Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Muso oa Molimo Ke’ng?

’Muso oa Molimo Ke’ng?

Haesale batho ba bangata ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle, empa na u kile oa ipotsa hore na ’Muso oa Molimo ke’ng le hore na o tl’o etsa’ng?

BONA NA BIBELE E RE’NG:

  • ’Muso oa Molimo ke’ng?

    Ke ’Muso o leholimong oo Morena oa oona e leng Jesu Kreste.​—Esaia 9:​6, 7; Matheu 5:3; Luka 1:​31-33.

  • ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng?

    O tla felisa lintho tsohle tse bohloko ’me o etse hore batho ba thabe ka ho sa feleng. ​—Daniele 2:​44; Matheu 6:10.

  • Ho bolela’ng ho batla ’Muso pele?

    Ho bolela hore re lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo ’me re be le tšepo ea hore ke oona feela o tla etsa hore maemo a lefatšeng a be ka tsela eo Molimo a e batlang.​—Matheu 6:​33; 13:44.