KAROLO EA 2
“Jehova o Rata Toka”
Ho hloka toka ho atile lefatšeng la kajeno, ’me ba bangata ba jarisitse Molimo molato ka phoso. Leha ho le joalo, Bibele e ruta ’nete e ’ngoe e amang maikutlo ea hore “Jehova o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Karolong ena re tla ithuta kamoo a pakileng mantsoe ao e le ’nete kateng, a fa moloko oohle oa batho tšepo.
KAROLONG ENA
KHAOLO EA 11
“Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
Ke hobane’ng ha toka ea Molimo e etsa hore re mo rate?
KHAOLO EA 12
“Na re re Molimo ha a na Toka?”
Haeba Jehova o hloile ho hloka toka, ke hobane’ng ha lefatše le tletse ho hloka toka?
KHAOLO EA 13
“Molao oa Jehova o Phethahetse”
Ke ka tsela efe ba fanang ka melao ba ka susumetsoang ke lerato?
KHAOLO EA 14
Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
Thuto e bonolo empa e tebile ka ho lekaneng ho re thusa ho atamela ho Molimo.
KHAOLO EA 15
Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”
Ke ka tsela efe Jesu a ileng a etelletsa pele toka ea Molimo nakong e fetileng? O etsa se tšoanang joang hona joale? O tl’o etsang hore ho be le toka nakong e tlang?
KHAOLO EA 16
“U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo
Ho ba le toka ho akarelletsa tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona le tsela eo re ikutloang ka eona ka se nepahetseng le se fosahetseng.

