Zakaria 13:1-9

  • Ho tlosoa litšoantšo tse rapeloang le baprofeta ba bohata (1-6)

    • Baprofeta ba bohata ba tla soaba (4-6)

  • Molisa o tla bolaoa (7-9)

    • Ba setseng ba tla hloekisoa (9)

13  “Letsatsing leo, litloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla chekeloa seliba hore ba hloekisoe sebeng le liketsong tsa bona tse litšila.”+ 2  Jehova oa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng ena+ ’me li ke ke tsa hlola li hopoloa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse lintho tse sa hloekang. 3  Haeba motho a ka boela a profeta, ntate oa hae le ’mè oa hae ba mo tsoetseng ba tla re ho eena, ‘U tla shoa hobane u buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntate oa hae le ’mè oa hae ba mo tsoetseng ba tla mo hlaba hobane a ile a profeta.+ 4  Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla soabela lipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara liaparo tsa boea tse khethehileng+ e le hore ba thetse batho. 5  E mong le e mong oa bona o tla re, ‘ ’Na ha ke moprofeta. Ke molemi feela. Ke ile ka rekoa ke monna e mong ke sa le mocha.’ 6  Ha motho e mong a ka mo botsa a re, ‘Maqeba aa a pakeng tsa mahetla a hao* ke a eng?’ O tla re, ‘Ke ile ka otloa ka tlung ea metsoalle ea ka.’”*  7  Jehova oa mabotho o re, “Uena sabole, hlasela molisa oa ka,+O hlasele motho eo ke tloaelaneng le eena. Otla molisa,+ linku* li qhalane.+ Ke tla khalemela ba nkoang e se ba bohlokoa.”  8  Jehova o re, “Naheng eohle,Batho ba bangata ba tla bolaoa ’me ba felisoe. Ke ba ’maloa feela ba tla sala ho eona.  9  Ba setseng, ke tla ba fetisa mollong,Ke ba hloekise joalokaha ho hloekisoa sileveraKe be ke ba hlahlobe joalokaha ho hlahlojoa khauta.+ Ba tla bitsa lebitso la ka’Me ke tla ba araba. Ke tla re, ‘Ke batho ba ka,’+Bona ba tla re, ‘Jehova ke Molimo oa rona.’”

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “pakeng tsa matsoho a hao?” E leng sefubeng kapa ka mokokotlong.
^ Kapa: “ba nthatang.”
^ Kapa: “mohlape.”