Mareka 9:1-50

9  Ho feta moo, a tsoela pele ho re ho bona: “Kannete ke re ho lōna, Ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona ’muso oa Molimo o se o tlile ka matla.”+  Tumellanong le hoo matsatsi a tšeletseng hamorao Jesu a nka Petrose le Jakobo le Johanne, ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang. A fetoha sebōpeho ka pel’a bona,+  le liaparo tsa hae tsa ka ntle tsa phatsima, tsa e-ba tšoeu haholo ho feta kamoo mohloekisi leha e le ofe oa liaparo lefatšeng a neng a ka li soeufatsa kateng.+  Hape, Elia le Moshe ba bonahala ho bona, ’me ba ne ba buisana le Jesu.+  Eaba Petrose o re ho Jesu: “Rabi, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia.”+  Ha e le hantle, o ne a sa tsebe hore na o lokela ho re’ng, kaha ba ile ba tšoha haholo.  ’Me leru la bōpeha, la ba koahela, eaba lentsoe+ le tsoa lerung: “Enoa ke Mora+ oa ka, ea ratoang; mo mameleng.”+  Leha ho le joalo, ka tšohanyetso ba qamaka ’me ha ho eo ba ileng ba mo bona a e-na le bona, haese Jesu a le mong.+  Ha ba ntse ba theoha thabeng, a ba laela ka ho hlaka hore ba se ke ba phetela+ mang kapa mang seo ba ileng ba se bona, ho fihlela Mor’a motho a tsohile bafung.+ 10  Ba tebisetsa lentsoe leo pelong, empa ba buisana har’a bona hore na ho tsoha bafung hona ho ne ho bolela’ng. 11  Ba qala ho mo botsa, ba re: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Elia+ o tla tla pele?”+ 12  A re ho bona: “Elia o tla pele ’me o tsosolosa lintho tsohle;+ empa ho tla joang hore ebe ho ngoliloe mabapi le Mor’a motho hore o tla feta litlhokofatsong+ tse ngata le ho tšoaroa joaloka eo e seng oa bohlokoa?+ 13  Empa ke re ho lōna, Elia,+ ha e le hantle, o tlile, ’me ba ile ba mo etsa lintho tse ngata kamoo ba neng ba batla kateng, feela joalokaha ho ngoliloe mabapi le eena.”+ 14  Joale, ha ba tla ba lebile barutuoa ba bang, ba hlokomela bongata bo boholo bo ba potolohile le bangoli ba phehisana le bona.+ 15  Empa hang ha bongata kaofela bo re heli! ’me bo mo bona ba tsieleha, ’me, ha bo mathela ho eena, ba qala ho mo lumelisa. 16  Eaba oa ba botsa: “Ke eng eo le phehisanang le bona ka eona?” 17  Eaba e mong oa bongata oa mo araba: “Mosuoe, ke tlisitse mora oa ka ho uena hobane o na le moea+ o sa khoneng ho bua; 18  kae kapa kae moo o mo tšoarang teng o mo tabanya fatše, ’me o khethetsa makoeba o tsikitlanya meno ’me o felloa ke matla. Ke ile ka bolella barutuoa ba hao hore ba o leleke, empa ha baa ka ba khona.”+ 19  Ha a arabela a re ho bona: “Lōna moloko+ o se nang tumelo, ke tla lula le lōna halelele hakae? Ke tla le mamella halelele hakae? Mo tlise ho ’na.”+ 20  Kahoo ba mo tlisa ho eena. Empa ha moea o mo bona hang-hang oa tsitsipanya ngoana eo, ’me ka mor’a hore a oele fatše a ’na a pitika, a khethetsa makoeba.+ 21  Eaba o botsa ntat’ae: “Ke nako e kae see se ntse se etsahala ho eena?” A re: “Ho tloha bongoaneng; 22  ’me nako le nako o ne o mo lahlela mollong le ka metsing ho mo timetsa.+ Empa haeba ho na le seo u ka se etsang, re hauhele ’me u re thuse.” 23  Jesu a re ho eena: “Polelo eo, ‘Haeba u ka’! Ka sebele, lintho tsohle li ka etsahala ho motho haeba motho a e-na le tumelo.”+ 24  Kapele-pele ha a hoeletsa, ntate oa ngoana eo e monyenyane o ne a re: “Ke na le tumelo! Nthuse moo ke hlokang tumelo!”+ 25  Joale Jesu, ka ho hlokomela hore bongata bo ne bo subuhlellana holim ’a bona, a khalemela+ moea oo o sa hloekang ka matla, a re ho oona: “Uena moea o sa khoneng ho bua le o sa utloeng litsebeng, kea u laela, tsoa ho eena ’me u se ke ua hlola u kena ho eena.” 26  Eaba ka mor’a ho hoeletsa le ho tsitsipana hangata oa tsoa;+ ’me a ba joalokaha eka o shoele, hoo ba bangata ho bona ba neng ba re: “O shoele!” 27  Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho ’me a mo phahamisa, eaba oa ema.+ 28  Kahoo ka mor’a hore a kene ka tlung barutuoa ba hae ba qala ho mo botsa boinotšing: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho o leleka?”+ 29  Eaba o re ho bona: “Mofuta ona o ke ke oa tsoa ka ntho leha e le efe haese ka thapelo.”+ 30  Ba tloha moo ’me ba tsamaea ho pholletsa le Galilea, empa o ne a sa batle hore leha e le mang a ho tsebe. 31  Etsoe o ne a ruta barutuoa ba hae ’me a ba bolella: “Mor’a motho ho tla nehelanoa ka eena matsohong a batho, ’me ba tla mo bolaea,+ empa, ho sa tsotellehe ho bolaoa, o tla tsoha matsatsi a mararo hamorao.”+ 32  Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise polelo eo, ’me ba ne ba tšaba ho mo botsa.+ 33  Ba kena Kapernauma. Joale ha a le ka har’a ntlo a ba botsa potso ena: “Le ne le phehisana ka’ng tseleng?”+ 34  Ba khutsa, kaha tseleng ba ne ba phehisane har’a bona hore na e moholo ke mang.+ 35  Kahoo a lula fatše ’me a bitsa ba leshome le metso e ’meli eaba o re ho bona: “Haeba leha e le mang a batla ho ba oa pele, e tla ba oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.”+ 36  A nka ngoana e monyenyane, a mo emisa har’a bona ’me a mo kopa ka matsoho eaba o re ho bona:+ 37  “Mang kapa mang ea amohelang e mong oa bana ba banyenyane tjena ka lebitso la ka, oa nkamohela; ’me mang kapa mang ea nkamohelang, ha a amohele ’na feela, empa o amohela le ea nthomileng.”+ 38  Johanne a re ho eena: “Mosuoe, re ile ra bona monna ea itseng a leleka bademona a sebelisa lebitso la hao ’me ra leka ho mo thibela,+ hobane o ne a sa tsamaee le rōna.”+ 39  Empa Jesu a re: “Le se ke la leka ho mo thibela, etsoe ha ho ea tla etsa mosebetsi o matla ka lebitso la ka eo kapele a tla khona ho ntlhapaola;+ 40  kaha ea seng khahlanong le rōna o eme le rōna.+ 41  Etsoe mang kapa mang ea le fang senoelo+ sa metsi hore le noe ka lebaka la hore le ba Kreste,+ kannete kea le bolella, ho hang a ke ke a lahleheloa ke moputso oa hae. 42  Empa mang kapa mang ea khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba lumelang, ho ne ho tla ba molemo haeba leloala le kang le sothoang ke esele le ne le ka tlamelloa molaleng oa hae ’me a lahleloa ka leoatleng.+ 43  “Haeba letsoho la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole; ho molemo hore u kene bophelong u qhoalile ho e-na le hore u kene Gehena, mollong o ke keng oa tingoa, u e-na le matsoho a mabeli.+ 44  —— 45  Haeba leoto la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole; ho molemo hore u kene bophelong u holofetse+ ho e-na le hore u lahleloe Gehena u e-na le maoto a mabeli.+ 46  —— 47  Haeba leihlo la hao le etsa hore u khoptjoe, u le lahlele hōle;+ ho molemo hore u kene ’musong oa Molimo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le hore u lahleloe Gehena,+ u e-na le mahlo a mabeli, 48  moo tšenyane ea bona e sa shoeng le mollo o sa tingoeng.+ 49  “Etsoe e mong le e mong o lokela ho nōkoa+ ka mollo. 50  Letsoai le letle; empa haeba letsoai le lahleheloa ke matla a lona, le tla le nōka ka’ng?+ Le be le letsoai+ ka ho lōna, ’me le boloke khotso+ mahareng a lōna.”

Linaletsana