Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Mora kapa morali oabo rōna ea ratehang:

Kaofela rea tseba hore Bibele e bua ka bophelo ba batho ba sa tšoaneng. Boholo ba bona ke banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba thulana le mathata a tšoanang le a rōna. Ba ne ba e-na le “maikutlo a joaloka a rōna.” (Jakobo 5:17) Ba bang ba ne ba imetsoe ke mathata le matšoenyeho. Ba bang bona ba ne ba khopisitsoe ke beng ka bona kapa balumeli-’moho le bona. Ha ba seng bakae ba ne ba imetsoe ke matsoalo a molato ka lebaka la liphoso tsa bona.

Na batho bao ba ile ba lahla Jehova ka ho feletseng? Che. Ba bangata ba ne ba tšoana le mopesaleme ea ileng a rapela a re: “Ke hlahlathetse joaloka nku e lahlehileng. Batla mohlanka oa hao, etsoe ha kea lebala litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:176) Na le uena u kile oa bua mantsoe a kang aa?

Ha ho mohla Jehova a lebalang barapeli ba hae ba arohileng mohlapeng. Ho e-na le hoo, oa ba bitsa—hangata o sebelisa balumeli-’moho le bona. Ka mohlala, a re ke re hlahlobe kamoo Jehova a ileng a thusa mohlanka oa hae Jobo kateng, ha a ne a aparetsoe ke litsietsi tse akarelletsang mathata a lichelete, ho hlokahalloa ke bana ba hae le ho tšoaroa ke lefu le bohloko. Jobo o ile a ba a mamella ho hlajoa ka mantsoe ke batho ba neng ba lokela ho mo tšehetsa. Empa ha aa ka a furalla Jehova le hoja a ile a fifalloa ke pono ka nakoana. (Jobo 1:22; 2:10) Jehova o ile a thusa Jobo joang hore a hlaphoheloe?

E ’ngoe ea litsela tseo Jehova a ileng a mo thusa ka tsona ke ka ho sebelisa molumeli-’moho le eena, e leng Elihu. Elihu o ile a mamela Jobo ka hloko ha a mo phetlela sefuba, ’me ka mor’a moo a bua le eena. Ebe o ile a re’ng? Na o ile a nyatsa Jobo kapa a leka ho mo khothatsa ka tsela e mo hlabisang lihlong? Na Elihu o ne a inka a le betere ho feta Jobo? Le hanyenyane! Moea oa Molimo o ile oa mo susumetsa hore a re: “’Na ke seo u leng sona ho Molimo oa ’nete; le ’na, ke bōpiloe ka letsopa.” Eaba o khothatsa Jobo o re: “Ha ho ntho e tšabehang ka ho ’na e tla u tšosa, ha ho khatello ea ka e tla ba boima holim’a hao.” (Jobo 33:6, 7) Ho e-na le hore a imetse Jobo le ho feta, ka lerato Elihu o ile a ithaopela ho mo eletsa le ho mo khothatsa.

Kholiseha hore re ngotse bukana ena re e-na le boikutlo bo kang boo ba Elihu. Re ile ra qala ka ho mamela maikutlo a bahoeletsi ba seng bakae ba seng ba sa kopanele le phutheho, ’me ra nahanisisa ka maemo a bona. (Liproverbia 18:13) Eaba re batla tataiso ka Mangolong, ra kōpa thuso ea Jehova ka thapelo ha re ntse re hlahloba litemana tse bontšang kamoo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng kateng ha ba ne ba tobane le mathata a tšoanang le a hao. Qetellong re ile ra sebelisa mehlala eo le ea batho ba mehleng ena ho etsa bukana ena. Re u kōpa ka mofuthu hore u ke u e bale. Ruri re u rata haholo.

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova