Jonase 2:1-10
2 Jonase a rapela Jehova Molimo oa hae a le ka mpeng ea tlhapi+
2 a re:
“Ke ile ka hoeletsa ho uena Jehova ke le mahlomoleng ’me oa nkaraba.+
Ka hoeletsa ho kopa thuso ke le tlase ka har’a* Lebitla.*+
U ile oa utloa lentsoe la ka.
3 Ha u ntahlela tlase botebong ba leoatle,Metsi a ile a nkoahela.+
Metsi le maqhubu ’ohle a hao a ile a feta ka holim’a ka.+
4 Eaba ke re, ‘U ntahletse hole le uena!
Na ke tla boela ke bone tempele ea hao e halalelang?’
5 Metsi a ile a nkoahela ’me bophelo ba ka ba e-ba kotsing,+Ka tebela tlase leoatleng.
Litlama-tlama tsa nthatela hloohong.
6 Ka tebela tlase metsong ea lithaba.
Mamati a lebitla* a nkoallela ruri.
Empa oa ’nyolla lebitleng* ke ntse ke phela, Jehova Molimo oa ka.+
7 Ha ke ne ke le makhatheng a lefu, Jehova ke eena eo ke ileng ka mo hopola.+
Eaba thapelo ea ka e fihla ho uena tempeleng ea hao e halalelang.+
8 Ba rapelang litšoantšo ba furalla mohloli oa lerato.*
9 Empa ha e le ’na, ke tla u leboha ke be ke u etsetse sehlabelo.
Ke tla phetha likano tsa ka.+
Jehova ke eena feela Mopholosi.”+
10 Ka mor’a nako, Jehova a laela tlhapi hore e hlatsetse Jonase lebopong la leoatle.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “ka mpeng ea.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “lefatše.”
^ Ka Seheberu: “lefatše.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa mohlomong: “ba khaotsa ho tšepahala.”

