Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Lefatše

“Selemo le selemo ho shoa masea a ka bang limilione tse tharo a e-s’o ka a qeta khoeli ’me boholo ba ’ona a bolaoa ke lintho tse ka thibeloang. Ka karolelano, lesea le le leng ho a mararo le shoa letsatsing leo le hlahileng ka lona.”—Save the Children International.

Brithani

Ho ea ka Mokhatlo oa Sechaba oa Bophelo bo Botle oa Engelane, palo ea batho ba bolaoang ke tšilafalo ea moea e ile ea nyoloha ka 2011, litoropong tse 15 tsa London. Ntho e makatsang ke hore, disele e ’nile ea buelloa hore ha e kotsi hakaalo kaha ho thoe e baballa mafura ebile ha e ntše carbon dioxide e ngata. Leha ho le joalo, karolo ea 91 lekholong ea lintho tse silafatsang moea libakeng tseo ke likoloi tse tsamaeang ka disele.

Russia

Ho ea ka phuputso ea 2013 e entsoeng ke Mokhatlo oa Maikutlo a Sechaba oa Russia, baahi ba Russia ba etsang karolo ea 52 lekholong ba ipitsang Bakreste ba kereke ea Orthodox ba ile ba re ha ba e-s’o ka ba bala Bibele ’me ba etsang karolo ea 28 lekholong ba ile ba re ba rapela ka seoelo.

Afrika

World Bank e tlalehile hore taba ea hore e be batho ba ntse ba tseka mobu, e khina temo ’me e baka bofuma. Halofo ea libaka tsa temo tsa lefatše tse itjang feela tse etsang lihekthere tse limilione tse 202 li Afrika, moo ho boleloang hore lihlahisoa tsa temo li etsa liphesente tse 25.

United States

Boholo ba likolo le liunivesithi li ntse li tlohela ho sebelisa libuka ’me libuka tseo li nkeloa sebaka ke li-tablet, tse nang le lintho tse thusang liithuti ho bala le li-apps le lintho tse ling. Leha ho le joalo, ho se ho tla bonahala hore na ho sebelisa li-tablet ho e-na le libuka ho ka boloka chelete kapa che.