Zakaria 5:1-11

  • Pono ea Botšelela: Moqolo o fofang (1-4)

  • Pono ea Bosupa: Nkho e lekanyang (5-11)

    • Mosali ea ka har’a nkho o bitsoa Bokhopo (8)

    • Nkho e isoa Shinare (9-11)

5  Ka boela ka sheba holimo ’me ka bona moqolo o fofang.  Lengeloi la mpotsa la re: “U bona’ng?” Ka re: “Ke bona moqolo o fofang, o bolelele ba limithara tse ka bang robong* le bophara ba limithara tse ka bang ’nè le halofo.”  La re ho ’na: “Ena ke thohako e eang lefatšeng lohle hobane ka lehlakoreng le leng la moqolo oo ho ngotsoe batho bohle ba utsoang+ empa ba sa fuoa kotlo. Ka lehlakoreng le leng ho ngotsoe batho bohle ba etsang likano+ empa ba sa fuoa kotlo.  Jehova oa mabotho o re, ‘Ke u rometse ’me u tla kena ntlong ea lesholu le ntlong ea motho ea etsang kano ea leshano ka lebitso la ka. U tla lula ntlong eo, u e felise u be u felise mapolanka le majoe a eona.’”  Lengeloi le neng le bua le ’na la tla ho ’na la re: “Ke kopa u shebe holimo u bone hore na ho tsoa’ng.”  Ka le botsa ka re: “Ke eng?” Eaba le re: “Ntho eo e tsoang ke nkho e lekanyang.”* La boela la re: “Ena ke tsela eo batho bohle ba khopo lefatšeng ba shebahalang ka eona.”  Ke ile ka bona sekoahelo se selika-likoe sa loto se phahamisoa ’me ho ne ho e-na le mosali ea lutseng ka har’a nkho eo.  La re: “Mosali enoa o bitsoa Bokhopo.” Eaba o mo khutlisetsa ka har’a nkho e lekanyang. Ka mor’a moo, a e koahela ka sekoahelo se boima sa loto.  Ka sheba holimo eaba ke bona ho tla basali ba babeli, ba fofa moeeng. Ba ne ba e-na le mapheo a kang a mokotatsie eaba ba nyollela nkho eo sepaka-pakeng. 10  Ka botsa lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Ba isa nkho eo hokae?” 11  La re: “Ba e isa naheng ea Shinare*+ hore ba e’o mo hahela ntlo. Ha e se e lokisitsoe, o tla behoa moo sebakeng sa hae se mo loketseng.”

Linaletsana

Ka Seheberu: “bolelele ba litsoe tse 20 le bophara ba litsoe tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “efa,” mona ho buuoa ka nkho kapa baskete e sebelisetsoang ho lekanya efa. Efa e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.
E leng Babilonia.