Nehemia 11:1-36

11  Joale likhosana+ tsa sechaba li ne li lula Jerusalema;+ empa ha e le batho ba bang kaofela, ba ile ba lahla lotho+ e le ho tlisa a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a lule Jerusalema motseng o halalelang,+ le likarolong tse ling tse robong metseng e meng. 2  Ho feta moo, batho ba ile ba hlohonolofatsa+ banna bohle ba ileng ba ithaopela+ ho lula Jerusalema. 3  Tsena ke lihlooho tsa profinse+ tse neng li lula Jerusalema;+ empa metseng ea Juda ho ne ho lula Baiseraele,+ baprista+ le Balevi,+ le Banethinime+ le bara ba bahlanka ba Solomone,+ e mong le e mong a lula setšeng sa hae, metseng ea bona.+ 4  Hape, Jerusalema ho ne ho lula ba bang ba bara ba Juda le ba bang ba bara ba Benjamine.+ Ho bara ba Juda ho ne ho e-na le Athaia mora oa Uzia mora oa Zakaria mora oa Amaria mora oa Shefatia mora oa Mahalalele oa bara ba Pereze;+ 5  Maseia mora oa Baruke mora oa Kolekoze mora oa Hazaia mora oa Adaia mora oa Jojaribe mora oa Zakaria mora oa Moshela. 6  Bara bohle ba Pereze ba neng ba lula Jerusalema ba ne ba le makholo a mane le mashome a tšeletseng a metso e robeli, banna ba nang le bokhoni. 7  Bana e ne e le bara ba Benjamine:+ Salu mora oa Meshulame+ mora oa Joede mora oa Pedaia mora oa Kolaia mora oa Maseia mora oa Ithiele mora oa Jeshaia; 8  ka mor’a hae Gabai le Salai, makholo a robong le mashome a mabeli a metso e robeli; 9  Joele mora oa Zikri, molebeli oa bona, le Juda mora oa Hasenua holim ’a motse e le oa bobeli. 10  Ho baprista: Jedaia mora oa Jojaribe,+ Jakine,+ 11  Seraia mora oa Hilkia mora oa Meshulame+ mora oa Tsadoke+ mora oa Merajothe mora oa Ahitube,+ moeta-pele oa ntlo ea Molimo oa ’nete; 12  barab’abo bona ba etsang mosebetsi oa ntlo,+ makholo a robeli le mashome a mabeli a metso e ’meli; Adaia mora oa Jerohame+ mora oa Pelalia mora oa Amzi mora oa Zakaria mora oa Pashkure+ mora oa Malkija,+ 13  le barab’abo, lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona,+ makholo a mabeli le mashome a mane a metso e ’meli, le Amashesai mora oa Azarele mora oa Ahazai mora oa Meshilemothe mora oa Imere, 14  le barab’abo bona, banna ba matla ba sebete,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e robeli, ’me ho ne ho e-na le molebeli+ oa bona, Zabdiele mora oa ba baholo. 15  Le ho Balevi:+ Shemaia mora oa Hashube mora oa Azrikame mora oa Hashabia+ mora oa Buni, 16  le Shabthai+ le Jozabade,+ ba lihlooho tsa Balevi, holim ’a mosebetsi o ka ntle oa ntlo ea Molimo oa ’nete; 17  Matania,+ mora oa Mikea mora oa Zabdi mora oa Asafe,+ motsamaisi oa ho binoa ha lithoriso,+ o ne a roka thapelong,+ ’me Bakebukia e ne e le oa bobeli ho barab’abo, le Abda mora oa Shamua mora oa Galale+ mora oa Jeduthune.+ 18  Balevi bohle motseng+ o halalelang ba ne ba le makholo a mabeli le mashome a robeli a metso e mene. 19  Balebeli ba liheke+ e ne e le Akube, Talmone+ le barab’abo bona ba neng ba lebela lihekeng,+ lekholo le mashome a supileng a metso e ’meli. 20  Ba bang kaofela ho Iseraele, ho baprista le ho Balevi, ba ne ba le metseng e meng eohle ea Juda, e mong le e mong lefeng la hae.+ 21  Banethinime+ ba ne ba lula Ofele;+ Ziha le Gishpa ba ne ba okametse Banethinime. 22  Molebeli+ oa Balevi Jerusalema e ne e le Uzi mora oa Bani mora oa Hashabia mora oa Matania+ mora oa Mika+ oa bara ba Asafe,+ libini,+ malebana le mosebetsi oa ntlo ea Molimo oa ’nete. 23  Etsoe ho ne ho e-na le taelo ea morena bakeng sa bona,+ ’me ho e-na le tokisetso e tsitsitseng bakeng sa libini kamoo letsatsi ka leng le neng le hloka kateng.+ 24  Pethahia mora oa Meshezabele oa bara ba Zera mora oa Juda o ne a le ka lehlakoreng la morena bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba. 25  Mabapi le metsana+ linaheng tsa bona, ho ne ho e-na le ba bang ba bara ba Juda ba neng ba lula Kiriathe-arba+ le metseng e itšetlehileng ka eona le Dibone le metseng e itšetlehileng ka eona le Jekabezele+ le metsaneng ea eona, 26  le Jeshua le Molada+ le Bethe-pelete+ 27  le Hazare-shuale+ le Beerseba+ le metseng e itšetlehileng ka eona 28  le Ziklage+ le Mekona le metseng e itšetlehileng ka eona 29  le Ene-rimone+ le Zora+ le Jarmuthe,+ 30  Zanooa,+ Adulame+ le metsaneng ea eona, Lakishe+ le masimong a eona, Azeka+ le metseng e itšetlehileng ka eona. Ba hloma liahelo ho tloha Beerseba ho ea fihla phuleng ea Hinome.+ 31  Bara ba Benjamine ba ne ba le ho tloha Geba,+ Mikmashe+ le Aija+ le Bethele+ le metseng e itšetlehileng ka eona, 32  Anathothe,+ Nobe,+ Anania, 33  Hazore, Rama,+ Gitaime,+ 34  Hadide, Zeboime, Nebalate, 35  Lode+ le Ono,+ phuleng ea litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. 36  Ho Balevi ho ne ho e-na le lihlopha tsa Juda bakeng sa Benjamine.

Linaletsana