Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

App ea JW Library

App ea JW Library

LA 1 SEPTEMBER 2021

 Tlalehong ea Botšelela ea 2020 ea Sehlopha se Busang mora oa bo rona Geoffrey Jackson o ile a re: ‘Re ne re sa nahana hore ka le leng re tla fumana lingoloa le livideo ka mokhoa oa elektronike feela.’ Na u lumellana le mantsoe ao? O ile a boela a re: ‘Nakong ena ea seoa sa Coronavirus rea ipotsa hore na bophelo bo ka be bo le joang kantle ho lithulusi tse kang JW Library. Jehova haesale a re lokiselletsa boemo bo kang bona lilemo tse fetileng.’

 Jehova o entse seo joang? JW Library app e entsoe joang? Hona ho hlokahala eng e le hore e ka ntlafatsoa le hore e ka lula e sebetsa hantle?

App e Ikhethang

 Ka May 2013, Sehlopha se Busang se ile sa kopa lefapha le ntlo-kholo la MEPS Programming hore le etse app e nang le Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane. Mora oa bo rona Paul Willies ea sebetsang MEPS Programming o re: “Re ne re e-s’o etse app le ha e le efe. Re ile ra etsa sehlopha ’me ra ikopanya le mafapha a mang eaba re tlohela mesebetsi e meng eo re neng re ntse re e etsa e le hore re ka etsa app ena le lintho tse tla sebetsa ho eona. Re ne re rapela kamehla ’me ka thuso ea Jehova, app ena e ile ea lokolloa likhoeli tse hlano ka mor’a moo sebokeng sa selemo le selemo.”

 Bothata bo bong e ne e le ho kenya lingoloa tse ling tsa Senyesemane le tsa lipuo tse ling ho app ena. Ka January 2015, lingoloa tsa rona tse ngata li ne li se li fumaneha ka Senyesemane ’me likhoeli tse tšeletseng hamorao li ile tsa fumaneha ka lipuo tse ling tse ngata.

 Ho tloha ka nako eo, bara ba bo rona ba entse lintho tse ’maloa ho ntlafatsa app ena. Ho na le livideo ’me lintho tsohle tseo re li hlokang bakeng sa liboka li nģa e le ’ngoe. Hape ho Study Bible, u ka tobetsa temana ea Bibele ho fumana lintlha tse hlahang ho Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso.

Ho Etsa Bonnete ba Hore App e Sebetsa Hantle

 Ka letsatsi batho ba limilione tse 8 ba sebelisa JW Library ’me ka khoeli e sebelisoa ke batho ba limilione tse ka bang 15. Ho hlokahala eng e le hore app ena e sebetse hantle? Mora oa bo rona Willies o re: “Ha ho mohla re ka reng app e qetile ho etsoa. Re lula re ntlafatsa app ena e le hore batho ba ka khona ho e sebelisa habonolo. Kaha li-operating system tsa lisebelisoa tsa elektronike li lula li ntlafatsoa, le rona re lokela ho ntlafatsa app ea rona e le hore e ka khona ho sebetsa le ha li-operating system tsena li se li ntlafalitsoe. Ha lingoloa le lintho tse rekotiloeng li ntse li eketseha ho JW Library, re lokela ho ntlafatsa software ea rona.” Ka kakaretso ho na le lingoloa tse ka bang 200 000 le livideo le lintho tse mameloang tse ka holimo ho 600 000 ho JW Library.

 Ha se lik’hompieutha feela tse etsang hore app ena e khone ho sebetsa hantle. Re boetse re lokela ho patala chelete e le hore re ka sebelisa li-programme tse itseng tsa lik’hompieutha. Ka selemo, programme e le ’ngoe e pataloa M22 605. Ho ekelletsa moo, MEPS Programming e sebelisa hoo e ka bang M150 700 selemo se seng le se seng ho reka lisebelisoa tse hlokahalang e le hore app ena e ka sebetsa lik’hompieutheng, li-tableteng le lifounung tse ncha.

Ho Daonlouda ho Boloka Chelete ea Monehelo

 Kaha ho se ho sebelisoa JW Library, chelete e sebelisoang bakeng sa ho hatisa le ho tsamaisa lingoloa e fokotsehile haholo. Mohlala ke oa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Re hatisitse libukana tse limilione tse ka bang 12 tsa khatiso ea 2013. Bakeng sa khatiso ea 2020, re hatisitse libukana tse limilione tse ka bang 5 feela, le hoja palo ea bahoeletsi e ne e eketsehile ka hoo e ka bang 700 000 lefatšeng lohle. Ke hobane’ng ha ho bile le phetoho ee? Hobane bara le barali ba bo rona ba bangata ba se ba sebelisa JW Library ho bala temana ea letsatsi. a

App ea Bohlokoa ka ho Fetisisa”

 JW Library e thusa ka litsela tse ngata. Geneviève ea lulang Canada o re o se a ithuta Bibele kamehla ka lebaka la app ena. O re: “Ho bua ’nete feela, haeba ke ne ke tlameha ho ntša libuka tsohle tseo ke li hlokang bakeng sa ho ithuta, ha ke nahane hore ke ne ke tla bala hoseng ho hong le ho hong. Empa kaha ke sebelisa app, ke nka tablet ea ka ebe ke na le lintho tsohle tseo ke li hlokang hona moo. Ho ithuta Bibele kamehla ho matlafalitse tumelo ea ka ’me ho entse hore ke ikutloe ke le haufi le Jehova.”

Geneviève

 App ena e thusitse haholo nakong ena ea seoa sa Coronavirus. Charlyn ea lulang United States eena o re: “Ka lebaka la Coronavirus, ho se ho fetile selemo joale ke e-s’o bone lingoloa tsa rona tse ncha tse hatisitsoeng. Leha ho le joalo, JW Library e tsoela pele ho re thusa ho fumana lintho tseo re li hlokang hore re be le tumelo e matla ’me ke leboha Jehova ka tokisetso ena.”

 Batho ba bangata ba ikutloa joaloka Morali oa bo rona Faye ea lulang Philippines. O re: “Ke sebelisa app e le ’ngoe feela e le hore ke lule ke le haufi le Jehova. Ke ntho ea pele eo ke e sebelisang hoseng. Ke e sebelisa ha ke etsa mosebetsi oa ka tlung, ha ke le libokeng le ha ke lokisetsa pele ke ruta motho Bibele. Ha ke na le nako, ke shebella livideo ho eona. Ke bala lihlooho kapa Bibele ho eona ha ho na le ntho eo ke e emetseng sebakeng se itseng. Kannete ena ke app ea bohlokoa.”

 App ena e boetse e re thusa haholo tšimong. Mohlala, morali oa bo rona oa Cameroon o ne a batla ho sebelisa lengolo le itseng tšimong leo a neng a bone morali e mong oa bo rona a le sebelisa libeke pele ho moo. Leha ho le joalo, o ne a sa hopole hore na ke temana efe. O re: “Bonyane ke ne ke hopola karolo e itseng ea temana eo. Ke ile ka bula app, ka bula Bibele ’me ka kenya mantsoe ao ke neng ke a hopola. Ke ile ka fumana temana eo hang-hang. Ha ke lebetse mangolo a itseng, kea fumana ha bonolo ha ke sebelisa app.”

 Menehelo ea lona e ntšoang ka litsela tse fapaneng joalokaha ho hlalositsoe ho donate.jw.org, e re thusa ho etsa bonnete ba hore JW Library App e sebetsa hantle. Re boetse re khona ho e ntlafatsa e le hore bara le barali ba bo rona ba ka khona ho e sebelisa. Re leboha haholo ka menehelo ea lona.

Se Finyeletsoeng ho JW Library

  1. October 2013—App ea lokolloa e na le Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane

  2. January 2015—Ho kenngoa lingoloa tse ling tsa Senyesemane ’me hamorao li ba teng ka lipuo tse ling tse ngata

  3. November 2015—Ho kenngoa mokhoa oa ho lokisetsa ho sebelisoa mebala

  4. May 2016—Ho kenngoa karolo ea liboka

  5. May 2017—Ho kenngoa karolo ea ho ngola lintlha

  6. December 2017—Ho kenngoa likaroloana tsa lintho tse hlahang ho Study Bible

  7. March 2019—Ho ba le mokhoa oa ho daonlouda lintho tse rekotiloeng, ho shebella livideo le ho sebelisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

  8. January 2021—Ho kenngoa lintho tse eketsehileng bakeng sa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

a Ho daonlouda ho JW Library ho ja chelete e seng kae feela. Ka mohlala, selemong se fetileng, ho sebelisitsoe hoo e ka bang M22 605 000 e le hore batho ba ka khona ho shebella le ho daonlouda lintho ho jw.org le ho JW Library App. Ho ntse ho le joalo, re sebelisitse chelete e nyenyane haholo ho etsa hore livideo le lingoloa e be tsa elektronike ho feta ha re ne re hatisa le ho tsamaisa lingoloa, li-CD, le li-DVD.