlokoa eo re nang le eona le hoja re ile ra thulana le mathata a mangata.

Mor’abo rona Payne, ak’u re joetse hore na bophelo ba lona bo bile joang ha le qala ho ba tšebeletsong.

A. ’Mapa o bontšang libaka tseo re neng re potoloha ho tsona

B. Litempe tsa poso tsa lihlekehleke tse ling. Kiribati le Tuvalu pele li ne li tsejoa e le Gilbert le Ellice

C. Sehlekehleke se setle sa Funafuti se fumanehang toropong ea Tuvalu. Sena ke se seng sa lihlekehleke tse ngata tseo re neng re li etela pele ho e-ba le baromuoa ba li etelang

Nakoana ka mor’a hore ’na le Pam re nyalane, Jehova o ile a re bulela ‘menyako e meholo’ ea tšebeletso. (1 Bakor. 16:9) Monyako oa rona oa pele oa tšebeletso re ile ra o bontšoa ke Mor’abo rona Jack Porter eo e neng e le molebeli oa rona oa potoloho (hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala la Australasia.) Mor’abo rona Jack le mohats’ae Roslyn, ba ile ba re khothaletsa hore re be bo-pula-maliboho ba kamehla ’me re ile ra thabela tšebeletso eo ka lilemo tse hlano. Ha ke le lilemo li 29, ’na le Pam re ile ra kopuoa hore re il’o ba bapotolohi lihlekehlekeng tse ka boroa ho Pacific e neng e ikarabella tlas’a lekala la Fiji. Lihlekehleke tseo li akarelletsa American Samoa, Kiribati, Nauru, Niue, Samoa, Tokelau, Tonga, Tuvalu le Vanuatu.

Ka nako eo, batho ba neng ba lula lihlekehlekeng tseo ba ne ba sa utloisise bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova, kahoo re ne re lokela ho ba hlokolosi. (Mat. 10:​16) Liphutheho tseo re neng re potoloha ho tsona li ne li se na batho ba bangata, kahoo re ne re hloka le moo re sunyang hlooho teng ha re ba etetse. Ka lebaka leo, re ne re kopa bolulo ho batho ba motse ’me kaha ba ne ba le mosa ba ne ba re amohela.

Mor’abo rona Payne ak’u re bolelle hore na ho tlile joang hore u rate mosebetsi oa ho fetolela?

Ke morupeli sekolong sa baholo ha re le Samoa

Mehleng eo, barab’abo rona ba neng ba lula lihlekehlekeng tsa Tonga ba ne ba e-na le lipampitšana tse seng kae feela ka puo ea bona ea Setongan, e leng e ’ngoe ea lipuo tsa Polynesia. Ha ba le tšimong ba ne ba sebelisa buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ea Senyesemane hobane e ne e le sieo ka Setongan. Ha re le sekolong sa baholo se neng se nka libeke tse ’nè, ho na le ba bararo ba ileng ba ithaopela ho fetolela buka eo ka Setongan le hoja ba ne ba sa tsebe Senyesemane hantle. Pam o ile a ngola buka eo ka letsoho eaba re e romella lekaleng la United States hore e il’o hatisoa. Re ile ra nka libeke tse robeli hore re e qete. Buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e ile ea thusa batho ba bangata ba buang Setongan hore ba tsebe ’nete ka Molimo le hoja phetolelo ea eona e ne e se ntle hakaalo. Ke ’nete hore ’na le Pam ha re bafetoleli empa ho kenya letsoho ha ho fetoleloa buka ena ho ile ha etsa hore re rate mosebetsi ona.

Morali’abo rona Payne, re kopa u re bolelle hore na bophelo ba lihlekehlekeng bo ne bo le joang ha bo bapisoa le ba Australia.

Ka linako tse ling, re ne re lula ka koloing ena ha re le mosebetsing oa rona oa potoloho

Bo ne bo fapane haholo. Libakeng tse ling re ne re khathatsoa ke menoang, mocheso, mongobo, litoeba, ho kula ’me ka linako tse ling re ne re haelloa ke lijo. Ho sa tsotellehe mathata ana ’ohle, re ne re rata ho lula tlas’a lephephe la rona le ruletsoeng ka joang ebe re ikhatholla ka ho sheba leoatle. Ka linako tse ling ha ntse re shebile leoatle, khoeli e tolokileng e ne e bonahala hantle metsing a lona ’me re khona ho bona le lifate tsa palema. Nako tse tjena li ne li re thusa ho nahanisa le ho rapela ’me li boetse li re thusa hore re se ke ra lula re touta ka mathata a rona.

Re ne re se re rata bana ba mono ba neng ba qabola ba bile ba makatsoa ke ho bona batho ba basoeu. Ha re le Niue, moshanyana e mong e monyane o ile a tšoara mohoete o sephakeng sa Winston eaba o re, “Ke rata masiba a hao.” O ne a qala ho bona mohoete o mongata hakaalo haesale e le eena.

Re ne re utloa bohloko ha re bona kamoo batho ba moo ba neng ba futsanehile ba bile ba phela ka thata kateng. Ba ne ba phela sebakeng se setle empa ba se na metsi a hloekileng hape le litsi tsa bona tsa bophelo li se maemong a matle. Leha ho le joalo, maemo ana a ne a sa tšoenye barab’abo rona ba moo. Ba ne ba se ba tloaetse ho phela har’a ’ona. Ba ne ba thabile hobane ba le haufi le ba malapa a bona, ba e-na le sebaka sa borapeli ba bile ba thabela monyetla oa ho rorisa Jehova hammoho. E bile mehlala e metle ho rona ’me ba ile ba re thusa hore re khotsofalle lintho tseo re nang le tsona.

Morali’abo rona Payne, joale u ne u se u tlameha ho ea kha metsi selibeng le ho pheha ka tsela eo u sa e tloaelang, ebe u ile oa thusoa ke’ng ho tenyetseha le maemo aa a macha?

Pam o hlatsoa liphahlo tsa rona ha re le Tonga

Ntate oa ka o ile a nkoetlisa. O ile a nthuta lintho tse ngata tsa bohlokoa tse kang ho phehela ka ntle le hore na nka etsa’ng ha ke e-na le lintho tse fokolang feela hore ke khone ho phela. Ha re le Kiribati, re ne re lula ntlong e nyenyane e entsoeng ka lehlaka, e ruletsoeng ka joang athe fatše e ne e le koari ea lejoe la korale. Ke ne ke phehela leifong ’me ke etsa libeso ka likhetla tsa coconut. Metsi ’ona ke ne ke a kha selibeng. E le hore bo-’mè ba motseng ba khone ho kha metsi, ba ne ba sebelisa thupa e bolelele ba limithara tse ka bang peli eo ba faselelitseng ropo ho eona. ’Me qetellong ea ropo ba ne ba faseletsa nkho. Bo-’mè bao ba ne ba akhela nkho ka tsela e nepahetseng ka selibeng e le hore ba khone ho kha metsi. Nkho e ne e lokela phaphamala ka lehlakore ka metsing ebe butle-butle metsi a kena ka ho eona ho fihlela e tlala. Ke ne ke nahana hore ke bosesaane ba khoele ho fihlela ha e e-ba ’na ea lokelang ho kha metsi. Ke ile ka akhela nkho ea ka ka makhetlo a ’maloa empa e ne e phaphamala ka holimo feela. Ka mor’a hore batho bohle ba itlope litšeho ka ’na, ’mè e mong o ile a ithaopela ho nthusa. Batho ba moo ba ne ba se leqe ho re thusa.

Qetellong le ile la rata ho sebeletsa lihlekehlekeng haholo, na ebe le ka re bolella liphihlelo tse monate tsa ha le le moo?

Mor’abo Rona Payne: Ho ile ha re nka nako hore re tloaele meetlo ea batho ba moo. Mohlala, ka tloaelo ba ne ba re ngoathela lijo tsohle tse ka pitseng. Qalong re ne re sa tsebe hore ha rea lokela ho ja lijo tseo kaofela. Kahoo, re ne re li ja kaofela. Empa ka mor’a hore re tsebe, re ne re se re ba siela. Ho sa tsotellehe hore na re ne re fosa hakae, barab’abo rona ba ne ba sa re koatele. Ho e-na le hoo, kamehla ha e le beke ea ketelo ba ne ba thaba haholo ha ba re bona. Ka nako eo ba ne ba e-s’o ka ba eteloa ke Lipaki tse ling ntle le ’na le Pam feela.

Ke tsoa le sehlopha sa tšimo ha re le Niue

Ha re ne re etetse bara le barali babo rona, batho ba moo ba ne ba khona ho tseba haholoanyane ka bolumeli ba Lipaki. Batho ba bangata ba ne ba nahana hore bolumeli bona ke ba barab’abo rona ba mono feela. Kahoo, ha re ne re etetse barab’abo rona, batho ba motseng ba ne ba hlolloa haholo.

Morali’abo rona Payne: Nke ke ka lebala ha re ne re etetse Kiribati, moo ho neng ho e-na le phutheho ea bahoeletsi ba fokolang haholo ka palo. Ho ne ho e-na le moholo a le mong eo lebitso la hae e leng Itinikai Matera ’me o ne a etsa sohle seo a ka se khonang ho re hlokomela. Ka letsatsi le leng, o ile a re tlela lehe a le tšetse ka basketeng. Eaba o re: “Ke le tliselitse mona.” Nakong eo, ho fumana mahe e ne e se ntho e bonolo ho rona. Kahoo, re ile ra thaba haholo ha a re fa lona.

Morali’abo rona Payne, ha lilemo li ntse li e-ea o ile oa senyeheloa. Ebe u thusitsoe ke’ng hore u mamelle?

Ke ile ka ba moimana ka 1973 ha re ne re le South Pacific. Re ile ra etsa qeto ea ho khutlela Australia ’me likhoeli tse ’nè hamorao ke ile ka senyeheloa. Monna’ka o ne a utloile bohloko haholo. Ka mor’a nako, bohloko bo pelong ea ka bo ile ba kokobela empa Molula-Qhooa oa April 15, 2009 o ile oa nthusa ho re ke fole. Karolo ea “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” e nang le sehlooho se reng: “Haeba motho a senyeheloa na ho na le tšepo ea hore lesea leo le ka tsoha?” e ile ea nthusa haholo. Sehlooho seo se ile sa re thusa hore re tlohele lintho matsohong a Jehova kaha ke eena ea tsebang lintho tse molemo bakeng sa rona. O tla felisa mathata ’ohle ao re thulanang le ’ona lefatšeng lena le khopo ’me o tla sebelisa Mora oa hae “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Joh. 3:8) Sehlooho sena se ile sa re thusa hore re ananele le ho feta “perela” eo re nang le eona re le batho ba Jehova. Ha re tsebe hore na re ka be re le hokae haeba re ne re se na tšepo ’Musong oa Molimo.

Ka mor’a hore ke senyeheloe, re ile ra khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng hape. Re ile ra ba Bethele ea Australia likhoeli tse seng kae eaba ka mor’a moo re khutlela mosebetsing oa rona oa potoloho. Ka selemo sa 1981, ka mor’a hore re sebeletse mahaeng a New South Wales le Sydney ka lilemo tse ’nè re ile ra koptjoa hore re ee ofising ea lekala ea Australia e leng kamoo e neng e bitsoa kateng ka nako eo ’me esale re le moo ho fihlela hona joale.

Mor’abo rona Payne, na ho potoloha lihlekehlekeng tse ka Boroa ho Pacific ho ile ha u thusa nakong eo u seng u le setho sa Komiti ea Lekala ea Australasia?

E, ka litsela tse ngata. Qalong, lekala la Australia le ile la koptjoa hore le hlokomele lihlekehleke tsa American Samoa le Samoa. Eaba lekala la New Zealand le kopanngoa le la Australia hore ebe ntho e le ’ngoe. Hona joale libaka tse oelang tlas’a lekala la Australasia li akareletsa Australia, American Samoa le Samoa, lihlekehleke tsa Cook, New Zealand, Niue, Timor-Leste, Tokelau le Tonga ’me boholo ba tsona ke libaka tseo ke ileng ka li etela ke le molebeli oa lekala. Hore ebe ke ile ka sebetsa le bara le barali babo rona ba lulang lihlekehlekeng tseo ho nthusa haholo hona joale ha ke se ke le mona ofising ea lekala.

Mora le morali’abo rona Payne ba lekaleng la Australasia

Ha ke li fera, nka rata hore ’na le mohatsa’ka Pam, re hlokometse hore ha se batho ba baholo feela ba ratang ho tseba ka Molimo. Joaloka rona, bana le bona ba rata ho fumana “perela . . . e theko e phahameng” le hoja litho tse ling tsa malapa a bo bona li se na taba le ho tseba ka Molimo. (2 Mar. 5:​2, 3; 2 Likron. 34:​1-3) Re kholisehile hore Jehova o batla hore batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke bana kapa ke batho ba baholo ba fumane bophelo bo sa feleng.

Ha ’na le mohatsa’ka re qala ho batla ho tseba ka Molimo, re ne re sa tsebe hore na liphello e tla ba life. Ha ho na ntho e bohlokoa ho feta ho tseba ka Molimo le ’Muso oa hae. Kahoo, re ikemiselitse ho tšoara ka tieo perela ena ea bohlokoa.