Nehemia 10:1-39
10 Joale ba ileng ba paka ka tiiso+ ke:
Nehemia+ Tirshatha,+ mora oa Hakalia,+Le Tsedekia,
2 Seraia,+ Azaria, Jeremia,
3 Pashkure, Amaria, Malkija,
4 Hatushe, Shebania, Maluke,
5 Harime,+ Meremothe, Obadia,
6 Daniele,+ Ginethone, Baruke,
7 Meshulame, Abija, Mijamine,
8 Mazia, Bilgai le Shemaia, bana e le baprista.
9 Le Balevi: Jeshua+ mora oa Azania, Binui oa bara ba Henadade,+ Kadmiele
10 le barab’abo bona Shebania,+ Hodia, Kelita, Pelaia, Hanane,
11 Mika, Rehobe, Hashabia,
12 Zakure, Sherebia,+ Shebania,
13 Hodia, Bani le Beninu.
14 Lihlooho tsa sechaba: Paroshe, Pahathe-moabe,+ Elame, Zatu, Bani,
15 Buni, Azgade, Bebai,
16 Adonija, Bigvai, Adine,
17 Atere, Ezekiase, Azure,
18 Hodia, Hashume, Bezai,
19 Harife, Anathothe, Nebai,
20 Magpiashe, Meshulame, Hezire,
21 Meshezabele, Tsadoke, Jadua,
22 Pelatia, Hanane, Anaia,
23 Hoshea, Hanania, Hashube,
24 Haloheshe, Pilha, Shobeke,
25 Rehume, Hashabna, Maseia,
26 le Akija, Hanane, Anane,
27 Maluke, Harime, Baana.
28 Ha e le batho ba bang kaofela, baprista,+ Balevi,+ balebeli ba liheke,+ libini,+ Banethinime+ le e mong le e mong ea ikarolang ho lichaba tsa linaha+ ho ea molaong+ oa Molimo oa ’nete, basali ba bona, bara ba bona le barali ba bona, e mong le e mong ea nang le tsebo le kutloisiso,+
29 ba ne ba khomarela barab’abo bona,+ ba hlomphehang ba bona,+ ’me ba kena tlamong ea bomalimabe+ le kanong,+ ho tsamaea molaong oa Molimo oa ’nete, o neng o fanoe ka letsoho la Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete,+ le ho boloka+ le ho phetha litaelo tsohle tsa Jehova Morena oa rōna+ le liqeto tsa hae tsa boahloli le melao ea hae ea tsamaiso;+
30 le hore re se ke ra fana ka barali ba rōna ho lichaba tsa naha, ’me barali ba tsona re se ke ra ba nkela bara ba rōna.+
31 Ha e le lichaba tsa naha+ tse neng li tlisa thepa le lijo-thollo tsa mofuta o mong le o mong ka letsatsi la sabatha ho rekisa, ha rea lokela ho nka letho ho tsona ka sabatha+ kapa ka letsatsi le halalelang,+ ’me re lokela ho tlohela selemo sa bosupa+ le molato oa letsoho le leng le le leng.+
32 Hape, ra itlama ka litaelo tsa ho fana, e mong le e mong oa rōna, ka karolo ea boraro ea shekele selemo le selemo bakeng sa tšebeletso ea ntlo ea Molimo oa rōna,+
33 bakeng sa bohobe bo kolohantsoeng+ le nyehelo ea lijo-thollo ea kamehla+ le nyehelo ea secheso ea kamehla ea lisabatha,+ likhoeli tse thoasitseng,+ bakeng sa mekete e behiloeng+ le bakeng sa lintho tse halalelang+ le bakeng sa linyehelo tsa libe+ ho koahela libe bakeng sa Iseraele le mosebetsi oohle oa ntlo ea Molimo oa rōna.+
34 Hape, ra lahla lotho+ malebana le phepelo ea patsi+ eo baprista, Balevi le batho ba lokelang ho e tlisa ntlong ea Molimo oa rōna, ka ntlo ea baholo-holo ba rōna, ka linako tse behiloeng, selemo le selemo, ho e chesa holim ’a aletare ea Jehova Molimo oa rōna,+ ho ea ka se ngotsoeng molaong;+
35 le ho tlisa litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa naha ea rōna+ le litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa litholoana tsohle tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, selemo le selemo, ntlong ea Jehova;
36 le matsibolo+ a bara ba rōna le a liphoofolo tsa rōna tse ruuoang,+ ho ea ka se ngotsoeng molaong,+ le matsibolo a mehlape ea rōna ea liphoofolo tse khōlō le a mehlape ea rōna ea likhutšoane,+ ho a tlisa ntlong ea Molimo oa rōna, ho baprista ba neng ba sebeletsa ka tlung ea Molimo oa rōna.+
37 Hape, re lokela ho tlisa litholoana tsa pele tsa lithollo tsa rōna tse haitsoeng+ le menehelo ea rōna+ le litholoana tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, veine e ncha+ le oli+ ho baprista liholong tsa ho jela+ tsa ntlo ea Molimo oa rōna, le karolo ea leshome e tsoang mobung oa rōna ho Balevi,+ kaha Balevi, ke bona ba amohelang karolo ea leshome metseng eohle ea rōna ea temo.
38 Moprista, mora oa Arone, o tla ba le Balevi ha Balevi ba amohela karolo ea leshome; Balevi ba lokela ho nyehela karolo ea leshome ea karolo ea leshome ntlong ea Molimo oa rōna+ liholong tsa ho jela+ tsa ntlo ea phepelo.
39 Etsoe bara ba Iseraele le bara ba Balevi ba lokela ho tlisa monehelo+ oa lijo-thollo, veine e ncha+ le oli, liholong tsa ho jela, ke moo ho neng ho e-na le lisebelisoa tsa sehalalelo le baprista ba neng ba sebeletsa,+ le balebeli ba liheke+ le libini;+ ha rea lokela ho hlokomoloha ntlo ea Molimo oa rōna.+

