Esaia 2:1-22
2 Ntho eo Esaia mora oa Amoze a ileng a e bona mabapi le Juda le Jerusalema:+
2 Karolong e qetellang ea matsatsi+ thaba ea ntlo+ ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim ’a litlhōrō tsa lithaba,+ ’me ka sebele e tla phahamela maralla;+ lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+
3 Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: “Tloong,+ ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”+ Etsoe molao o tla tsoa Sione, ’me lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+
4 Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba+ ’me a lokise litaba+ lichabeng tse ngata.+ Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.+ Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
5 Lōna ba ntlo ea Jakobo, tloong re tsamaeeng leseling la Jehova.+
6 Etsoe u furaletse batho ba hao, ntlo ea Jakobo.+ Kaha ba tletse se tsoang Bochabela,+ ’me ba sebelisa boselamose+ joaloka Bafilista, ’me ba atetsoe ke bana ba basele.+
7 Naha ea bona e tletse silevera le khauta, ’me matlotlo a bona ha a lekanngoe.+ Naha ea bona e tletse lipere, ’me likoloi tsa bona ha li lekanngoe.+
8 Naha ea bona e tletse melimo ea lefeela.+ Ba inamela mosebetsi oa matsoho a motho, o entsoeng ke menoana ea hae.+
9 Motho oa lefatše oa inama, ’me motho oa kokobela, ’me u ke ke ua khona ho ba tšoarela.+
10 Kena ka lefikeng ’me u ipate lerōleng ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova, le bophahamo ba hae bo botle haholo.+
11 Mahlo a ikhohomosang a motho oa lefatše a tla kokobela, ’me bophahamo ba batho bo tla kokobela;+ ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.+
12 Etsoe ke letsatsi la Jehova oa mabotho.+ Le ho e mong le e mong ea iphahamisang le ea phahameng le e mong le e mong ea phahamisitsoeng kapa ea tlaase;+
13 le ho likedare tsohle tsa Lebanone+ tse holimo le tse phahameng le ho lifate tsohle tsa litonanahali tsa Bashane;+
14 le ho lithaba tsohle tse phahameng le ho maralla ’ohle a phahameng;+
15 le ho tora e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng le ho lerako le leng le le leng le etselitsoeng qhobosheane;+
16 le ho likepe tsohle tsa Tarshishe+ le ho likepe tsohle tse lakatsehang.
17 Boikhohomoso ba motho oa lefatše bo tla kokobela, le ho iphahamisa ha batho ho tla kokobela;+ ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.+
18 Melimo ea lefeela e tla timela ka ho feletseng.+
19 Batho ba tla kena ka mahaheng a mafika le ka mekoting ea lefatše ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova le bophahamo+ ba hae bo botle haholo, ha a phahama hore lefatše le harohe letsoalo.+
20 Ka letsatsi leo motho oa lefatše o tla lahla melimo ea hae e se nang thuso ea silevera le melimo ea hae ea lefeela ea khauta eo ba neng ba mo etselitse eona hore a inamele litali le bo-’mankhane,+
21 e le hore a kene ka mekoting ea mafika le mafarung a mafika, ka lebaka la ho tšabeha ha Jehova le bophahamo+ ba hae bo botle haholo, ha a phahama hore lefatše le harohe letsoalo.
22 Molemong oa lōna, tlohelang motho oa lefatše, eo phefumoloho ea hae e leng linkong+ tsa hae, etsoe a ka eloa hloko motheong oa eng?+

