Jonase 3:1-10

  • Jonase o mamela Jehova ’me o ea Ninive (1-4)

  • Baninive baa baka ha ba utloa molaetsa oa Jonase (5-9)

  • Molimo o etsa qeto ea hore a ke ke a felisa motse oa Ninive (10)

3  Jonase a utloa Jehova ka lekhetlo la bobeli a re:+ 2  “Ema, u ee Ninive+ motseng o moholo ’me u phatlalatse molaetsa oo ke u bolellang oona.” 3  Jonase a ema ’me a ea Ninive+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.+ Joale Ninive e ne e le motse o moholo,* o ka tsamauoang ka maoto matsatsi a mararo. 4  Kahoo, Jonase a kena motseng. Eitse ha a se a tsamaile sebaka se ka etsang letsatsi le le leng, a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a 40 feela, Ninive e tla felisoa.” 5  Batho ba Ninive ba ile ba lumela ho Molimo+ eaba ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo ’me ho aparoe lesela le hoashang,* ho tloha ho e moholo ho ea ho e monyenyane. 6  Ha morena oa Ninive a utloa molaetsa, a ema teroneng ea hae ’me a hlobola seaparo sa hae sa borena eaba o apara lesela le hoashang* ’me o lula fatše moloreng. 7  Ho feta moo, a laela hore motseng oohle oa Ninive ho phatlalatsoe ho thoe:“Ho ea ka taelo ea morena le matona a hae, ha ho motho ea lokelang ho ja lijo kapa ho noa metsi. Hape ha ho mohlape kapa liphoofolo tse lokelang ho ja lijo kapa ho noa metsi. 8  Batho le liphoofolo ba ke ba apare lesela le hoashang.* Bohle ba ke ba ipiletse ho Molimo ’me ba tlohele liketso tsa bona tse khopo le ho loana. 9  Ho tseba mang? Mohlomong Molimo oa ’nete a ka hauha ’me a kokobela bohale hore re se ke ra shoa.” 10  Ha Molimo oa ’nete a bona seo ba se entseng le hore ba tlohetse liketso tsa bona tse khopo,+ ha aa ka a ba felisa joalokaha a ne a boletse.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “motse o moholo ho Molimo.”