Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Batho ba ka Phelisana ka Khotso Joang?

Batho ba ka Phelisana ka Khotso Joang?

Frank le Jerry e ne e le baahelani ba utloanang, ho fihlela ka letsatsi le leng Jerry a etsa phathi bosiu haholo. * Ha Frank a tletleba ka lerata, Jerry o ile a koata. Ba ile ba ngangisana. Ka mor’a moo ba ile ba khaotsa ho buisana.

FRANK le Jerry ba ile ba tobana le bothata bo tloaelehileng. Ha batho ba babeli ba qabana, baa halefa ebile e mong a ka ’na a beha e mong molato. Haeba ba sa rarolle mathata a bona, setsoalle sa bona se ka fela.

Mohlomong u kile ua hlaheloa ke ntho e tšoanang. Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore ha ua ka ua thaba. Ke ’nete hore boholo ba rōna re batla ho phelisana ka khotso le ka kutloano le metsoalle le baahelani ba rōna. Empa re ka etsa seo joang—le hoja ka linako tse ling re qabana? Na hoa khoneha hore re se ke ra lula re e-na le maikutlo a mabe le ho tšoarela ba bang ha ba re utloisitse bohloko? Na re ka khona ho rarolla liqabang tsa rōna ka khotso?

Nahana ka bothata ba Frank le Jerry. Ha e le hantle, ba ile ba qala ho qabana ha ba ne ba nka mehato e fosahetseng: (1) Jerry ha aa ka a bontša ho nahanela, (2) Frank o ile a ntša maikutlo a hae ka tsela e ileng ea halefisa Jerry, (3) ka bobeli ba ile ba halefa haholo ’me (4) ka bobeli ba ne ba le manganga.

Leha ho le joalo, ka mor’a nako ba ile ba kokobela. Banna bana ba babeli ba ile ba bōpa khotso. Ba ile ba thusoa ke eng? Ba ile ba sebelisa likeletso tse thusitseng batho ba bangata eseng feela ho rarolla mathata a bona empa le hore ba be le setsoalle se matla ka mor’a moo.

Likeletso tseo li fumanoa bukeng e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng, e leng Bibele. E re khothalletsa ho hlaolela litšobotsi tse etsang hore re phelisane ka khotso le batho ba bang le tse ka re thusang ha re utloile bohloko—litšobotsi tse kang temoho, mosa, lerato le mamello.—Liproverbia 14:29; 1 Bakorinthe 13:4, 5.

Frank le Jerry ke mehlala e ’meli feela e bontšang hore Bibele e na le matla a ho fetola batho. Ho na le mehlala e meng e mengata, e akaretsang ea batho ba ileng ba hlōla mekhoa e mebe e neng e metse ka metso.  Ka mohlala, Robert ea lulang Australia o ile a tlohela ho ba motho ea bohale haholo. Nelson, ea lulang Timor-Leste, o ile a khaotsa ho hloea sera sa hae sa nako e telele ’me ea e-ba metsoalle e haufi. Bibele e thusitse Robert le Nelson joang? Tsoha! e ile ea buisana le bona.

PUISANO 1

ROBERT, re kōpa u re bolelle hore na u hōtse joang?

Ke hōletse lelapeng le neng le sa thaba. Ka mohlala, Ntate e ne e le motho ea mabifi ’me hangata o ne a nkotla. Ka linako tse ling o ne a nkotla ’me a ntlohele ke tsoa mali a mangata ke bile ke akhehile. Seo se ile sa etsa hore ke be motho ea bohale le ea mabifi. Ha ke le mocha ke ile ka qeta lilemo tse peli ke le sekolong se thusang bana ba litlokotsebe. Hamorao, ke ile ka hlasela motho e mong ka sehlōhō hoo ke ileng ka koalloa chankaneng e sirelelitsoeng ka thata. Ha ke lokolloa ke ile ka fallela Australia, ke nahana hore ke tla qala bophelo bo bocha.

Robert o hōtse a halefile a bile a le mabifi ’me o ile a koalloa teronkong

Na ho falla ho ile ha u thusa hore u fetohe?

Ho falla ha hoa nthusa hakaalo, ntho e ileng ea nthusa ke Bibele, eo ke ileng ka ithuta eona le Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke e-na le bothata ba ho laola bohale ’me hangata ke ne ke ferekana ebile ke ikutloa ke se na thuso. Ka letsatsi le leng ke ile ka nahanisisa ka Liproverbia 19:11, e reng: “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” Ka lebaka la hore ke ne ke batla ho ba le temohisiso eo, ke ile ka qala ho nahana hore na ke eng se etsang hore motho a ikutloe ka tsela e itseng, a bue le ho etsa lintho tse itseng. Seo se ile sa etsa hore butle-butle ke be motho ea nang le kutloisiso, ea sa feleng pelo le ea tšoarelang batho ba bang.

Na u ka re etsetsa mohlala oa seo u se bolelang?

Ka letsatsi le leng ke ile ka koatisa motsoalle oa ka ke sa ikemisetsa ’me o ile a nkomanya ka pel’a batho. Ke ile ka hlajoa ke lihlong haholo! Empa ke ile ka hopola keletso ea Bibele e reng, “ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena” ’me hang-hang ke ile ka kōpa tšoarelo. (Baroma 12:17) Ha motsoalle oa ka a se a khobile matšoafo, ke ile ka bua le eena moo re leng bang ’me o ile a mpolella hore o ne a e-na le mathata a lelapa. Re ile ra bōpa khotso ’me hamorao o ile a mpha jase e ntle. Ke utloa ke tšoha ha ke nahana hore ho ka be ho ile ha etsahala’ng ha e ne e sa le ’na oa khale ’me motsoalle oa ka a ntlotlolla ka tsela eo.

U etsa’ng ha u e-na le mathata a lelapa?

Re na le mora ea lilemo li 20 ’me joaloka malapa a mang rea qabana. Empa ke ithutile lintho tse ngata ka Bibeleng, ho akarelletsa le bohlokoa ba hore ke re, “ke kōpa tšoarelo.” Hoa hlolla hore ha mantsoe ao a buuoa ho tsoa botebong ba pelo, a ka thibela kapa a kokobetsa liqabang.

 PUISANO 2

NELSON, u motho ea bososelang ka mofuthu le ea nang le botsoalle. Empa ho na le nako eo u neng u tletse lehloeo. Na ha ho joalo?

E! Ha ke ne ke le mohlankana ke ile ka kenela sehlopha sa lipolotiki se neng se le khahlanong le ’muso. Ke ne ke boetse ke hloile mokhatlo ao lipolotiki oo re neng re hlōlisana le oona o neng o batla ho laola karolo ea naha eo ke neng ke lula ho eona. E le hore ke ntlafatse bokhoni ba ka ba ho loana, ke ile ka ithuta karate ’me ke ne ke otla mang kapa mang ea neng a ntena.

Ha Nelson e sa le mohlankana, o ile a kenela mokhatlo oa lipolotiki o neng o le khahlanong le ’muso

Ke’ng se ileng sa etsa hore u fetohe?

Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo ke ithutang sona ’me ho na le mangolo a mabeli a ileng a nkama maikutlo. La pele le re: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) La bobeli le re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Ke ile ka hlokomela hore Lipaki tse ileng tsa ithuta Bibele le ’na, li ne li bontša lerato leo ho sa tsotellehe hore na ke batho ba morabe kapa ba setso sefe. Ke ne ke batla ho tšoana le tsona. Ke ile ka atleha, kaha metsoalle ea ka ea khale e ile ea makala ’me e ne e se e sa ntšabe.

Na u kile ua iphumana u halefile hape?

E, empa eseng har’a batho. Ka linako tse ling ke ne ke sa khone ho laola bohale ba ka ha ke le lapeng. Ka letsatsi le leng ke ile ka halefa eaba ke otla mosali oa ka e leng seo ke ikoahlaelang sona haholo. Leha ho le joalo, ka mosa o ile a ntšoarela ’me seo se ile sa etsa hore ke ikemisetse le ho feta hore ke laole bohale ba ka.

U itse batho ha baa ka ba hlola ba u tšaba. Ak’u re etsetse mohlala.

E. Ka letsatsi le leng ke ile ka kopana le Augusto, e leng e mong oa litho tse ka sehloohong tsa mokhatlo oa lipolotiki oo re neng re hlōlisana le oona. Qalong o ne a tšohile. Empa ke ile ka mo lumelisa ka mofuthu, ka mo kōpa hore re lebale tse fetileng ’me ka mo memela lapeng. O ile a tla ’me o ne a makalitsoe ke liphetoho tseo ke li entseng—hoo le eena a ileng a qala ho ithuta Bibele. Hona joale, ’na le Augusto ha re metsoalle ea hlooho ea khomo feela empa re boetse re balumeli-’moho.

 “Le be Le Khotso le Batho Bohle”

Lintho tse etsang hore batho ba qabane ha li tšoane ebile ha ho bonolo ho li utloisisa, hape hase batho bohle ba batlang ho phelisana ka khotso. Ke kahoo Bibele e fanang ka keletso ena: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.

Batho bao ho builoeng ka bona sehloohong sena ba bontša hore keletso e bohlale e tsoang ka Bibeleng ea sebetsa e le kannete—hore haeba re e lumella e ka ba le matla a ho phethola esita le mekhoa e mebe e “metseng ka matla.” (2 Bakorinthe 10:4) Ha e bua ka bohlale boo, Liproverbia 3:17, 18 e re: “Litsela tsa bona ke litsela tsa thabo, ’me litsela tsohle tsa bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.”

Nelson le Augusto e se e le metsoalle

Na u batla ho thaba le ho phelisana le batho ba bang ka khotso? Na u batla ho ba le setsoalle se ke keng sa fela ha ho hlaha liteko? Haeba ho joalo, u ke ke ua soetseha haeba u lumella Bibele hore e u tataise.

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.