Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MOLULA-QHOOA No. 2 2017 | Amohela Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo!

U NAHANA JOANG KA TABA EE?

Ke mpho efe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo a re fileng eona?

Bibele e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.”​Johanne 3:16.

Makasine ena ea Molula-Qhooa e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a romela Jesu lefatšeng ho tla re shoela. E boetse e bua ka seo re ka se etsang ho bontša hore re ananela mpho eo e tsoang ho Molimo.

 

SEHLOOHO SE KA NTLE

Mpho e Babatsehang

Bibele e bua ka mpho e babatsehang e tlisetsang batho bophelo bo sa feleng. Ha ho na mpho e fetang ena

SEHLOOHO SE KA NTLE

Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo

Ke’ng e etsang hore mpho ena e be ea bohlokoa ho feta tse ling? Ho nahanisisa ka taba ena ho tla re thusa hore re ananele mpho ena.

SEHLOOHO SE KA NTLE

U ka bontša Joang Hore U Ananela Mpho eo Molimo a U Fileng Eona?

Lerato leo Kreste a nang le lona le re qobella ho etsa’ng?

Na Bibele e Laela hore Balumeli ba se ke ba Nyala?

Malumeli a mang a laela hore baeta-pele ba ona ba se ke ba nyala. Empa Bibele e re’ng ka taba ee?

Ho Lokoloha Bokhobeng​—Nakong e Fetileng le Hona Joale

Mehleng ea pele, batho ba Molimo ba ile ba lokolloa bokhobeng. Leha ho le joalo, batho ba limilione e ntse e le makhoba.

Thabela Melemo e Tlisoang ke ho Fana

Ho fana ho etsa hore u thabe ’me le motho eo u mo fang oa thaba. E etsa hore batho e be metsoalle. U ka etsa’ng e le hore u fane u thabile?

Bibele e Re’ng?

Bibele e re “matsatsing a ho qetela” ho tla ba le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Na see ke sona se etsahalang mehleng ea rona?

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng