Atamela ho Jehova
Molimo o u kopa hore u atamele ho eena. Buka ena e tla u bontša hore na Bibele e ka u thusa joang ho etsa joalo.
Selelekela
U ka khona ho theha maqhama a setsoalle le Jehova Molimo a ke keng a senyeha le ka mohla.
KHAOLO EA 1
“Enoa ke Molimo oa Rona”
Ke hobane’ng ha Moshe a ile a botsa Molimo lebitso la hae le hoja a ne a se a ntse a le tseba?
KHAOLO EA 2
Na ka Sebele u ka ‘Atamela ho Molimo’?
Jehova Molimo ’Mopi oa leholimo le lefatše, o re fa memo le tšepiso.
KHAOLO EA 3
“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”
Ke hobane’ng ha Bibele e tšoantša ho halalela le botle?
KAROLO EA 1
“Matla a Hae a Hlollang”
KHAOLO EA 4
“Jehova o Matla Haholo”
Na re lokela ho tšaba Molimo hobane a le matla? Karabo ke e, le che.
KHAOLO EA 5
Matla a ho Bopa—“Ea Entseng Leholimo le Lefatše”
Ha re sheba letsatsi le nonyana e nyenyane joaloka hummingbird, re ka khona ho ithuta lintho tsa bohlokoa ka Molimo.
KHAOLO EA 6
Matla a ho Timetsa—“Jehova ke Mohale ea Matla””
Ho tla joang hore ebe “Molimo oa khotso” oa loana?
KHAOLO EA 7
Matla a ho Sireletsa—“Molimo ke Setšabelo sa Rona”
Jehova o sireletsa bahlanka ba hae ka mekhoa e ’meli empa o mong o bohlokoa ka ho fetisisa.
KHAOLO EA 8
Matla a ho Nchafatsa—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
Jehova o se a ntse a nchafalitse kapa a tsosolositse borapeli ba ’nete. O tla nchafatsa eng kamoso?
KHAOLO EA 9
‘Kreste o Bontša Hore Molimo o Matla’
Mehlolo eo a e entseng le lintho tseo a neng a li ruta li bontša matla a Jehova Molimo joang?
KHAOLO EA 10
“Le Etsise Molimo” ha le Sebelisa Matla a Lona
E ka ’na eaba u na le matla a itseng ao u neng u sa hlokomele hore u na le ’ona. U ka a sebelisa hantle joang?
KAROLO EA 2
“Jehova o Rata Toka”
KHAOLO EA 11
“Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
Ke hobane’ng ha toka ea Molimo e etsa hore re mo rate?
KHAOLO EA 12
“Na re re Molimo ha a na Toka?”
Haeba Jehova o hloile ho hloka toka, ke hobane’ng ha lefatše le tletse ho hloka toka?
KHAOLO EA 13
“Molao oa Jehova o Phethahetse”
Ke ka tsela efe ba fanang ka melao ba ka susumetsoang ke lerato?
KHAOLO EA 14
Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
Thuto e bonolo empa e tebile ka ho lekaneng ho re thusa ho atamela ho Molimo.
KHAOLO EA 15
Jesu o “Tlisitse Toka Lefatšeng”
Ke ka tsela efe Jesu a ileng a etelletsa pele toka ea Molimo nakong e fetileng? O etsa se tšoanang joang hona joale? O tl’o etsang hore ho be le toka nakong e tlang?
KHAOLO EA 16
“U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo
Ho ba le toka ho akarelletsa tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona le tsela eo re ikutloang ka eona ka se nepahetseng le se fosahetseng.
KAROLO EA 3
“O Bohlale”
KHAOLO EA 17
Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
Ke hobane’ng ha ho ka thoe bohlale ba Molimo bo feta hole tsebo ea hae, kutloisiso le temoho?
KHAOLO EA 18
Bohlale bo ka Har’a “Lentsoe la Molimo”
Ke hobane’ng ha Molimo a ile a sebelisa batho ho ngola maikutlo a hae bukeng, hona ke hobane’ng ha lintho tse ling li ngotsoe empa tse ling li sa ngoloa?
KHAOLO EA 19
“Bohlale ba Molimo bo Patiloeng Lekunutung le Halalelang”
Ke lekunutu lefe le halalelang leo Molimo a le senotseng butle-butle?
KHAOLO EA 21
Jesu o Bontšitse Hore “Molimo o Bohlale”
Jesu o ne a ruta hamonate hoo ka letsatsi le leng masole a neng a rometsoe ho ea mo tšoara a ile a khutla a sa mo tšoara.
KHAOLO EA 22
Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
Bibele e hlalosa lintlha tse ’ne tse re thusang ho ba le bohlale bo tsoang ho Molimo.
KAROLO EA 4
“Molimo ke lerato”
KHAOLO EA 24
Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato Leo Molimo a re Bontšitseng Lona’
U se ke oa kholoa leshano la hore ha u ratehe kapa hore Molimo ha a u nke u le oa bohlokoa.
KHAOLO EA 25
‘Molimo o Mohau’
Tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka uena, e tšoana joang le eo ’mè a ikutloang ka eona ka ngoana oa hae?
KHAOLO EA 26
Molimo ea ‘Ikemiselitseng ho Tšoarela’
Haeba Molimo ha a lebale, ho tla joang hore a re leballe liphoso tsa rona ha a re tšoarela?
KHAOLO EA 28
“Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
Le hoja Molimo a tšepahala ka ho phethahetseng, a ka tlohella ho re tšepahalla haeba le rona re sa mo tšepahalle.
KHAOLO EA 29
“Hore le Tsebe Lerato la Kreste”
Likarolo tse tharo tsa lerato la Jesu li bontša lerato la Jehova ka tsela e phethahetseng.
KHAOLO EA 30
“Le ’Ne le Ratane”
Bakorinthe ba Pele e totobatsa litsela tse ngata tseo re ka bontšang lerato ka tsona.
KHAOLO EA 31
“Atamelang ho Molimo ’me o Tla Atamela ho Lona”
U ka ’na oa ipotsa potso efe ea bohlokoa? U tla e araba joang?

