Lengolo la Bobeli le Eang ho Bakorinthe 3:1-18

  • Mangolo a re buellang (1-3)

  • Basebeletsi ba selekane se secha (4-6)

  • Selekane se secha se fumana khanya e kholo le ho feta (7-18)

3  Na ho hlokahala hore re itlhalose hore na re bo-mang hape? Kapa na re hloka mangolo a re buellang joalokaha ba bang le bona ba a hloka? Kapa na lona le lokela ho re ngolla mangolo ao? 2  Lona ka bolona le mangolo a rona+ a ngotsoeng lipelong tsa rona ’me a tsejoa ke batho bohle ebile baa a bala. 3  Ho hlakile hore le mangolo a Kreste a ngotsoeng ke rona basebeletsi ba Molimo,+ a ngotsoeng ka moea oa Molimo ea phelang eseng ka enke. A ngotsoe lipelong+ eseng matlapeng.+ 4  Re bua lintho tsena ka kholiseho ka pel’a Molimo ka lebaka la Kreste. 5  Ha re bolele hore re khona ho etsa mosebetsi ona ka borona empa ke Molimo ea re thusang hore re o etse.+ 6  Ke eena ea re thusang hore re be basebeletsi ba selekane se secha+ le ba moea o halalelang eseng ba molao o ngotsoeng+ hobane molao o ngotsoeng o tlisa lefu+ empa moea o halalelang o fana ka bophelo.+ 7  Molao o tlisang lefu le o ngotsoeng matlapeng+ o tlile ka khanya e kholo hoo Baiseraele ba neng ba sitoa ho sheba sefahleho sa Moshe hobane se ne se khanya haholo+ empa khanya eo e ne e tl’o felisoa. 8  Na moea o halalelang+ o ke ke oa fanoa ka khanya e fetang?+ 9  Haeba molao o tlisang bomalimabe+ o ne o khanya haholo,+ mosebetsi o tlisang ho loka o tla khanya le ho feta.+ 10  Ha e le hantle, khanya ea molao ha se letho ha e bapisoa le khanya ea selekane se secha.+ 11  Haeba molao o ngotsoeng o ileng oa felisoa o tlile ka khanya e kholo,+ selekane se secha se ntseng se le teng se tla fumana khanya e kholo le ho feta.+ 12  Kaha re na le tšepo eo,+ re bua ka bolokolohi. 13  Hape ha re etse seo Moshe a ileng a se etsa ha a ne a ikoahela sefahleho ka lesira+ e le hore bara ba Iseraele ba se ke ba bona khanya ea molao o neng o tl’o felisoa. 14  Empa ba ne ba sa khone ho utloisisa.+ Ho tla fihlela letsatsing lena, ha ba khone ho utloisisa ha selekane sa khale se baloa+ hobane ekare ba koahetsoe ka lesira. Lesira leo le ka tlosoa feela ka thuso ea Kreste.+ 15  Lipelo tsa bona li ntse li koahetsoe ka lesira le kajeno.+ Kahoo, ha ba utloisise mangolo a Moshe.+ 16  Empa ha motho a fetola mekhoa ea hae e le hore a sebeletse Jehova,* lesira leo lea tlosoa.+ 17  Jehova* ke Moea,+ moo moea oa Jehova* o leng teng, ho na le tokoloho.+ 18  Rona kaofela ba tlositseng lesira lifahlehong tsa rona, re tšoana le liipone tse bontšang khanya ea Jehova.* Re etsoa hore re tšoane le Molimo e le hore re bonahatse khanya ea hae le ho feta joalokaha Jehova* eo e leng Moea* a batla.+

Linaletsana

^ Kapa mohlomong: “moea oa Jehova.”